Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 9/15 leq. 32
  • Kopano ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kopano ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlohong Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • U Memeloa Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • E ba Teng Kopanong ea Setereke ea 1987 ea “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 9/15 leq. 32

Kopano ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo”

MOAPOSTOLA Pauluse o ngotse: “Mehleng ea qetello linako tse thata ho sebetsana le tsona li tla ba mona. Hobane batho e tla ba . . . barati ba menate ho e-na le barati ba Molimo, ba nang le sebōpeho sa boinehelo ba bomolimo empa ba latotse matla a bona.”—2 Timothea 3:1-5, NW.

Mantsoe ao a hlalosa ka nepo hakaakang batho ba bangata ba ipolelang ho ba Bakreste! Ho ea ka moruti e mong, “kajeno likereke tse ngata haholo li fetohile libaka tsa boithabiso.” Ho fapana le moo, balateli ba ’nete ba Kreste ke batho ba “chesehelang mesebetsi e metle.” (Tite 2:14) Balateli ba Jesu ke “letsoai la lefatše” le “leseli la lefatše.”—Mattheu 5:13, 14.

Likopano tsa rōna tsa selemo le selemo, tsa setereke, potoloho, le tsa machaba, ke tse ling tsa litšobotsi tsa borapeli ba rōna tse re khethollang re le batho ba fapaneng. Sehlooho sa likopano tsa rōna tsa setereke tsa 1989, “Boinehelo ba Bomolimo,” se supa boleng ba borapeli ba rōna bo re etsang hore re be batho ba khethollehileng le ba fapaneng.

Mangolo a hatella bohlokoa ba boinehelo ba bomolimo. Kopano ena e tla ba monyetla o tsoelang pele oa hore u “ikoetlise o habile boinehelo ba bomolimo e le pakane ea hao. Hobane tlhakiso ea ’mele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle, kaha bo na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:7, 8 NW) Hape 1 Timothea 6:6 (NW) e tsoela pele ho re: “Kannete, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le khotsofalo ke leruo le leholo.” Jesu Kreste ke eena mohlala o moholo oa boinehelo ba bomolimo.—1 Timothea 3:16.

Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boinehelo ba bomolimo” ke eu·seʹbei·a. Ho Bakreste ke “mofuta o phahameng ka ho fetisisa oa boinehelo ho Molimo.” Boinehelo ke “botšepehi le cheseho ha ho etsoa mesebetsi ea bolumeli.” Boinehelo ba bomolimo ke karabelo ea pelo e tla susumetsa motho ho phela ka tsela e thabisang Molimo. Bo tsoa ho Molimo. Re lokela ho ba hlokolosi hakaakang ha re ntse re le lefatšeng hore re se ke ra ba karolo ea lona! Tšabo ea bomolimo e tla re sireletsa hore re se ke ra etsa bobe, empa boinehelo ba bomolimo bo re susumelletsa ho etsa se thabisang Molimo. Ka ho khothatsang, ho 2 Petrose 2:9 (NW) re tiisetsoa hore “Jehova o tseba ho pholosa batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”

Hore re fumane boinehelo ba bomolimo ho hlokahala hore re nke Molimo le Lentsoe la oona ka botebo. Mabapi le ho sebelisa boinehelo ba bomolimo, ho hlokahala hore motho a tsebe Molimo ka ho nepahetseng le ho sebetsa tumellanong le tsebo eo. Sena se akarelletsa ho ba seli ka tlhoko ea rōna ea lijo tsa moea. Ka lebaka la bohlokoa ba ho sebelisa boinehelo ba bomolimo, kaofela re hloka thuso eohle e fumanehang ea ho ba le bona. Likopano tsa rōna tsa setereke li tla re thusa haholo. Ka lipuo, lipontšo, le lipuisano, re tla rutoa kamoo re ka sebelisang boinehelo ba bomolimo litšobotsing tsohle tsa bophelo ba rōna.

Re batla ho ba Bakreste ba khabane ’me ka ho etsa joalo re be batho ba arohileng lefatšeng. Ka hona e-tla likopanong tsena u e-na le takatso ea lijo tsa moea. Tiisa hore u ba teng pineng e bulang letsatsing la pele, le ho lula ho fihlela pina e koalang le thapelo letsatsing la ho qetela. Lebisa tlhokomelo ea hao sethaleng ho fihlela lenaneo le fela. Hanela teko kapa tšekamelo ea ho eta nakong ea mananeo. E-tla u ikemiselitse ho ngola lintlha. Ka ho mamelisisa lenaneo hantle, u tla hlomelloa hamolemo ho feta leha e le neng pele ho sebelisa boinehelo ba bomolimo litšobotsing tsohle tsa bophelo: lapeng, phuthehong, esita le ho batho ba ka ntle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela