Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 11/1 maq. 19-22
  • Ke Bone “e Monyenyane” a Fetoha “Sechaba se Sengata”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bone “e Monyenyane” a Fetoha “Sechaba se Sengata”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bula Maliboho Arizona
  • Sekolo sa Gileade le Tšebeletso e Khethehileng
  • Re ea Cuba ’me re Fetela Puerto Rico
  • Lehae la Rōna Dominican Republic
  • Hona Joale ke Sechaba se Sengata
  • Ke Bone Hore Jehova o Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Kamoo ho Fana ho Ntliselitseng Thabo Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Batla ’Muso Pele—Ho Etsa Hore Bophelo e be bo Sireletsehileng le bo Monate
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 11/1 maq. 19-22

Ke Bone “e Monyenyane” a Fetoha “Sechaba se Sengata”

JOALOKAHA HO BOLETSE WILLIAM DINGMAN

Selemo e ne e le sa 1936; sebaka e le Salem, Oregon, U.S.A. Ke ne ke le sebokeng sa Lipaki tsa Jehova. Ho ile ha botsoa potso: “Letšoele le leholo le kae?” (Tšenolo 7:​9, King James Version) E ne e le ’na feela motho e mocha ka phuthehong, ka hona kaofela ba ile ba ntšupa ’me ba re, “Ke eane!”

BOHARENG ba bo-1930, e ne e le Lipaki tsa Jehova tse seng kae feela ha ho bapisoa tse neng li e-na le tšepo ea Bibele ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. (Pesaleme ea 37:29; Luka 23:43) Lintho li fetohile haholo ho tloha nakong eo. Empa e-re ke phete liketsahalo tse ileng tsa etsa hore ke be sebokeng seo sa Salem, Oregon.

Ntate o ne a e-na le peeletso ea The Golden Age, e leng lebitso la pele la makasine ea Tsoha! Ha ke sa le mocha, ke ne ke thabela ho e bala, ’me ke ile ka kholiseha hore e na le ’nete ea bohlokoa ea Bibele. Ka hona, ka letsatsi le leng ke ile ka romela setlankane se neng se le leqepheng la ho qetela la The Golden Age e ’ngoe. Se ne se bontša ’mali mpho ea libukana tse 20, buka le lebitso la phutheho e haufi ea Lipaki tsa Jehova. Ha ke fumana lingoliloeng tsena, ke ile ka ea ka ntlo le ntlo ’me ka tsamaisa libukana tseo kaofela hammoho le buka.

Ka nako eo ho ne ho se motho ea neng a ile a ithuta Bibele le ’na. Ha e le hantle, ke ne ke e-s’o buisane le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Empa joale, ke e-na le aterese ea Holo ea ’Muso e haufi, ke ile ka tsamaea ka koloi lik’hilomithara tse 40 ho ea sebokeng Salem, Oregon. E bile sebakeng sena, ha ke ne ke le lilemo li 18 feela, moo ke ileng ka qoolloa ke le “letšoele le leholo.”

Le hoja ha e le hantle, ke ne ke e-s’o lokisetse bakeng sa tšebeletso, ke ile ka qala ho bolela le Phutheho ea Salem. Ke ile ka khothalletsoa ho akarelletsa lintlha tse tharo tse ka sehloohong ha ke paka. Ea pele, hore Jehova ke Molimo; ea bobeli, hore Jesu Kreste ke Morena oa hae ea khethiloeng; ea boraro, hore ’Muso ke oona tšepo feela ea lefatše. Ke ile ka leka ho hasa molaetsa oo ntlong e ’ngoe le e ’ngoe.

Ka mor’a ho kopanela le Lipaki tsa Jehova Salem ka lilemo tse peli, ke ile ka kolobetsoa ka la 3 April, 1938. Metsoalle e Salem e ne e thabetse ho bona bongata ba rōna ba “letšoele le leholo” re kolobetsoa. Ka February 1939, ke ile ka ba pula-maliboho, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng. Ka December selemong seo, ke ile ka amohela memo ea ho fallela Arizona, moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōloanyane ea bahoeletsi ba ’Muso.

Ho Bula Maliboho Arizona

Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o le mocha Arizona, ’me re ne re sa utloisisoe ho hang, ka hona ha United States e kena Ntoeng ea II ea Lefatše, re ile ra hlorisoa haholo. Ka mohlala, ha ke ntse ke sebeletsa Stafford, Arizona, ka 1942, ho ne ho e-na le litšebo tsa hore mahoohoo a sehlopha sa Mamomone a tla re hlasela. Ho ile ha etsahala hore ebe ’na le bao ke neng ke bula maliboho le bona re ne re lula haufi le ntlo ea mobishopo oa Mamomone ea neng a re hlompha ’me o ne a re: “Haeba baromuoa ba Mamomone ba ne ba le mafolofolo joaloka Lipaki, joale Kereke ea Mamomone e ne e tla hōla.” Ka hona ka kerekeng o ile a re buella a re: “Ke utloa hore ho na le litšebo tsa hore mahoohoo a tla hlasela bashanyana ba Lipaki. Ha e le hantle ke lula haufi le bashanyana bao, ’me haeba mahoohoo a hlasela, sethunya se tla lula se korotsoe pakeng tsa matlo a rōna. Sethunya seo se tla sebelisoa—empa eseng khahlanong le Lipaki. Se tla sebelisoa ho sehlopha sa mahoohoo. Ka hona haeba le batla hore mahoohoo a hlasele, le tseba seo le ka se lebellang.” Mahoohoo ha aa ka a tla.

Lilemong tse tharo tseo ke bileng Arizona ka tsona, re ile ra tšoaroa ’me ra kenngoa teronkong ka makhetlo a mangata. Ka lekhetlo le leng ke ile ka koalloa ka matsatsi a 30. Hore mapolesa a se ke a re hobosa tšebeletsong ea rōna, re ile ra theha seo ho thoeng ke sehlopha sa basebetsi ba potlakang. Paki e ikarabellang e ile ea re bolella: “Re sebetsa tumellanong le lebitso la rōna. Re qala mosebetsi ka hora ea bohlano kapa ea botšelela hoseng, re siea pampitšana kapa bukana monyakong o mong le o mong, ebe re tloha ka potlako.” ‘Sehlopha sa rōna sa basebetsi ba potlakang’ se ile sa sebetsa karolo e khōlō ea setereke sa Arizona. Leha ho le joalo, se ile sa qetella se felisitsoe hobane ho bolela ka tsela eo ho ne ho sa re lumelle ho thusa ba neng ba thahasella.

Sekolo sa Gileade le Tšebeletso e Khethehileng

Ka December 1942, ke ne ke le e mong oa bo-pula-maliboho ba bangata ba Arizona ba ileng ba fumana lengolo le ba memelang sekolong se secha sa baromuoa se neng se thehoa ke Lipaki tsa Jehova. Qalong ho ne ho thoe sekolo sena ke Koleche ea Bibele ea Gileade ea Watchtower. Hamorao lebitso lena le ile la fetoleloa ho Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Se ne se le bohōle ba lik’hilomithara tse 4800, pel’a motse oa Ithaca ka leboea ho New York.

Ka mor’a ho etela Oregon ka nako e khutšoanyane, ka January 1943, bongata ba rōna bo-pula-maliboho re ile ra siea mocheso oa Lehoatata la Arizona, ra tsamaea ka bese ea Greyhound. Matsatsi a mangata hamorao re ile ra fihla moo re eang teng ’me ra fumana lehloa la mariha a ka leboea ho New York le khethehile. Sekolo sena se ile sa buloa ka la 1 February, 1943, ’me mopresidente oa sona, Nathan H. Knorr, o ile a re puong ea hae e bulang ho liithuti tse lekholo: “Morero oa koleche ena HASE ho le hlomella hore le be basebeletsi ba khethiloeng. Le se le ntse le le basebeletsi ’me le ’nile la ba mafolofolo tšebeletsong ka lilemo. . . . Morero o khethehileng oa lenaneo la thuto kolecheng ena ke ho le lokisetsa ho ba basebeletsi ba tšoanelehang haholoanyane libakeng tseo le eang ho tsona.”

Kaha ke ne ke sa ruteha hakaalo, qalong ke ne ke ikutloa ke sa phutholoha Gileade. Empa barupeli ba ne ba utloisisa haholo, ’me ke ile ka thabela lithuto tsa ka haholo. Sehlopha sa rōna se ile sa abeloa mangolo ka mor’a likhoeli tse hlano tsa koetliso e matla. Ka mor’a moo, ba seng bakae ho rōna re ile ra romeloa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York, moo re ileng ra koetlisoa ka ho eketsehileng bakeng sa ho lokisetsoa mosebetsi oa ho tsamaea re le balebeli ba potoloho. Kabelo ea ka ea pele e bile Carolina Leboea le Boroa.

Mehleng eo ea pele, molebeli oa potoloho o ne a batla a e-ba tseleng ka linako tsohle. Re ne re ee re lule letsatsi le le leng phuthehong e nyenyane kapa a mabeli haeba e le e khōlō. Ka nako eo liphutheho tse ngata li ne li le nyenyane. Ka hona ka mor’a ho ba ho tsona letsatsi kaofela, ’me hangata ke ntse ke etela batho le ho araba lipotso ho fihlela ka khitla, ke ne ke tsoha hoo e ka bang ka hora ea bohlano hoseng ha letsatsi le latelang bakeng sa ho nka leeto le eang phuthehong e latelang. Ke ile ka ba mosebetsing oa potoloho ka nako e ka etsang selemo, ’me ka mor’a moo ka bula maliboho ka nakoana Tennessee le New York.

Re ea Cuba ’me re Fetela Puerto Rico

Ka May 1945, hammoho le ba bang ba bangata, ke ile ka romeloa kabelong ea ka ea pele ea boromuoa naheng esele, ea Cuba! Bosiung boo ka bona re ileng ra fihla Havana, motse-moholo oa Cuba, re ile ra ea mosebetsing oa limakasine. Re ile ra lula Havana ho fihlela re khona ho fumana lehae Santa Clara. Chelete eo e mong le e mong a neng a e fuoa bakeng sa litšenyehelo e ne e le R110 feela ka khoeli bakeng sa litlhoko tsohle, ho akarelletsa le lijo le rente. Re ile ra etsa libethe le thepa ea ntlo ka thepa e neng e fumaneha ’me ra sebelisa mabokose a liapole bakeng sa ho etsa liraka.

Selemong se latelang ke ile ka abeloa mosebetsi oa potoloho. Ka nako eo Cuba kaofela e ne e le potoloho e le ’ngoe. Kaha molebeli oa potoloho ea tlileng pele ho ’na o ne a le maoto a malelele ’me a thabela ho tsamaea, bara le barali babo rōna ba ne ba tlameha hore ba hle ba mathe e le hore ba ka bapa le eena. Ho hlakile hore ba ne ba nahana hore ke ne ke tla ba joalo, ka hona ba ne ba lokiselitse ketelo ea ka ka ho feletseng. Ha baa ka ba ea tšebeletsong kaofela ka letsatsi le le leng empa ba ikarola ka lihlopha ’me tsa sebetsa le ’na se seng ka mor’a se seng. Letsatsing la pele sehlopha se seng se ile sa nkisa tšimong e hōle; letsatsing le latelang sehlopha se seng sa nkisa ho e ’ngoe e hōle ka ho tšoanang, joalo-joalo. Ke ne ke khathetse qetellong ea ketelo ena, empa ke ne ke e thabetse. Ke hopola phutheho eo ka lerato.

Ka 1950 re ne re e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 7000 Cuba, palo e batlang e lekana le ea Mexico. Ka July selemong seo, ke ile ka ba teng kopanong ea machaba ea Keketseho ea Puso ea Molimo Yankee Stadium, New York City. Ka mor’a moo, ke ile ka amohela kabelo e ncha ea boromuoa, ea Puerto Rico. Estelle le Thelma Weakley ba ne ba le har’a baromuoa ba bacha ba sehlopha sa bo12 sa Gileade ba ileng ba tsamaea le ’na leetong la sefofane la ho ea Puerto Rico.

Lilemo tse robeli hamorao ’na le Estelle re ile ra nyalana moketeng oa lenyalo o itekanetseng Bayamón, Puerto Rico, o neng o tšoaretsoe sethaleng nakong ea khefu ea kopano ea rōna ea potoloho. Pele ho lenyalo la rōna le ka mor’a lona, ke ne ke le mosebetsing oa potoloho. Lilemong tse fetang leshome re le Puerto Rico, ’na le Estelle re ile ra bona keketseho e khōlō—ho tloha ho bahoeletsi ba ka tlaase ho 500 ho ea ho ba ka holimo ho 2000. Re ile ra khona ho thusa ba bangata ho fihlela ba inehela le ho kolobetsoa, ’me re ile ra kopanela ho theheng liphutheho tse ngata tse ncha.

Ka December 1960, Milton Henschel oa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York, o ile a etela Puerto Rico ’me a bua le baromuoa. O ile a botsa hore na ho na le ba ka itlhahisang bakeng sa kabelo e ’ngoe. ’Na le Estelle re bile har’a ba ileng ba ithaopa.

Lehae la Rōna Dominican Republic

Kabelo ea rōna e ncha e ne e le Dominican Republic, ’me re ile ra beha la 1 June, 1961, e le letsatsi la rōna la ho tsamaea. Ka la 30 May ’musi oa mohatelli oa Dominican Republic, Rafael Trujillo, o ile a bolaoa, ’me lifofane tse neng li ea sebakeng seo li ile tsa thibeloa. Leha ho le joalo, kapele lifofane li ile tsa qalisa ho ea sebakeng seo, ’me re ile ra khona ho tsamaea ka sefofane ho ea Dominican Republic ka la 1 June joalokaha re ne re rerile.

Naha eo e ne e tletse merusu ha re fihla, ’me ho ne ho hlile ho e-na le ntoa ka tekanyo e itseng. Ho ne ho e-na le tšabo ea hore ho tla ba le phetohelo ea puso, ’me masole a ne a phenya-phenya e mong le e mong ’mileng o moholo. Re ne re emisoa libakeng tse ngata tsa tlhahlobo, ’me ho se seng le se seng thōtō ea rōna e ne e phenyekolloa. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ntšetsoa ka ntle ho lisutuk’heise tsa rōna esita le lintho tse nyenyane haholo. Ke tsela eo re tsebileng Dominican Republic ka eona.

Re lutse motse-moholo, Santo Domingo, ka libeke tse ngata pele re e-ea kabelong ea rōna ea pele La Romana. Nakong ea puso ea khatello ea Trujillo, sechaba se ne se tsebisitsoe hore Lipaki tsa Jehova ke Makomonisi ’me ke batho ba babe ka ho fetisisa. Ka lebaka leo, Lipaki li ile tsa hlorisoa hampe. Leha ho le joalo, hanyane ka hanyane re ile ra khona ho felisa leeme.

Ka mor’a ho sebetsa La Romana ka nako e khutšoanyane, re ile ra boela ra qala ho ba mosebetsing oa potoloho. Joale, ka 1964, re ile ra fuoa kabelo ea ho ba baromuoa motseng oa Santiago. Selemong se latelang ho ile ha e-ba le phetohelo ea puso Dominican Republic, ’me naha eo e ile ea boela ea e-ba boemong ba pherekano. Nakong ea ntoa eo re ile ra isoa San Francisco de Macorís, motse o tsebahalang ka lintoa tsa oona tsa lipolotiki. Leha ho le joalo, re ile ra bolela ka bolokolohi re sa sitisoe ke letho. Ho sa tsotellehe morusu oa lipolotiki, re ile ra ba ra theha phutheho e ncha. Ho theosa le lilemo tse latelang, ho bile le liphetoho tse eketsehileng kabelong ea rōna pele re boela re fuoa kabelo lehaeng leo re ntseng re le ho lona le Santiago.

Ka sebele re bone tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing ona, mona Dominican Republic. Ha re fihla ka 1961, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 600 le liphutheho tse 20. Hona joale ho na le bahoeletsi ba ka bang 20 000 ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo liphuthehong tse ka holimo ho 300. Ho na le litebello tse tsotehang tsa khōlo e eketsehileng, joalokaha ho pakoa ke ba 69 908 ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1996. Palo eo e mena ea bahoeletsi ka makhetlo a mararo le halofo!

Hona Joale ke Sechaba se Sengata

Le hoja pono ea lefatše e tsoela pele ho fetoha, molaetsa oa Bibele oo Lipaki tsa Jehova li o bolelang o ntse o tšoana. (1 Bakorinthe 7:31) Jehova e ntse e le Molimo, Kreste e ntse e le Morena, ’me ho totobetse ho feta leha e le neng hore ’Muso ke oona feela tšepo bakeng sa lefatše.

Ka nako e tšoanang, ho etsahetse phetoho e hlollang har’a batho ba Jehova ho tloha ha ke ne ke le sebokeng sela sa Salem, Oregon, lilemong tse ka bang 60 tse fetileng. Ka sebele letšoele le leholo, kapa bongata bo boholo, le se le le leholo, le feta limilione tse hlano. Ho joalo feela kaha Jehova a boletse esale pele ka batho ba hae: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”—Esaia 60:22.

Ka mor’a lilemo tse ka bang 60 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ke thabela ho ba le thabo ea ho tsoela pele ho bolela le ho ruta kabelong ea ka ea boromuoa. Ke tokelo e kaakang ho ba le karolo mosebetsing oo le hore ebe ke bone “e monyenyane” e e-ba “sechaba se sengata”!

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

’Na le mosali oa ka, re Dominican Republic

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela