Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli”
MATSATSING a qalang a pōpo ho ile ha etsoa leseli lefatšeng. Re bala hore Jehova Molimo o ile a re: “Leseli ha le be teng; ’me leseli la e-ba teng.” (Genese 1:3) Sena se lumellana le seo moapostola Johanne a ileng a se ngola: “Molimo ke leseli, ’me ho eena lefifi ha le eo ho hang.”—1 Johanne 1:5.
Kaha Mora oa Molimo o bonngoeng le Ntate oa hae, ha ho makatse hore ebe ka lekhetlo le leng Jesu o kile a re: “Ke leseli la lefatše.” (Johanne 9:5) Re ka tsoa lefifing ra kena leseling ka ho lumela ho Jehova Molimo le ho Mora oa hae. Jesu o ile a boela a tiisa hore: “Ke tlile lefatšeng, ke le leseli, hore e mong le e mong ea lumelang ho ’na, a se ke a lula lefifing.” (Johanne 12:46) Ka hona, ka ho loketseng Jesu Kreste o itse ka balateli ba hae: “Le leseli la lefatše. . . . Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.”—Mattheu 5:14, 16.
Ke tlhohonolofatso e kaakang ho fumana ’nete, ho utloisisa Lentsoe la Molimo joalokaha le hlakisitsoe ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale”! (Mattheu 24:45-47) Ha re sa emisoa lihlooho ke ho lumela Boraro-bo-bong; ha re sa ferekanngoa ke hore na ke hobane’ng ha Molimo o matla ’ohle le o lerato o lumella bokhopo le pefo; ha re sa na pelaelo ka boemo ba bafu. Leseli le re file tšepo, tšepo ea ’Muso. Le re senoletse hore na Molimo ke ’Mōpi ea babatsehang hakaakang. Leseli la ’nete le re file morero bophelong, hore re sebeletse morero oo ha e le hantle re neng re o bōpetsoe, e leng ho tlotlisa ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Sena re se etsa ka ho ba bajari ba leseli. Ho ba bajari ba leseli ke tlhompho le tokelo e khōlō, empa hape ke boikarabelo bo tebileng. E le hore re phethe boikarabelo boo hantle, ho hlokahala hore re sebelise thuso eohle eo Jehova a fanang ka eona. Kahoo ke ho loketseng hakaakang hore ebe likopano tsa rōna tsa setereke tsa 1992 li bitsoa Likopano tsa Setereke tsa “Bajari ba Leseli”!
E le hore re tle re ntlafatse bohlale ba rōna le kananelo ea rōna bakeng sa karolo ea rōna joaloka bajari ba leseli, re tla batla hore bonyane re be teng ho e le ’ngoe ea likopano tsena, re be teng pineng e bulang le ho lula ho fihlela thapelong e koalang. Re tla batla ho mamelisisa ka hloko se tla buuoa sethaleng, ebang ke lipuo, lipuisano, liphihlelo, kapa tšoantšiso. Ho ngola lintlha ha ho thuse feela hore re tle re ikhopotse hamorao empa ho boetse ho re thusa haholo hore re tsepamise likelello ho se boleloang. E, nakong ea kopano, bohle re tla batla ho ‘hlokomela kamoo re mamelang ka teng.’—Luka 8:18.