Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 11/15 leq. 28
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monyako o Lebisang Bophelong ba Nako e Fetileng?
  • Mak’hatholike le ho Ntša Mpa
  • Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
    Tsoha!—2009
  • Ho Ntša Mpa—Lefatše le Arohane
    Tsoha!—1987
  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?
    Tsoha!—1995
  • O Ntša Mpa—Ke Mang ea Nepileng?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 11/15 leq. 28

Ho Nyarela ka Litabeng

Monyako o Lebisang Bophelong ba Nako e Fetileng?

Likhoeling tse ’maloa tse fetileng ho ile ha fumanoa banana ba bararo ba sekolo sa mathomo se kopaneng le se mahareng ba ilibane tseleng Tokushima, Japane, e le phello ea ho leka ho ipolaea. Ke eng e ileng ea susumetsa ketso eo ea bona? Asahi Shimbun e ile ea tlale ha: “Ba ne ba lumela hore e ne e le likhosatsana tsa boholo-holo tse ileng tsa boela tsa tsoaloa ’me ba ile ba ipolella hore ba ne ba tla hloelisa bophelong ba bona ba nako e fetileng haeba ba ne ba ka fihla lintšing tsa lefu.” Koranta ena e bolela hore se bakang sena, ke “tšekamelo e teng har’a bana ea ho retelehela lefatšeng la tšebelisano le meea, [e] ’nileng ea ata haholo lilemong tse ’maloa tse fetileng.” Banana bana e ne e le babali ba khothetseng ba libuka tsa lipale tse qabolang tse bontšang ho tsoaloa hangata.

Leha ho le joalo, ho amohela khopolo ea ho tsoaloa hangata e mpa feela e le ho thekesela ho se nang molemo ho leba setšoantšong seo e seng sa sebele lehoatateng. Bibele e senola hore lefung ‘motho o khutlela leroleng la hae; ka tsatsi lona leo, merero ea hae e felile.’ (Pesaleme ea 146:4) ’Nete ena e mabapi le lefu e ’nile ea pupetsoa ke thuto e thetsang ea hore sephefumolohi se tsoela pele ho phela ka mor’a lefu la motho. Ho e-na le ho ruta hore batho ba na le sephefumolohi se sa shoeng, Bibele e bolela hore sephefumolohi sea shoa. (Ezekiele 18:4) Empa ho na le tšepo e hlollang ea tsoho bakeng sa ba leng khopolong ea Molimo. (Johanne 5:28, 29) Bibele e boetse e pepesa mohlohlelletsi ea ka sehloohong oa lithuto tsa sephefumolohi se sa shoeng le ho tsoaloa hangata; ke Satane Diabolose, “ntat’a leshano.”—Johanne 8:44, NW; bapisa le Genese 3:4.

Mak’hatholike le ho Ntša Mpa

Ho se ho batla ho fetile lilemo tse leshome ho tloha ha ho vouteloa ho amohela qeto e entsoeng ka ho ntša mpa Italy eo ho eona Kereke e K’hatholike e ileng ea hlōloa. Leha ho le joalo, lengolong la moraonyana tjena le ntšitsoeng ke babishopo ba Italy, ba boholong K’hatholike ba boetse ba supa hore “ho hana ho ntša mpa kapa esita le ho sebetsana le hona feela ke tlamo e tebileng ea boitšoaro, e theiloeng molaong o ngotsoeng pelong ea motho e mong le e mong o bileng o tiisitsoeng ke kereke melaong ea eona, o fanang ka kotlo ea ho khaola Bakreste ba ntšang mpa kapa ba sebetsanang le hona.”

Ba baahi Italy ba nahana joang ka ho ntša mpa? Tlhahlobo ea moraonyana tjena e entsoeng ho batho ba 2 040 e ile ea senola hore ho fapana le litaelo tsa kereke, baahi ba Italy ba amohela ho ntša mpa maemong a mane. (1) Haeba ho ima ho behile bophelo ba ’mè kotsing, karolo ea 83 lekholong e lumellana le ho ntša mpa. (2) Ha ho e-na le kotsi ea hore ngoana ea e-s’o tsoaloe e ka ba sehole, karolo ea 76,3 lekholong e lumellana le ho ntša mpa. (3) Haeba bophelo bo botle ba mosali bo le kotsing, karolo ea 71,1 lekholong e lumellana le ho ntša mpa. (4) Haeba ho ima hoo e le phello ea ho betoa, karolo ea 55,2 lekholong e lumellana le hore ho ntša mpa ho lokela ho lumelloa. La Repubblica e tlaleha hore baahi ba Italy ba fetang a le mong ho ba bane ba lumellana le ho ntša mpa “maemong ’ohle ao mosali a ratang ho e ntša ho ’ona.” Ho hakanngoa hore ho ntšoa limpa tse 300 000 ka molao le ka ntle ho molao selemo se seng le se seng Italy.

Ho hlakile hore litabeng tse tebileng joalo tsa botho, ba boholong K’hatholike ba hlōlehile ho neha litho tse tšepahalang tsa kereke taeo e lekaneng ea Mangolo le ho li laela hore li e utloe. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba rutiloe seo Mangolo a se bolelang tabeng ena ea bohlokoa. Ka lebaka la ho hlompha litlhokahalo tse phahameng tsa boitšoaro tsa Bibele, ha ba ntše mpa boemong leha e le bofe ba a mane a boletsoeng ka holimo.—Exoda 21:22-25, NW; bona le Pesaleme ea 139:14-17; Jeremia 1:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela