Ho Nyarela ka Litabeng
Mebala ea Pitsi
“Lilemo tse limillione tsa ho iphetola ha lintho” li nehile pitsi mebala ea eona, ho bolela makasine oa Brithani World of Wildlife. Lebaka? Bahlalefi ba bang ba bolela hore mebala e ikentse bakeng sa ho ikhakanya e le ho sireletsa phoofolo libataneng. Ho eketseng tumelong ena ke pono ea hore ho bonahala mebala ena e le lerootho ha e shebiloe ho tsoa hōle. Leha ho le joalo, hase banna bohle ba mahlale ba lumellanang. Ngaka Gerrie de Graaff, moeletsi oa mahlale bakeng sa makasine oa Afrika Boroa oa liphoofolo tse hlaha Custos, o hlokometse: “Re ke ke ra lumela feela hore liphoofolo li bona lintho ka tsela e tšoanang le eo rōna re bonang ka eona.” Ha de Graaff a hlalosa, o bontša hore boitšoaro ba lipitsi ha bo lumellane le khopolo ea mebala ea boikhakanyo. Hobane’ng? Hobane lipitsi ha li leke ho ipata joaloka liphoofolo tse ling tse itšetlehileng ka mebala bakeng sa ho ikhakanya. Li lerata ’me li mahlaha-hlaha ’me li iponahatsa ka ho totobetseng ha li fula libakeng tse bulehileng.
Babuelli ba bang ba ho iphetola ha lintho ba nahana hore mebala ea pitsi e sa tšoaneng e metšo le e mesoeu e fana ka pono e thetsang. Ho ea ka de Graaff, khang e ’ngoe ke hore “litau tse hlaselang ha li tsebe ho khetholla phoofolo ka ’ngoe hobane e ikopantse le tse ling,” ’me “e ’ngoe ke hore tau ha e bone hantle kapa e qhomela sebakeng se fosahetseng.” Empa joaloka ha a hlokomela, “likhopolo tsena hase ’nete hobane ho fumanoe bopaki bo hlakileng ha litau li bolaea lipitsi.”
Ha de Graaff a phethela, o lumela hore, “ho fihlela joale, ha re e-s’o tsebe hantle hore na ke hobane’ng ha pitsi e e-na le mebala.” Leha ho le joalo, lebaka le hlakile ho liithuti tsa Bibele. Ho Genese 1:20-25 re bolelloa hore libōpuoa tsohle tsa lefatše li bōpiloe ke Molimo ho ea ka “mefuta ea tsona.” Ka lebaka leo, tšebetso ea bophelo ea tlhaho e ikarabella bakeng sa mebala ea pitsi. Mebala eo ke karolo e hlollang ea pōpo ea Molimo.
Baruti ba Sebetsang?
Baruti ba bang ba lebeletse liphetoho tse khōlō mosebetsing oa bona nakong e tlang. Ena e ne e le kameho e boletsoeng ke e mong oa baruti ba Lutere, Jean-Pierre Jornod, ho Reformiertes Forum, koranta ea kereke ea Lutere e hatisoang Switzerland. O boletse: “Ke nahana ka ho tebileng hore moruti oa selemo sa 2000 maemong a mangata o tla ba le mosebetsi oa nakoana ho phaella mosebetsing oa kereke.” Hobane’ng? O phaelletse: “E seng haholo-holo ka mabaka a ho batla chelete, empa haholo hobane sechaba ka ho eketsehileng se hloka baruti ba tloaelaneng le bophelo ba letsatsi le leng le le leng.”
Ha Jornod a bua ka tlhoko ena, o itse: “Moruti oa selemo sa 2000 e tla ba monna kapa mosali eo e leng kheleke mokhoeng oa puisano. Ha ke bolele hore likereke li tla be li hloka batho nakong eo, empa batho bao moruti a batlang ho ba finyella ba tla emella thōko le kereke, joaloka ha ho batla ho le joalo kajeno. Ka lebaka leo, molaetsa oa hae e lokela ho ba o hlakileng haholoanyane, o utloahalang ka ho eketsehileng, le o tobang taba.”
Ke habohlokoa ho hlokomela hore balisa ba lefuoang ba ne ba sa tsejoe har’a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a lokisetsa litlhoko tsa hae tsa nama ka hore a sebetse—ka ho etsa litente. Ho feta moo, o ile a finyella batho ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe e behang litholoana, ka ho ba ruta “pontšeng le ka matlung a bona.” (Liketso 18:3; 20:20, 21, 33, 34) Ho fapana le baruti ba kajeno ba lefuoang, baholo, kapa balisa, har’a Lipaki tsa Jehova ba ntse ba latela mohlala oa Mangolo oa Bakreste ba lekholong la pele la liIemo.