Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 9/1 maq. 30-31
  • Mosebetsi oa Monna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi oa Monna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho fa Bana Tlhokomelo eo ba e Hlokang
    Tsoha!—2005
  • Sebetsa ka Thata Bakeng sa Polokeho ea Lelapa la Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Hōlisa Bana ka Taeo ea Molimo
    Tsoha!—2004
  • Malapa a Maholo a Kopane Tšebeletsong ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 9/1 maq. 30-31

Mosebetsi oa Monna

“¡Ropa, zapato, casa, y comida!” Mantsoe ana a tsoa pineng ea khale ea Sepanishe e thathamisang lintho tsa motheo tse ’nè tseo monna a lebelletsoeng ho li fa lelapa la hae: liaparo, lieta, bolulo, le lijo. ’Me banna ba bangata ba nang le boikarabelo ba leka ho jara moroalo oo ka thabo.

Leha ho le joalo, haeba u monna oa lelapa, na u hlokomela litlhoko tse molemo haholo tsa bomoea ba lelapa la hao? Kapa na, joaloka banna ba bangata, u nahana hore ho hlokomela litaba tsa bolumeli lapeng ehlile hase mosebetsi oa monna? Lichabeng tse ling ha hoa lebelloa le hore banna ba iphe nako ea ho ruta bana ba bona ka Molimo le ka Bibele.

Lentsoe la Molimo le laela monna oa lelapa ea nang le boikarabelo ka ho khethehileng hore a kenye ka har’a lelapa la hae lerato ho Molimo le kananelo e tebileng bakeng sa litekanyetso tsa bomolimo. Ka mohlala, ho Ba-Efese 6:4, (NW) Mangolo a khothatsa banna ba Bakreste ka tsela e latelang: “Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova.”

Ba bang, le hoja ba tloaelane le mantsoe ana, ba ka ’na ba se ke ba utloisisa ka ho felletseng hore lengolo lena le tobisitsoe ka ho khethehileng ho ntate, monna ka lapeng. Ka mohlala, batho ba buang Sepanishe le Sepotoketsi ba ka ’na ba utloisisa hore mantsoe a Ba-Efese 6:4, (NW) a lebisitsoe ho ntate hammoho le ’mè. Lipuong tsena lentsoe le emelang “bo-ntate” le lentsoe le emelang “batsoali” lea tšoana. Leha ho le joalo, temaneng ea 1 ho Ba-Efese khaolo 6, moapostola Pauluse o ile a bua ka ntate hammoho le ’mè ka ho sebelisa lentsoe la Segerike go·neuʹsin, le tsoang ho go·neusʹ, le bolelang “motsoali.” Empa temaneng ea 4, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng e ne e le pa·teʹres, le bolelang “bo-ntate.” E, ho Ba-Efese 6:4, (NW) Pauluse o ne a lebisitse mantsoe a hae ka ho tobileng ho monna ka lapeng.

Ke ’nete hore haeba ho se na monna ea etellang pele ka lapeng, mosali o lokela ho jara boikarabelo bona. Ka thuso ea Jehova bo-’mè ba bangata ba ’nile ba hōlisa bana ba bona ka katleho ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova. Leha ho le joalo, ha monna oa Mokreste a le teng, o lokela ho etella pele. Haeba a hlokomoloha boikarabelo bona, ho ba thata haholo bakeng sa lelapa kaofela ho tšoarella lenaneong le molemo la ho matlafatsa bomoea. ’Me monna ea joalo o tla ikarabella ho Jehova ka ho hlokomoloha boikarabelo ha hae.

Maikutlo a Molimo tabeng ena a bonahala litšoanelehong tsa Mangolo tse behiloeng bakeng sa balebeli le bahlanka ba sebeletsang ka har’a phutheho ea Bokreste. Bibele e hlakisa hore ea khetheloang boemo bona e lokela ho ba “monna ea okametseng lelapa la hae ka mokhoa o motle, ea nang le bana ba ikokobelitseng ka tieo eohle; (haeba monna ofe kapa ofe a sa tsebe ho okamela lelapa la hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?).”—1 Timothea 3:4, 5, 12, NW; Tite 1:6.

Monna oa lelapa o lokela ho ikemisetsa ho tela menyaka le boiketlo ba botho molemong oa bomoea bo botle ba bana ba hae. Ka linako tse ling a ka lokela hore a fokotse nako eo a e abetseng mesebetsi e meng e le hore a ka ba le nako e lekaneng eo a e qetang a e-na le bana ba hae ka mehla. (Deuteronoma 6:6, 7) Leha ho le joalo, a ke ke a tlohela kabelo ena eo a e nehiloeng ke Molimo hore e etsoe ke ba bang. Lerato la hae le thahasello baneng ba hae li tla finyella ho fetang ho ba fa liaparo, lieta, bolulo, le lijo.

Ke phephetso ea sebele ho hōlisa bana “ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova.” Ke kahoo boikarabelo bo ka sehloohong e leng ba monna. Ha ntate oa Mokreste a etsa mosebetsi oa hae hantle, joale a ka nka bana ba hae ba tšabang Molimo e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. A ka bua joaloka mopesaleme: “Bana ba bocha ba rōna ba joalo ka metsu letsohong la mohale. Ho lehlohonolo motho eo khohlopo ea hae e tletseng bona!”—Pesaleme ea 127:4, 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela