U Memeloa Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho”
HO TLOHA ka November 1989, taba ea tokoloho e ’nile ea phahamisoa ho feta leha e le neng pele. Ka ho khetheha lichaba tse linaheng tsa Europe e ka Bochabela li ile tsa thabela tokoloho e eketsehileng ea lipolotiki ho feta eo li ’nileng tsa e-ba le eona ka lilemo tse 40 le ho feta.
Empa ho na le tokoloho ea bohlokoa haholoanyane ho feta tokoloho leha e le efe ea lipolotiki. Re ka bala ka eona Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ka lekhetlo le leng Jesu Kreste o ile a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) E, Bakreste ba inehetseng ba lokolohile tšabong ea motho le bokhobeng ba sebe le lefu, joalokaha re bala ho Ba-Roma 6:18, 22. Re boetse re bala hore “moo Moea oa Morena o leng teng, tokoloho e teng.” (2 Ba-Korinthe 3:17) Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le re tšoaretse tebello e khanyang ea hore “tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 8:21.
Haeba leha e le mang a lakatsa ho fumana tokoloho ea Bokreste hona joale, o tlameha ho etsa boiteko ba sebele. Ho hang hase feela taba ea ho latela tsela e sa hlokeng boiteko bo bongata. ’Me ho tsoela pele u thabela tokoloho ena ho hloka boiteko bo eketsehileng, ka baka la matla a ka ’nang a re amoha tokoloho eo: Satane Diabolose, lefatše la hae le khopo, le litšekamelo tsa rōna ka borōna tse futsitsoeng tsa boetsalibe. Jehova Molimo o fane ka thuso ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, ka moea oa hae o halalelang, le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang.—Luka 11:13.
E le ho thusa barati bohle ba tokoloho ho itšoarella ka matla tokolohong, selemong sena likopano tsa setereke tsa Lipaki tsa Jehova li tšohla sehlooho “Barati ba Tokoloho” hantle. Likopano tsena li tla nka matsatsi a mararo, ’me li tla qala ka Labohlano hoseng ka 9:30 ’me li tsoele pele ho fihlela ka Sontaha ka 4:00 thapama. Bohle ba tlang likopanong tsena ba tla khatholloa le ho ahoa moeeng ke lipuo tse susumetsang, lipuisano tse thahasellisang, lipontšo tse sebetsang, le tšoantšiso e hlollang ea mehleng ea kajeno; leha e le hore re ka hlokomoloha thabo ea ho kopana le metsoalle ea khale le e mecha, monyaka oa ho kopanela le ba bang ba likete ho bineng lipina tsa ’Muso, le ho kopanela lithapelong tsa phatlalatsa tse tsoang botebong ba pelo.
E se eka bahlanka bohle ba Jehova ba inehetseng ba ke ke ba lumella letho hore le sitisane le ho ba teng ha bona ka Labohlano hoseng ha likopano tsena li qala. Etsa bonnete ba hore ha u tle le Bibele le buka ea lipina feela empa hape u tle le pensele le buka hore u tle u ngole lintlha. Hape u tle u e-na le boikutlo ba ho ela hloko ka sebele tlhoko ea hao ea moea joaloka e mong oa batho ba lokolohileng.—Mattheu 5:3, NW.