“Mosa oa Hae o Lerato o Ipakile o le Matla”
JOALOKAHA HO BOLETSE JOSÉ VERGARA OROZCO
Na u nahana hore bophelo ba hao bo ka tlala matla a macha ha u le lilemo li 70? Sena se ile sa nketsahalla. E ne e le lilemong tse fetang 35 tse fetileng.
Ka mosa o lerato oa Jehova, ho tloha ka 1962, ke ile ka sebeletsa joaloka pula-maliboho oa ka mehla, ’me ho tloha ka 1972, ke ’nile ka ba molebeli Phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ea El Carrizal e seterekeng sa Jalisco, Mexico. E re ke u bolelle hanyenyane ka semelo sa ka.
KE HLAHETSE seterekeng sa Michoacán, Mexico, ka August 18, 1886. Ntate e ne e le setho sa mokhatlo oa sekhukhu oa Free and Accepted Masons, kahoo lelapa leso le ne le sa ee Kerekeng e K’hatholike, esita le hona ho kopanela meketeng leha e le efe ea bolumeli ba K’hatholike kapa ho ba le litšoantšo tsa bolumeli lehaeng la rōna.
Ha ke le lilemo li 16, ntate o ile a ea sebetsa United States, empa o ile a lokisetsa hore monna e mong a nthute mosebetsi o itseng. Leha ho le joalo, lilemo tse peli ka mor’a moo, monna eo o ile a nkisa Motseng oa Mexico bakeng sa koetliso sekolong sa sesole. Ka mor’a moo ke ile ka qala mosebetsi lebothong la sesole la Mexico.
Ho ba Lebothong la Sesole le ka Mor’a Moo
Ke ile ka loana Phetohelong e Khōlō ea Mexico e ileng ea qala ka 1910. Rōna bahlankana ba neng ba le sekolong sa sesole kaofela re ne re tšehetsa Francisco I. Madero, eo e neng e le moeta-pele oa phetohelo e khahlanong le puso ea bohatelli ea Porfirio Díaz. Re ile ra tšehetsa Madero ho fihlela a e-shoa ka 1913, ’me ka mor’a moo, re ile ra tšehetsa Venustiano Carranza, ea ileng a sebeletsa joaloka mopresidente oa Rephabliki ena ho tloha ka 1915 ho isa ho 1920. Re ne re bitsoa Ma-Carranzista.
Ke ile ka leka ho lokolloa lebothong lena la selole ka makhetlo a mane, ke sa atlehe. Qetellong ke ile ka thoba ’me ka fetoha mophaphathehi. Phello ea sena e ile ea e-ba hore ntate, ea neng a se a khutletse Mexico, o ile a koalloa teronkong. Ka letsatsi le leng, ke ile ka iketsa eka ke mochana oa hae, ka mo etela teronkong. Re ile ra buisana ka ho ngollana lipampiri tse nyenyane e le hore balebeli ba se ke ba utloa hore na re re’ng. Ho etsa hore ho se be le motho ea fumanang hore na ke mang, ke ile ka ja lipampiri tsena.
Ka mor’a hore ntate a lokolloe teronkong, o ile a nketela ’me a nkōpa hore ke inehele ho balaoli. Ke ile ka etsa joalo, ’me ka makatsoa ke hore ebe molaoli e moholo ea ikarabellang ha a ka ba a ntšoara. Ho e-na le hoo, o ile a etsa tlhahiso ea hore ke fallele United States. Ke ile ka sebetsa tumellanong le tlhahiso ea hae ’me ka lula moo ho tloha ka 1916 ho fihlela ka 1926.
Ka 1923, ke ile ka nyala mosali oa Momexico eo le eena a neng a lula United States. Ke ile ka ithuta mosebetsi oa ho haha, ra ba ra nka ngoanana e monyenyane hore ebe ngoan’a rōna ka molao. Ha a le likhoeli li 17, re ile ra khutlela Mexico ’me ra lula Jalpa, Tabasco. Eaba ‘phetohelo ea Cristero’ e-ea qala, ’me e ile ea tsoela pele ho tloha ka 1926 ho fihlela ka 1929.
Macristero a ne a batla hore ke kene sehlopheng sa ’ona. Leha ho le joalo, ’na le lelapa la ka re ile ra ikhethela ho balehela Naheng ea Aguascalientes. Ka mor’a ho lula libakeng tse fapaneng Rephabliking ea Mexico, ka 1956 re ile ra lula Matamoros, Tamaulipas, moo ke ileng ka qala ho ba motsamaisi oa mesebetsi ea kaho.
Bophelo ba ka boa Fetoha
Ena ke eona nako eo ka eona bophelo ba ka bo ileng ba qala ho fetoha. Morali oa ka, eo ka nako ena a neng a se a nyetsoe ’me a lula ka mose ho moeli Brownsville, Texas, U.S.A., o ne a re etela khafetsa. Ka tsatsi le leng o ile a re: “Ntate, malapa a mangata a ea holong ea sechaba hona joale. A re eeng re e’o bona hore na ho etsahala’ng.” E ne e le kopano ea Lipaki tsa Jehova. ’Na, morali oa ka, mokhoenyana oa ka, setloholo sa ka, mosali oa ka, re ile ra ba teng ka matsatsi ’ohle a mane a kopano.
Ho tloha selemong seo ho ea pele, re ile ra kopanela libokeng tsa Bokreste tsa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka tsoela pele moeeng Mexico, ha morali oa ka a ntse a etsa se tšoanang United States. Kapele ke ile ka bolella basebetsi-’moho le ’na linnete tsa Bibele tseo ke neng ke ithuta tsona. Ke ne ke fumana limakasine tse leshome tsa tokollo ka ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha!, tseo ke neng ke li abela basebetsi-’moho. Ba bahlano ho ba neng ba sebetsa ka ofising le ba bararo bao e neng e le lienjinere esita le basebetsi ba bang ba ile ba fetoha Lipaki.
Ho ne ho bata haholo letsatsing la December 19, 1959, ha ke ne ke kolobetsoa nōkeng! Bohle ba ileng ba kolobetsoa letsatsing leo ba ile ba kula ka baka la metsi a batang ka ho fetisisa. Morali oa ka o ile a kolobetsoa pele ho ’na, ’me mosali oa ka, le hoja a sa ka a kolobetsoa le ka mohla, o ile a tseba ’nete ea Bibele, ’me o ne a sebelisana le ’na hamolemo.
Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ke ile ka ikutloa hore ke kolota Molimo bakeng sa mosa ’ohle oa oona o lerato, kahoo ka February 1962, ha ke le lilemo li 75, ke ile ka qala tšebeletso ea nako e tletseng joaloka pula-maliboho. Lilemo tse seng kae hamorao, ka 1968, mosali oa ka o ile a shoa. Ka nako eo ke ne ke batla ho sebeletsa linaheng tse ling, empa ka baka la lilemo tsa ka, baena ba ne ba nahana hore hoo ha ho bohlale. Leha ho le joalo, ka 1970, ke ile ka fuoa kabelo ea ho ba pula-maliboho Colotlán naheng ea Jalisco, moo ho neng ho e-na le phutheho e nyenyane.
Ka September 1972, molebeli oa potoloho o ile a etsa tlhahiso ea hore ke fallele toropong e nyenyane ea El Carrizal, e pel’a Colotlán. Ka November selemong sona seo, ho ile ha thehoa phutheho sebakeng seo, ’me ke ile ka khetheloa ho ba moholo. Le hoja e le toropo e ka thōko-thōko ba ka bang 31 ba kopanela libokeng tsa phutheho.
Ho sa tsotellehe lilemo tsa ka, ke ntse ke le mafolo-folo tšebeletsong, ke leka ka thata ho thusa batho ho nahanisisa ka litumelo tsa bona. Ka mohlala, Rosaring Mak’hatholike a tšepahalang a pheta Ahe Maria: ‘Ahe, Maria, ea tletseng Kerasia; Morena o na le uena.’ Thapelo ena e tsoela pele: ‘Maria ea Halalelang, ’M’a Molimo.’ Kea botsa: ‘Seo se ka etsahala joang? Haeba Molimo e le oona o bolokang Maria, ke joang ka nako e tšoanang e ka bang Mora oa hae?’
Hona joale ke lilemo li 105 ’me ke sebelelitse joaloka moholo le pula-maliboho oa ka mehla El Carrizal, Jalisco, ka lilemo tse ka bang 20. Ke ikutloa hore e bile thato ea Jehova hore ebe ke phetse lilemo tsena tse ngata, kaha ka tsela ena nka mo buseletsa bakeng sa nako eo ke e sentseng nakong eo ke neng ke e-s’o Mo sebeletse.
Ntho e le ’ngoe eo ke ithutileng eona ke hore ka mehla re lokela ho kholiseha hore Moahloli oa rōna ea Phahameng ka ho Fetisisa o re shebile a le teroneng ea hae ea ho loka ’me o re fa seo re se hlokang. Joalokaha Pesaleme ea 117:2 (NW) e bolela: “Mosa oa hae o lerato o ipakile o le matla ho rōna.”