Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 10/1 maq. 26-30
  • Ke Bone Hore Jehova o Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bone Hore Jehova o Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeletso ea Nako e Tletseng
  • Khanyetso Nakong ea Moea oa Ntoa
  • Gileade le Kabelo Naheng Esele
  • Ho Sebetsa Tlas’a Thibelo
  • Ho Sebeletsa Puerto Rico
  • Ke Bone “e Monyenyane” a Fetoha “Sechaba se Sengata”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Batla ’Muso Pele—Ho Etsa Hore Bophelo e be bo Sireletsehileng le bo Monate
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Kamoo ho Fana ho Ntliselitseng Thabo Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 10/1 maq. 26-30

Ke Bone Hore Jehova o Molemo

Kamoo ho boletseng Lennart Johnson

KA SONTAHA sa la 26 Phupu, 1931, mookameli oa bobeli oa Watch Tower Bible and Tract Society, J. F. Rutherford, o ile a fana ka puo “’Muso, Tšepo ea Lefatše” holong e khōlō ea Columbus, Ohio. Lelapa leso le neng le le Rockford, Illinois, le ne le e mametse ka seea-le-moea. Ke ne ke le lilemo li 14 feela, empa lenaneo lena e ile eaka le tlosa lesira le leholo mahlong a ka.

Le hoja ntate a ne a thahasella molaetsa oa ’Muso, ’me hamorao o ile oa thahaselloa ke ngoan’eso oa moshemane, kamehla ’mè eena o ne a sa thahaselle. Ntate o ile a shoa ka selemo se hlahlamang, ka 1932. Liphatlalatso tse ling tsa Watch Tower li ’nile tsa mphepa moeeng, empa ha ea ba ho fihlela ka ’Mesa 1933 moo ke ileng ka fumana sebaka moo Lipaki tsa Jehova li kopanelang teng, lik’hilomithara hōle ka mose ho nōka.

Ebile thabo e kaakang ho sehlotšoana se moo ho bona mocha e mosesaane a palame baesekele ho ea sebokeng sa sona bakeng sa thuto ho Buka ea Bobeli ea Vindication! Sebokeng se seng le se seng, ke ’nile ka ithuta ho eketsehileng ’me likhoeli tse peli hamorao ke ile ka thabela ho qala ho ea ka ntlo le ntlo ka molaetsa oa ’Muso. Ke ile ka kolobetsoa kopanong ea potoloho hona selemong seo.

Kamorao ho sekolo tsatsi le leng le le leng, ke ne ke ee ke qete hora kapa nako e isang hona moo ke etela baahelani ka molaetsa oa ’Muso sebakeng se pota-potileng lapeng heso. Ke boetse ka ba le monyetla oa ho paka sekolong. Ka mohlala, thuto e ’ngoe e ile ea pheta khopolo ea mollo oa lihele le tlhokofatso. Hona ho ile ha ntšusumelletsa ho fana ka bopaki ba Mangolo ba hore bafu ha ba utloe bohloko empa, ho e-na le hoo, ha ba ikutloe ’me ba mabitleng a bona ka tebello ea tsoho. Tichere ea ntumella hore ke bale moqoqo oa ka o molelele ka pel’a sehlopha kaofela.

Tšebeletso ea Nako e Tletseng

Ka Motšeanong 1935, ke ile ka ba teng kopanong ea Washington, D.C., moo bopula-maliboho (tšebeletso ea nako e tletseng) bo ileng ba hatisoa. Ha ke khutlela hae, ke ile ka ngolla Mokhatlo oa Watch Tower, ’me ha baa ka ba romela feela lenane la masimo a teng empa hape, ho makaleng ha ka, ba kenya lipolane tse ’maloa tsa ho haha ntlo-koloi. Mehleng eo bopula-maliboho hangata bo ne bo bolela ho ea libakeng tse ncha, ’me ntlo-koloi e ne e fana ka sebaka seo motho a ka phelang ho sona. Ka hona ka sebeletsa ho fumana koloi le ntlo-koloi e le hore nka phehella tšebeletso ea nako e tletseng.

Khabareng, ke ile ka ba e mong oa ba sebelisang koloi e nang le sebuela-hōle eo phutheho ea rōna e neng e e reketse ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso. Ha ’na le moena e mong re memeloa ho ea Monroe, Wisconsin, ho ea e sebelisa, ke ile ka kopana le Virginia Ellis ’me kamorao ho moo ka potlakela ho mo nyala. Joale re ne re ka sebetsa hammoho hore re fumane koloi le ntlo-koloi tseo re ka li sebelisang mosebetsing oa bopula-maliboho!

’Mè a shoa hoetla ka 1938, ’me hoo e ka bang ka nako eo Harold Woodworth a re ngolla a le New Mexico: “Tlong koano; tlhokahalo e khōlō.” Eaba re leba New Mexico, e neng e le leeto la lik’hilomithara tse 1 600 ka koloi. Ha re le sebakeng se seng tseleng ra fumana mohala. O re phehella, “Khutlelang hae.” Ke ne ke filoe mosebetsi o lefang hantle ka menyetla e metle haholo ea ho tsoela pele. Ka tabola mohala oo. Haeba Jehova a ne a re thusitse hore re lokisetse bopula-maliboho, ke ne nke ke ka lumella eng kapa eng ho khathatsana le bona!

Re ile ra qala tšebeletso ea rōna ea ho bula maliboho mathokong a Hobbs, New Mexico, ka Tlhakubele 1939. Ena e ne e le naha ea mehlape ea likhomo; hape ho ne ho e-na le merafo e mengata e mecha ea oli e neng e ka eteloa sebakeng sena. Phutheho e nyenyane e ne e tšoara liboka ka Labohlano le Sontaha, ka hona re ne re ee re ee le lingoliloeng, metsi, lijo, setofo se senyenyane le bethe e phuthoang e be ho tloha ’Mantaha ho isa Labohlano thapama re bolela libakeng tse ka thōko. Ha bosiu bo fihla, re ne re robala naheng marulelo e le leholimo ’me “toche” ea morafo oa oli o haufi e le eona e lelekang bo-thamaha. Mafelo a beke re ne re a qeta toropong re sebetsa le phutheho.

Kamorao ho likhoeli tse telele tsa kemiso ena, Mokhatlo oa re romela Roswell, hamorao Albuquerque, New Mexico. Mona ra boela ra sebelisa koloi e nang le sebuela-hōle, e neng e sebetsa hamolemo ka ho khethehileng bopaking metseng ea Maindia e sebakeng seo. Ha ho qala mosebetsi o mocha oa ho paka seterateng ka limakasine tsa rōna ka 1940, re ile ra thabela ho kopanela ho oona le baena ba Albuquerque.

Khanyetso Nakong ea Moea oa Ntoa

Ntoa ea bobeli ea lefatše e ne e qalile Europe ka Loetse selemo pele ho moo, ’me ha latela nako ea khanyetso e bohale ka lebaka la boemo ba rōna ba ho se jele paate tabeng ea ho kopanela ntoeng. Ka lekhetlo le leng hempe ea ka ea hla ea taboloa ka mokokotlong ha ke ntse ke kopanetse tšebeletsong.

Lehlabula ka 1940, baena ba ne ba sebetsa ka limakasine haufi le El Paso, Texas, ’me ha tšoaroa ba ’maloa ho bona. ’Mantaha ka beke e hlahlamang, ’na le Harold Woodworth ra ea ba thusa nyeoeng ea bona. Ka hore ke botse baena ka pel’a lekhotla, ke ile ka khona ho hlahisa lintlha tse loketseng ho ba sireletsa. Hoba ba boleloe kaofela hore ha ba na molato, tlaleho ea koranta ea bua ka ’na joaloka “leqoetha le lenyenyane le tšepisang le tsoang Albuquerque.” Empa ha e le hantle, e ne e le Jehova ea neng a entse hore bahlanka ba hae ba hlōle mohlang oo!

Ka ho tšoanang, baena ba rōna ba ile ba kenngoa chankaneng ka lebaka la ho bolela motseng o mong. Hoba ke hlahe khotla ho ba sireletsa, ’na le Moena David Gray re ile ra isa lengolo ho mohlanka e mong le e mong oa motse. Lengolo le ne le bontša tokelo ea molao ea Lipaki tsa Jehova ea hore li etse mosebetsi oa tsona, ’me le lemosa hore haeba Lipaki li ka ’na tsa tšoenngoa ho ea pele, bahlanka ba motse ba ne ba tla nkoa ba ikarabella bakeng sa tšenyo leha e le efe e ka ’nang ea hlaha ka lebaka leo.

Morena eena o ile a amohela lengolo ’me a le bala a sa re letho, empa mookameli oa sepolesa o ile a re ho rōna: ‘Mona Bophirimela batho ba nka leeto la ho tsoa motseng ona, ’me . . . hantle . . . ba bang ba ba batle hamorao, ’me ha ho mohla ba eeng ba ba fumane.’ Leha ho le joalo, tšokelo eo ha ea ka ea phethahatsoa, ho e-na le hoo, maemo a ile a kokobela, ’me bohato ba lekhotla khahlanong le baena ba rōna ba lahloa.

Hoo e ka bang ka nako ena ke ile ka khethoa ke Mokhatlo oa Watch Tower ho ba mohlanka oa sebaka (ea bitsoang molebeli oa potoloho hona joale). Kabelo ea ka ea koahela boholo ba New Mexico le karolo e ’ngoe ea Texas.

Gileade le Kabelo Naheng Esele

Ka 1943 ’na le Virginia ra fumana memo ea ho kena sehlopheng sa bobeli sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. Hoba re qete lithuto ka Pherekhong 1944, re ile ra abeloa pele hore re sebetse le Phutheho ea Flatbush Brooklyn, New York. Re ne re lula kamorao ho fektri ea Mokhatlo mohahong oa khale o ileng oa heletsoa hamorao ho atolosa mehaho ea fektri ea Adams Street.

Leha ho le joalo, kamorao ho nako, ra fumana kabelo ea rōna ho ea Dominican Republic, moo Rafael Leónidas Trujillo Molina e neng e le eena ’m’ampoli. Ha re fihla ka Sontaha, la 1 ’Mesa, 1945, ’na le Virginia e ne e le rōna feela Lipaki naheng eo. Ra ea Victoria Hotel ’me ra fumana sebaka sa bolulo—R10 ka letsatsi bakeng sa rōna ka bobeli, ho akarelletsoa lijo. Hona thapameng eo ra qala thuto ea rōna ea pele ea Bibele.

Ho etsahetse tjena: Basali ba babeli ba Madominica bao re neng re ithutile Bibele le bona Brooklyn ba ne ba re file mabitso a beng ka bona le metsoalle, e mong oa bona e ne e le Dr. Green. Eare ha re mo etela, ra boetse ra kopana le moahelani oa hae Moses Rollins. Hoba re ba bolelle hore na re fumane mabitso a bona le liaterese joang, ba mamela molaetsa oa ’Muso ka hloko ’me ba lumela ho ithuta Bibele. Kapele Moses ea e-ba mohoeletsi oa pele oa moo oa ’Muso.

Mantsiboeeng ’ona ao Dr. Green a ea re batlisa ntlo re le karolong e kaholimo ea bese e mekato e ’meli. Qetellong ra hira ntlo ea setene e nyenyane moo motse-moholo, Ciudad Trujillo (hona joale Santo Domingo). Ka Phuptjane baromuoa ba bang hape ba bane ba sebetsa le rōna. Lehae la bobeli la baromuoa la buloa, eaba joale ho fihla baromuoa ba eketshileng. Ka Phato 1946 ra be re e-na le tlhoro ea bahoeletsi ba 28. Kapele baromuoa ba bang hape ba fihla, ’me le bona ba buleloa mahae. Keketseho e ne e qalehile!

Ho Sebetsa Tlas’a Thibelo

Ka 1950 re ne re eketsehile ho feta bahoeletsi ba 200. Leha ho le joalo, kaha Lipaki tsa Jehova li lula li sa jele paate ka thata-thata, ’muso oa Trujillo oa qala ho kenya baena ba rōna ba banyenyane chankaneng. Joale, kaholimo ho tsohle, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa thibeloa ka ho feletseng ka la 21 Phuptjane, 1950.

Ba sitoa ho kopanela Liholong tsa ’Muso, baena ba qala ho kopana ka lenyele ka lihlotšoana malapeng. Mono re ne re ithuta lihlooho tsa Molula-Qhooa tse neng li hatisoa ka stencil. Bohle ba tšepahalang ba ne ba nka matla a moea ao Jehova a neng a ntse a ba fa ’ona lihlotšoaneng tsena tse nyenyane tsa ho ithuta e le a bohlokoa.

Sontaha e ne e le letsatsi la rōna la ho etela baena ba bangata ba Madominica lichankaneng tsa Trujillo. Re ne re sechoa bakeng sa lihlomo ha re kena, ho hlalosoa ka ho feletseng hore na re bo-mang. Ka linako tse ling masole a ne a ee a re pota-pote ha re e-na le baena bana, a re shebile ka hloko. Ka lekhetlo le leng re ile ra tsamaea le Stanley Aniol ea neng a e-tsoa Chicago, ea neng a etetse morali oa hae oa moromuoa Mary (hona joale Mary Adams, ea sebeletsang Bethele ea Brooklyn). A sisintsoe maikutlo ke botšepehi ba baena ba banyenyane ba Madominica, Moena Aniol a ba aka ka mofuthu kaofela ha bona ka pel’a masole a shebelletseng.

Qetellong ea boeti, ha re ntse re tsamaea seterateng se seholo sa khoebo, koloi e tletseng banna ba Trujillo ea re latela e tsamaea butle haholo. Ona e ne e le o mong oa mekhoa ea Trujillo e tsebisahalang ea ho leka ho tšosa batho. Eare ha re bolella Moena Aniol hore na morero oa bona ke ofe, ha hoa ka ha mo tšosa le hanyenyane. Ka sebele, ho ne ho hlokahala ho hlokomoloha boiteko ba Trujillo ba ho re tšosa le ho bea tšepo e feletseng ho Jehova.

Ka linako tse ling, baikaketsi, lihloela tsa Trujillo, ba ne ba ee ba fihle monyakong oa rōna, ba bolela hore ke baena. Ka hona re ne re lokela ho ba ‘bohlale joale ka linoha, ’me re hloke mano joale ka maebana-khoroana.’ (Mattheu 10:16) Re ne re ee re leke batho ba joalo ka lipotso tse batlisisang ho fumana hore na e hlile ke baena ba rōna kapa che.

Nakong ea thibelo libui tse ngata, se seng le se seng se ne se fana ka lipuo tsa Sehopotso lihlopheng tse tharo tse sa tšoaneng tsa thuto, se tsamaea ka sekhukhu kamoo ho ka khonehang ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Hangata re ne re e-ba le lipula tsa litloebelele mohla bosiu ba Sehopotso, ’me kaha lebotho la Trujillo la lihloela le ne le tšaba pula e matla joalokaha batho libakeng tse ling ba tšaba serame se tlabolang, ho rōna e ne e le tlhohonolofatso.

Kaha ’muso oa Trujillo o ne o ke ke oa re lumella ho kena hape kahare ho naha, boholo ba baromuoa ha boa ka ba ba teng likopanong tsa machaba New York City ka 1950 le 1953. Re ne re lokela ho khotsofalla seo The New York Times e neng e se bua ka kopano se neng se bontša litšoantšo tse ntle tsa kopano le tlhaloso e qaqileng ea lenaneo la letsatsi le letsatsi. Hape, holo ea libaesekopo ea moo e ne e bontša pono e telele ea kolobetso e khōlō ea kopano ea 1953.

Ka 1956 ’na le Roy Brandt ra bitsoa ho ea botsoa ke ba boholong. Bahlanka ba ’muso oa Trujillo ba ne ba ile ba mema Moena Manuel Hierrezuelo pele hore a ee ho ea ba bona. Empa hamorao Manuel a khutlela lapeng la hae e le setopo. Ka hona, joale e be litaba li ne li tla tsoella joang bakeng sa rōna?

Ha re fihla, ra botsoa re arohantsoe, ho hlakile hore likarabelo tsa rōna lia ngoloa. Ha ho letho le ileng la etsahala kamorao ho moo, empa likhoeli tse peli hamorao likoranta tsa phatlalatsa hore ’muso oa Trujillo o ne o tlosa thibelo holim’a Lipaki tsa Jehova le hore re ne re ka qalisa mesebetsi ea rōna pontšeng. Liholo tsa ’Muso tsa boela tsa fumanoa, ’me mosebetsi oa Jehova oa ’na oa tsoela pele.

Leha ho le joalo, ka Phuptjane 1957 leqhubu le lecha le befileng la tlhoriso la qala, ’me baromuoa bohle ba lelekoa kahare ho naha. Ho tloha ha rōna ka sebele ea e-ba letsatsi le bohloko ho rōna. ’Na le Virginia re ne re sebelelitse ka lilemo tse 12 Dominican Republic ’me re bone palo ea Lipaki e hōla ho tloha ho rōna ba babeli feela ho isa ho tse fetang 600. Ka 1960 thibelo ea bobeli ea tlosoa, ’me palo ea bahoeletsi ea ’na ea hōla ho fihlela ha hona joale e ka ba 10 000!

Ho Sebeletsa Puerto Rico

Ha re fihla Puerto Rico ka Phato 1957, baena ba rōna ba Bakreste hammoho le baqolotsi ba litaba ba likoranta ba ne ba le teng ho re amohela. Litlaleho tse ileng tsa hlaha moo tsa likoranta tsa fana ka bopaki bo pharaletseng. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka tlaase ho 1 200 Puerto Rico; hona joale ba ka ba 22 000!

Ka 1958 Mokhatlo o ile oa ’mema hore ke be molebeli ea tsamaeang. Kahoo, ho theosa le lilemo re ile ra tseba ra ba ra sebetsa le baena ba bangata ba tšepahalang ba tsoang likarolong tsohle tsa Puerto Rico le Virgin Islands. Ka nako ea teng, ’na le mosali oa ka re ile ra ba litho tsa lelapa la mona la Bethele. ’Me hoba ho hlongoe Komiti ea Lekala mona, Jehova o nkhauhetse ka hore ke be setho sa eona.

Ke tlaloa ke thabo e khōlō hore e be ka bonna ke amohetse ho Jehova ‘halekholo baena, bo-khaitseli le bo-’mè le bana’ ba profetiloeng. (Mareka 10:30) Ha ho mohla nkileng ka rata ho qeta bophelo ba ka ka eona ho feta tšebeletsong ea hae. ’Me kahoo, ha ke hetla morao lilemong tse ka bang 48 esale ke qala bopula-maliboho, ke nyakallela ho re ka sebele ke bone hore Jehova o molemo!—Pesaleme ea 34:8.

Ha pale ea bophelo e kaholimo ea Lennart Johnson e ntse e hlophisoa, Virginia Johnson o ile a shoa ka khotso borokong ba hae ka la 31 Pherekhong, 1987

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Ke Jehova ea ileng a etsa hore batho ba hae ba hlōle mohlang oo!

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

Bohle ba tšepahalang ba ile ba nka matla a moea ao Jehova a ileng a ’na a re fa ’ona e le ntho ea bohlokoa

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

’Na le Virginia re ile ra sebetsa le baena ba bangata ba tšepahalang ba tsoang likarolong tsohle tsa Puerto Rico

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela