Liithuti tsa Gileade li Nka Tsela e Putsang ea Bophelo
“KETSAHALO ena, ea ho abela sehlopha sa bo90 sa Gileade mangolo, ke e thabisang hakaakang!” Ka mantsoe ao, molula-setulo, Karl F. Klein oa Sehlopha se Busang, o ile a kenyelletsa lenaneo la ho aba mangolo. A hopola nakong ea ha Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se qaleha, o ile a eketsa: “Ke mang ea neng a ka nahana, morao koo ka 1943, ha sehlopha sa pele sa Gileade se abeloa mangolo, hore lilemo tse 48 hamorao re ne re tla be re ntse re kopana hammoho bakeng sa ho abela sehlopha se seng hape mangolo—sa bo90?”
Leha ho le joalo, ka la 3 March, 1991, e le letsatsi le futhumetseng ho fapana le a mang New Jersey, baeti ba menngoeng ba ka holimo ho 4 000 le litho tsa lelapa la Bethele ba ile ba kopana Holong ea Likopano Jersey City, ka mose feela ho nōka ho tloha Motseng oa New York, bakeng sa mokete oa ho abela baromuoa bana ba bacha mangolo. Pele li nka tsela ea bophelo ea boromuoa, liithuti li ne li tla amohela keletso ea ho qetela letsatsing lena leo li abeloang mangolo ka lona.
Lenaneo le ile la qala ka pina. Ka mor’a moo, bohle ba neng ba le teng ba ile ba angoa ka ho teba ke ha Frederick W. Franz, mookameli oa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ea lilemo li 97, a etsa thapelo e bulang. Joale, ka mor’a litlhaloso tse bulang tse ileng tsa etsoa ke molula-setulo, liithuti—le bohle ba neng ba le teng—ba ile ba mamela ka thahasello lenaneo la lipuo tse khutšoaane tse sebetsang.
Max H. Larson oa Komiti ea Fektheri o ile a bua pele, sehloohong se reng: “Basebetsi-’moho le Jehova.” Ka mor’a ho hlokomelisa ka areka ea poloko eo Noe le lelapa la hae ba ileng ba e aha, o ile a re: ‘Kajeno Jehova o bokella lelapa la lefatšeng ka bophara la ba limillione, ’me o rerile ho fetisa lelapa lena le leholo mahlomoleng a maholo.’ Joang? Ka thuso ea areka ea kajeno—paradeise ea moea! O ile a hopotsa liithuti: ‘Lōna, le tla be le e-ea likarolong tse fapaneng tsa lefatše, moo le tla ba basebetsi-’moho le Jehova ho haheng areka ea kajeno.’ Ha a li lokisetsa se larileng ka pele, o ile a re: ‘Ho tla le hloka hore le sebetse. Ho tla hloka mamello. Le tla thulana le mathata. Mona ke moo le tla hloka mahlale ao koetliso ea lōna e le fileng ’ona.’
Daniel Sydlik, setho sa Sehlopha se Busang, o ne a sa tsoa etela baromuoa ba qetileng nako e telele Japane le Costa Rica. Ha a hlakisa sehlooho “Ea Lōna ke Tsela e Putsang ea Bophelo,” o ile a ba arolela tse ling tsa litlhahiso tse thusang tseo a ileng a li fumana ho baromuoa bana ba atlehileng. O ile a hlalosa hore khaitseli e mong o ile a fetisa keletso eo ’mè oa hae a ileng a mo fa eona: ‘Rata tšebeletso ea tšimo. Etsa setsoalle le batho. Arolelana bophelo ba hao le ba bang, ’me hoo ho tla bolela thabo ho uena.’ Khaitseli e mong o ile a re: ‘Ka lilemo-lemo tsena tse fetileng, re hlokometse hore haeba re sa lebelle ho hongata haholo ho ba bang, re ke ke ra soetseha habonolo. Ketso leha e le efe e mosa le e nahanelang e re etsahallang e bolela ho hongata haholo ho rōna.’ Ho sebelisa keletso e joalo e sebetsang ntle ho pelaelo ho tla thusa liithuti hore ka botsona e be baromuoa ba atlehileng.
“Le be le mamello ho bohle,” ho bolela 1 Ba-Thessalonika 5:14. Leon Weaver oa Komiti ea Lefapha la Tšebeletso o ile a hlalosa temana ena ha a ne a bua sehloohong se reng: “Le be le Mamello Mesebetsing Eohle ea Lōna.” Ho akarelletsoa bo-mang ho “bohle” bao re lokelang ho bontša mamello ho bona? Sebui se ile sa arabela: ‘Bao u tlang ho kopana le bona tšebeletsong ea tšimo. Baena le bo-khaitseli phuthehong ea heno e ncha. Baromuoa-’moho le uena. Ba leng lekaleng. Molekane oa hao. Uena ka bouena.’ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be le mamello mesebetsing eohle ea rōna? Sebui se ile sa hlalosa: ‘Baena le likhaitseli, mamello e fokotsa khatello le ho tšoenyeha. Mamello e tlisa khotso. Mamello e boloka tšepo e phela. Mamello e re thusa ho boloka thabo ea rōna ea ho sebeletsa.’
Albert D. Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang eo e ileng ea e-ba mongoli oa pele oa Sekolo sa Gileade, o ile a latela. O ile a bua sehloohong se reng: “Le ’ne le Latele Mohlala oa Lōna—Jesu Kreste,” ’me o ne a thehile litlhaloso tsa hae ho Ba-Filippi khaolo 2 (NW). Temana ea 5 e re: “Le boloke ka ho lōna boikutlo bona ba kelello [“Le hopole sena,” mongolo o botlaaseng ba leqephe] bo neng bo le ho Kreste Jesu.” Sebui se ile sa hlalosa hore: ‘Sena se bontša hore ho hlokahala hore re be le mohopolo o leka-lekaneng, joalokaha Jesu ka boeena a ne a e-na le mohopolo o leka-lekaneng.’ A qala ka temana ea 6, ha a tsoela pele o ile a etsa tlhaloso e thahasellisang, a bontša hore qalong Pauluse o fana ka bopaki ba hore Jesu o ne a e-na le mohopolo o leka-lekaneng (litemana 6-8) ’me o thathamisa litsela tseo Jehova a ileng a mo putsa ka tsona bakeng sa tsela ea hae e bontšang kutlo (litemana 9-11). O ile a qetella ka hore: ‘Ena ke karolo ea tokelo ea lōna, ho bolela ka Morena Jesu Kreste, ho thusa ba bang ho ba le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo a neng a e-na le bona.’
Ebe barupeli ba sekolo ba ne ba e-na le mantsoe afe a ho qetela ho liithuti tsa bona? Jack D. Redford o ile a bua sehloohong se reng: “Matla a ho Nahana a Tla U Lebela.” (Liproverbia 2:10, 11, NW) O ile a hlalosa: ‘Ha u e-tsoa hona joale, thabo ea hao e ke ke ea itšetleha ka hore na u mang kapa ka hore na u na le eng kapa esita le ka ’nete ea hore u seithuti sa Gileade. Thabo ea hao e tla itšetleha ka tsela eo u nahanang ka eona. Haeba u sebelisa matla a hao a ho nahana ’me u sebelisa tsebo ea hao, u tla thaba.’ Ha a bontša bohlokoa ba matla a ho nahana, o ile a hlalosa: ‘Phapang pakeng tsa ketso e nepahetseng le ketso e fosahetseng ke mohopolo. Seo u se nahanang se rera seo u se etsang.’ J. D. Redford o ile a qetella ka mantsoe ana a khothatso ho liithuti: ‘Ho na le batho ba bangata ba bohlale haholo lefatšeng ba sa khoneng ho nahana hantle, ’me ho na le batho ba bangata ba nang le bohlale bo itekanetseng ba fetohileng litsebi tsa ho nahana. Kahoo iphumaneleng bohlale boo. Ikemisetseng ho sebelisa likelello tsa lōna. Sebelisang tsebo ea lōna. Sebetsanang le mathata. Sebelisanang hamolemo le batho. Amohelang bolaoli. E-bang ba behang litholoana mosebetsing oa lōna. Mamellang kabelong ea lōna.’
Ulysses V. Glass, mongoli oa sekolo, o ile a khetha sehlooho se reng: “Jehova o Tšehetsa Letsoho la Rōna,” se theiloeng ho Pesaleme ea 37:23, 24, (NW). O ile a hlalosa: ‘Ke tlameha ho babatsa sehlopha sena, ka baka la thahasello ea sona tabeng ea ho ithuta.’ O ile a ba hopotsa tse ling tsa lithuso tseo Jehova a faneng ka tsona bakeng sa ho ba tšehetsa—Lentsoe la Molimo, lekhoba le khabane le le bohlale le tlas’a tataiso ea Jesu ho fana ka moelelo le kutloisiso ea Mangolo, litokollo tse fapa-fapaneng, liboka, le likopano. O ile a tsoela pele: ‘Lithuso tseo le li sebelisitseng lithutong tsa lōna li tšoana le lere le molamu oa moea. Re li hloka bakeng sa ho ikokotlela moeeng, ’me li boetse li re nolofalletsa ho bua ka matla ha re fetisetsa Lentsoe la Molimo ho ba bang.’ Ha a qetella o ile a fa liithuti mantsoe ana a keletso: ‘Haeba pelo ea hao e tletse lerato ho batho, lipelo tse tšepahalang li tla arabela. U tla atleha tšebeletsong ea hao, ’me u tla tseba hore Jehova o tšehetsa letsoho la hao.’
Sebui sa ho qetela lenaneong la hoseng e ne e le Carey W. Barber oa Sehlopha se Busang, ea ileng a khetha sehlooho se reng: “Kenang ka Monyako o Patisaneng.” Ha a hlalosa Luka 13:23, 24, o ile a re: ‘Ba bangata ba batla mahlohonolo a bophelo, empa ke ba fokolang haholo ba ikemiselitseng ho ikitlaetsa ka matla a lekaneng hore ba ka a fumana.’ Ho thoe’ng ka rōna? ‘Ho molemo hore re ipotse, “Setšoantšo see sa monyako o patisaneng se bolela’ng ho ’na ka bonna?”’ Ba hlōlehang ho kena ka monyako o patisaneng ha ba hlōlehe hobane hoo ho ke ke ha khoneha, empa hobane ba sa ikemisetsa ho ikitlaetsa. Sebui se ile sa hlalosa, ‘Jehova ha a batle ho hongata haholo ho rōna.’ O ile a qetella ka hore: ‘Ka thuso ea Jehova, e se eka kaofela ha rōna ka thabo re ka ikitlaetsa ka matla a lekaneng ho kena ka monyako o patisaneng e le hore re kene lefatšeng le lecha la bophelo bo sa feleng, khotso, thabo, le nyakallo, tlotlisong ea ka ho sa feleng ea Jehova!’
Ka mor’a litlhaloso tsena, molula-setulo o ile a fetisa litumeliso tse amohetsoeng tse tsoang likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše. Joale ho ne ho fihlile nako ea hore liithuti li amohele mangolo a tsona a diploma. Liithuti li ne li tsoa linaheng tse tšeletseng—Canada, Finland, Jeremane, Great Britain, Switzerland, le United States. Leha ho le joalo, likabelo tsa tsona li tla li isa linaheng tse kang Argentina, Benin, Bolivia, Dominican Republic, Papua New Guinea, Peru, St. Lucia, le Taiwan. Liithuti li ile tsa ikutloa joang ka letsatsi la tsona la ho abeloa mangolo? Karolo ea lengolo le amang maikutlo le neng le ngoletsoe Sehlopha se Busang le lelapa la Bethele e ne e re: “Re kholisehile ka tšehetso ea Sehlopha se Busang, lelapa la Bethele, le mokhatlo oohle oa Jehova o hlophisitsoeng. Ha re thulana le liteko, tšehetso eo ke ntho eo re tla e tšoara joaloka letlotlo. Ka sebele re leboha tšehetso ena.”
Ka mor’a khefu, lenaneo la thapama le ile la qala ka Thuto e khutsufalitsoeng ea Molula-Qhooa, e neng e khannoa ke Karl A. Adams. Ka mor’a moo, liithuti li ile tsa etsa lipontšo ka liphihlelo tsa sebele tsa ho loanela ho finyella lipelo ha li ruta batho Lentsoe la Molimo. Qetellong, bohle ba neng ba le teng, ho kopanyelletsa le liithuti tsa Sehlopha sa bo90, ba ile ba thabela tšoantšiso e nakong eo sehlooho sa eona se neng se re Qoba Matšoenyeho a Bophelo, e ileng ea etsoa ke bahoeletsi ba moo.
Molula-setulo, Karl Klein, o ile a buella bohle litlhalosong tsa hae tse qetellang ha a re: “Ka sebele ho bile molemo ho rōna ho ba mona letsatsing lena la boraro la March 1991!” Joale lenaneo le thabisang le ile la qetella ka pina e koalang, e ileng ea lateloa ke thapelo e ileng ea etsoa ke Harold J. Dies.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Lipalo tse Amang Sehlopha
Lenane la linaha tse emetsoeng: 6
Lenane la linaha tseo li abetsoeng ho ea ho tsona: 10
Lenane la liithuti: 24
Karolelano ea lilemo: 31,2
Karolelano ea lilemo ’neteng: 15
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 11
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sehlopha sa Bo90 se Abeloang Mangolo sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Lethathamong le ka tlaase mona, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng o mong le o mong. (1) Miller, M.; Helenius, S.; Marsh, L.; Kleeman, A.; Loosli, Y.; Nizan, H. (2) Skogen, R.; Nutter, D.; Noack, E.; Diehl, L.; Hair, J. (3) Marsh, C.; Helenius, H.; Loosli, M.; Danio, A.; Danio, A.; Nizan, D. (4) Miller, L.; Noack, J.; Hair, L.; Kleeman, W.; Skogen, D.; Diehl, S.; Nutter, W.