Bethlehema—Na ke Tšoantšetso ea Bonngoe ba Bokreste le Lerato?
“BETHLEHEMA . . . ke bopaki ba lerato le sa feleng, ke thuto ea boikokobetso.”—Maria Teresa Petrozzi, mongoli oa buka Bethlehem.
Na Bethlehema e bolela ho hong ho kang hoo ho uena? Mohlomong ho joalo, kaha batho ba makholo a limillione ba rapelang ka tieo, ba ratang khotso ba lefatše ba talima Bethlehema ka tlhompho e tebileng, haholo-holo nakong ea Keresemese. Ba hlokomela hore motse ona o monyenyane o Bochabela bo Hare ke sebaka sa tsoalo ea “Morena oa khotso,” Jesu Kreste. Ka makholo a lilemo batho ba etelang libaka tse halalelang ba ’nile ba phuthehela mona ho etela se seng sa libaka tse halalelang ka ho fetisisa tsa Bokreste-’mōtoana, mohlomong le ho tla se hlompha ka tsela ea borapeli. Sebaka seo ke Lehaha la Tsoalo ea Jesu, e leng sebaka seo neano e reng Jesu Kreste o tsoaletsoe ho sona. Se ka har’a moaho o moholo, oa histori o bitsoang Kereke ea Tsoalo ea Jesu.—Esaia 9:6; Mattheu 2:1.
Leha ho le joalo, ha e le hantle, na libaka tsena tse halalelang tsa neano li sebelelitse e le litsi tsa bonngoe ba Bokreste, lerato, le boikokobetso? Ke qeto efe eo u e fihlelang ho tsoa ho se latelang?
Mongoli oa Mok’hatholike Maria Teresa Petrozzi o hlalosa tjena bukeng Bethlehem: “Ho tloha lekholong la bo16 la lilemo, [Bethlehema] e ile ea mamella lintoa tse mahlo-mafubelu le tse ileng tsa baka tšollo e khōlō ea mali pakeng tsa Balatine [Mak’hatholike a Roma] le Bagerike [balumeli ba kereke ea Orthodox ea Bagerike] ha ba tseka boeta-pele ka kerekeng ea Tsoalo ea Jesu.” ‘Lintoeng tsena tse ileng tsa baka tšollo e khōlō ea mali’ tse ileng tsa ’na tsa loanoa khafetsa bakeng sa ho fumana bolaoli ho ne ho tsekoa naleli ea silevera e neng e le ka Lehaheng la Tsoalo ea Jesu, le ka tlas’a Kereke ea Tsoalo ea Jesu. Ho boleloa hore naleli ena e tšoaea sebaka sa sebele sa tsoalo ea Kreste. Bukeng ea hae The Church of the Nativity, Bethlehem, R. W. Hamilton oa tlaleha: “Ho tsebahala hantle hore tse peli tsa lintlha tsa tsekisano e neng e le teng pakeng tsa Fora le Russia e ileng ea lebisa ntoeng ea Crimea li ne li amana le litsekisano tsa ho ba le linotlolo tsa menyako e meholo ea kereke eo le tsa phaposi e ka tlas’a mokato o moholo oa kereke [Lehaha la Tsoalo ea Jesu], le ho utsuoa ho makatsang ha naleli ea silevera e neng e e-na le mongolo oa Selatine bosiung bo bong ka 1847 e neng e kentsoe ka tlas’a letlapa la majoe a masesaane a benyang ka tlas’a aletare ea Tsoalo ea Jesu.”
Ka baka la likhohlano tse ’nileng tsa tsoela pele pakeng tsa lihlopha tsa malumeli ho theosa le makholo a lilemo holim’a litokelo libakeng tsena, “hona joale litokelo tsa sehlopha ka seng sa bolumeli li boletsoe ka hloko le ka tsela e qaqileng. Ka mohlala, maboneng a 53 a ka lehaheng leo, balateli ba Mohalaleli Francis ba lumelletsoe ho sebelisa a 19. Aletare ea Tsoalo ea Jesu e fuoe Bagerike, ’me Balatine ha baa lumelloa ho tšoarela litšebeletso moo.”—Historical Sites in Israel.
Nakong ea Keresemese, haeba boemo ba lipolotiki bo lumela, sehlopha ka seng sa bolumeli sa Bokreste-’mōtoana se tšoara ’Misa oa sona oa Keresemese ’me se etsa mokoloko o phunyelletsang Bethlehema. Ka la 24 le la 25 December, Balatine ba etsa mokoloko ’me ba tšoara ’Misa har’a mpa ea bosiu ka har’a Kereke ea Mohalaleli Catherine, haufi le Kereke ea Tsoalo ea Jesu, eo hona joale e kopanetsoeng ke likereke tsa Orthodox tsa Bagerike le Maarmenia. Ka la 6 January, likereke tsa Orthodox tsa Bagerike, Masyria, le tsa Macopt li keteka ’Misa ea tsona ea Keresemese. Ka la 18 January, ho tšoaroa ’Misa oa Keresemese oa kereke ea Orthodox ea Maarmenia, ka la 19 January ho etsoa mokoloko.
Na liketsahalo tse sa tsoa boleloa li bolela hore libaka tse halalelang tsa neano tsa Bethlehema ke ‘bopaki ba lerato le sa feleng, thuto ea boikokobetso’? Ho phaella moo, na li senola ’nete ka maemo a tsoalo ea Jesu? Ka mohlala, o tsoetsoe neng? Na ka sebele o tsoaletsoe moo kajeno e seng e le Lehaha la Tsoalo ea Jesu? Na uena kapa motho leha e le ofe e mong o lokela ho hlompha sebaka sa hae sa tsoalo ka tsela ea borapeli?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.