“Letsatsi la Mohalaleli Nicholas”—Le Hlahile Hokae?
TSAMAEA literateng tsa Belgium mathoasong a Tšitoe, ’me u tla bona pono e hohelang: lihlotšoana tsa bana ba eang ka ntlo le ntlo, ba binang lithothokiso tse khutšoaane tse bitsoang “lipina tsa Mohalaleli Nicholas.” Beng ba matlo ba arabela bana bao ba ratehang ka ho ba putsa ka litholoana, pompong, kapa chelete.
Ketsahalo ke efe? “Letsatsi la Mohalaleli Nicholas”! United States le linaheng tse ling, “Mohalaleli Nicholas,” kapa “Santa Claus,” o amahanngoa le letsatsi la Keresemese. Empa Belgium, “mohalaleli” eo ea litelu-telu o na le letsatsi la hae. Ka sebele, “Mohalaleli Nicholas” (Sinterklaas, kapa Sint Nicolaas), eo letsatsi la mokete oa hae le oelang ho la botšelela Tšitoe, ke e mong oa “bahalaleli” ba ratoang ka ho fetisisa Belgium le Netherlands. Likereke tse ngata, matlo a manyenyane a thapelo, literata, kapa matlo a bolulo a rehelletsoe ka eena. Ka ho tloaelehileng o tsejoa e le “motsoalle oa bana e moholo” ea ikemiselitseng ho ba abela limpho ka letsatsi la mokete oa hae.
Mantsiboea a pele ho letsatsi leo la phomolo, bana ba banyenyane ba beha se seng sa lieta tsa bona kapa lieta tse roaloang ka tlung pel’a chomela ha ba ntse ba bina lithothokiso tsa bona tse khutšoaane. Ba bolelletsoe hore “Mohalaleli” Nicholas le mohlanka oa hae oa motho e motšo (ea bitsoang Black Peter) ba tla fihla bosiung bona boo ka sekepe se tsamaisoang ka mosi ba tsoa Spain. Ka mor’a moo, “mohalaleli” o tla kalla pere ea hae e putsoa ha a feta ka holim’a marulelo, a latetsoe ke Black Peter, ea nkileng lere le mokotla o moholo o tšetseng lintho tsa ho bapala le lipompong. Nicholas o boetse o tlisa liapole, makotomane, le lihlahisoa tse ling tse tsoang tšimong. Hangata o siea mofuta o mong oa biskiti e sootho, e tšetsoeng ka linōko e bitsoang speculaas, kapa libiskiti tsa mobishopo, tse bakuoeng ka libōpeho tse khethehileng, tse entsoeng ka masene.
Ke bo-mang ba li amohelang? Bao e ileng ea e-ba bana ba molemo selemong se ka pele. Leha ho le joalo, ba sa utloeng ba tla fumana lere kamoo ho boleloang ka teng; kapa ho hobe le ho feta, ba ka ’na ba tšeloa ka mokotleng oa Black Peter eaba baa nkoa! Ka hona, ka ho utloahalang bana ba chesehela ho qekisa baeti bana ba tlang bosiu. Kahoo, “mohalaleli” o emetsoe ke galase e tšetseng joala, ’me sehoete kapa likukoana tsa tsoekere tse seng kae li behoa li se li ntse li lokile bakeng sa pere ea hae.
Batsoali ba bangata ba Belgium ba nka “Letsatsi la Mohalaleli Nicholas” e le nako e thabisang ka ho fetisisa selemong. Ba thabela ho shebella lifahleho tse le lebelletseng tsa bana ba bona ba chesehelang ho fumana hore na “mohalaleli ea molemo” o ba tliselitse eng! Kahoo ba phetela bana ba bona lipale tse iqapetsoeng, kaha ba tseba ho fokolang ka hore na meetlo ena e simolohile kae. Mohlomong ba ne ba tla nyaroha, haeba ba ne ba tseba.
“Mohalaleli” Nicholas le Odin
Oosthoeks Encyclopedia ea hlalosa: “Ketekelo ea [Mohalaleli Nicholas] ka lelapeng e hlahile moketeng oa kereke (ho akarelletsa lintho tse etsetsoang bana ba sa lebella) ’me oona o hlahile mekhoeng e tsoakaneng ea pele ho Bokreste. Mohalaleli Nicholas, ea kallang ka holim’a marulelo, ke molimo oa bohetene Wodan [Odin]. . . . Mohalaleli Nicholas o ne a boetse a etella pele lephehlo-phehlong leo ho lona meea ea bafu e etelang lefatše.”
E, Bateute ba ne ba lumela hore Odin, kapa Wodan, molimo oa bona oa sehlooho, o ne o etella meea ea bafu pele ho kalleng ho mabifi ho pholletsa le naha nakong ea “matsatsi a leshome le metso e ’meli a mabe” pakeng tsa Keresemese le Epiphany (la 6 Pherekhong). Moea o bang teng ka mor’a moo o ne o fefola lipeō tsa lihlahisoa tsa masimo, ho susumetsang matla a ho bea kapa ho emola. Ho thoe’ng ka liapole, makotomane, le lihlahisoa tse ling tsa nako ea hoetla tse fanoang hoo e ka bang ka “Letsatsi la Mohalaleli Nicholas”? Tsena e ne e le litšoantšetso tsa matla a ho bea kapa ho emola. Batho ba boholo-holo ba ne ba lumela hore ba ne ba ka qekisa melimo ea bona ka ho e neha limpho nakong ea matsatsi a mohatsela, a lefifi a mariha. Hona ho ne ho tla ba le phello ea ho hlahisa bana ba eketsehileng bakeng sa motho le phoofolo, le ho hlahisa lijalo tse eketsehileng mobung.
Odin o ne a tsamaea le mohlanka oa hae Eckhard, ea etellang Black Peter pele, eo le eena a neng a nkile lere. Hoo e ka bang morao-rao Mehleng e Bohareng, ho ne ho lumeloa ka ho tloaelehileng hore lifate le limela tse itseng li ne li ka emolisa batho le hore ho otla mosali ka lekala feela la sefate se joalo ho ne ho lekane ho mo emarisa.
Buka Feest-en Vierdagen in kerk en volksgebruik (Matsatsi a Phomolo le Mekete ka Kerekeng le Meetlong e Tloaelehileng) e bolela lintho tse ling tse seng kae tse tšoanang pakeng tsa Odin le “Mohalaleli” Nicholas: “Wodan le eena o ne a tlatsa likhohlopo le lieta tsa lepolanka tse behiloeng pel’a chomela ka gauda feela. Bakeng sa pere ea Wodan, furu le litlhaka le tsona li ne li kenngoa ka seeteng sa lepolanka. Ngata ea ho qetela e tsoang tšimong le eona e ne e le ea pere.”
Buka Sint Nicolaas, ea B. S. P. van den Aardweg, e supa lintho tse ling tse matla tse tšoanang tse seng kae:
“Mohalaleli Nicholas: ke motho e molelele, ea matla ea lutseng holim’a pere e tšoeu. O na le litelu tse telele tse tšoeu, o nkile lere letsohong la hae, ’me o roetse katiba hloohong ea hae . . . o apere purepera e sephara, e lepeletseng ea mobishopo.
“Wodan: ke motho e molelele ka seemo ea litelu li tšoeu. O roala katiba e lemeno le sephara e khohlelitsoeng ka mahlong ho eena. O tšoere lerumo la boloi letsohong la hae. O apere seaparo se pharalletseng ’me o kaletse pere ea hae e putsoa e tšepahalang e bitsoang Sleipnir.
“Ho na le tse eketsehileng linthong tsena tseo ho bonahalang li tšoana: Wodan o ne a kaletse pere ea hae e putsoa moeeng ’me batho ba tlakaselang ba ne ba fana ka likuku tse kentsoeng litholoana ka hare ho phaella ho nama le lihlahisoa tsa masimo. Mohalaleli Nicholas o kaletse holim’a marulelo ’me bana ba lokisetsa furu, lihoete, le metsi bakeng sa pere. Likukoana tse entsoeng ka khemere le lere e ne e le litšoantšetso tsa matla a ho emola nako e telele pele mekete ea Mohalaleli Nicholas e qaleha.”
Litšebeletso tsa Kajeno tsa ho Emola
Meetlo e meng e ’maloa e mabapi le “Mohalaleli” Nicholas ka ho tšoanang e senola tšimoloho ea eona ea bohetene. Ka mohlala, libakeng tse ka leboea ka la 4 Tšitoe, bashemane ba lilemo tse tlohang ho tse 12 ho ea ho tse 18 ba bonahala literateng. Ba apere liphahlo tse sa tloaelehang tse majaba-jaba tse khabisitsoeng ka masiba, likhaketlana, le lihlahisoa tse ling tsa sebaka ka seng, bashanyana bao ba roetseng likatiba tsa ho ikhakanya ba emela “Bo-mohalaleli Nicholas ba banyenyane,” kapa Sunne Klaezjen. Mantsiboeeng a letsatsi le latelang, ho kena banna ba lilemo li 18 le ho feta. Ka phirimana, ba feralla literateng. Ba leleka basali bohle, banana, le bashanyana bao ho etsahalang hore ba thulane le bona, ba sebelisa mafielo, manaka a nare, le melangoana. Ho thoe bananyana ba tantše kapa ba tlōle thupa.
Morero oa see sohle e ne e le ofe? E ne e boetse e le ho emolisa—kameho e neng e e-ba teng ka mehla bakeng sa meetlo ea boholo-holo. Mariha e ne e le nako ea lefifi le ea ho tšoenyeha, ’me hangata a ne a talingoa e le nako eo ka eona molimo oa kemolo o robetseng kapa o shoeleng. Ho ne ho nahanoa hore molimo o ne o ka fuoa bophelo bo bocha ka mekhoa e sa tšoaneng kapa hore bonyane molimo kapa molimotsana o ne o ka thusoa ka ho itseng. Limpho, litantši, lerata, ho otloa ka lere le fanang ka matla a ho emolisa—lintho tsena tsohle li ne li talingoa e le litsela tsa ho leleka meea e khopo le ho eketsa matla a ho emolisa bana bathong le liphoofolong, le ho hlahisa lijalo mobung.
Kahoo ha bananyana ba tlōla thupa, ba etsisa baholo-holo ba bona ba neng ba lumela hore semela se bitsoang flax se ne se tla hōla ho latela hore na ba tlōletse holimo hakae. Ka ho leleka basali le bana, bahlankana ba ne ba tsosolosa tšebeletso ea ho leleka meea e khopo.
Qeto ea Barapeli ba ’Nete
Ke hobane’ng ha litšebeletso tse joalo li fetohile karolo ea hoo ho thoeng ke Bokreste? Hobane lilemong tse makholo tse fetileng, baromuoa ba kereke ha baa ka ba tsitlallela hore basokolohi ba bona ba latele taelo ena ea Mangolo: “Tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, . . . le se ke la ama sesila.” (2 Ba-Korinthe 6:17) Ho fapana le ho felisa mekhoa ea bohetene, ha e le hantle baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba ntšetsa meetlo ena pele ka ho e ntlafatsa le ho e sebelisa. Meetlo e joalo eaba e jaleha lefatšeng kaofela.
Bajaki ba Madutch ba ileng ba aha Amerika Leboea ba ile ba nkella ketekelo ea “Mohalaleli” Nicholas le bona. Ka mor’a nako lebitso leo le ile la fetoloa sebōpeho ho ba “Santa Claus.” Mobishopo eo ea ikhantšang o ile a fetoloa motho ea marama a mafubelu, ea motenya ea apereng sutu e khubelu e khanyang. Katiba ea hae ea mobishopo e ile ea fetoloa katiba ea motho e mokhutšoanyane oa tšōmong ’me pere e tšoeu ea fetoloa selei se huloang ke khama. Leha ho le joalo, Santa Claus o ile a tsoela pele e le motho ea fanang ka limpho, le hoja ketelo ea hae e ile ea fetisetsoa Mantsiboeeng a Keresemese.
Libakeng tsa Boprostanta tsa Jeremane, “Mohalaleli” Nicholas oa K’hatholike o ile a nkeloa sebaka ke “Father Christmas” ea batlang a sa nke lehlakore. Leha ho le joalo, mekhoa e tsoakaneng ea bohetene e lutse e ntse e hlokomeleha ka ho hlakileng ho fihlela kajeno.
Jesu Kreste o itse “barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Ho ba rapelang ka tieo, meetlo ea “Mohalaleli” Nicholas e fana ka phephetso ea sebele: Na barapeli baa ba tla tsoela pele ho ntšetsa pele mekhoa ea boholo-holo ea borapeli ba Odin, kapa ba tla itokolla ho mesaletsa ea bohetene? Ena ke nako e ntle ea selemo ea ho nahana ka potso eo e tebileng.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Harper’s Weekly