Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 6/15 maq. 30-31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Apara Botho bo Bocha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Hlakoloa Nyeliso Lebitsong la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Nahana ka Lefatše le se Nang Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Utsoa—Ke Hobane’ng ha ho sa Lokela?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 6/15 maq. 30-31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Lipaki tsa Jehova li nka ho reka thepa e utsoitsoeng joang?

Bakreste ba qoba ho ba le karolo leha e le efe tabeng ea ho reka thepa kapa lintho tse utsoitsoeng ba tseba hore li utsoitsoe.

Ka sebele ho utsoa ho fosahetse. Molao oa Molimo ho Iseraele o ile oa bolela ka ho hlakileng: “U se ke ua utsoa.” (Exoda 20:15; Levitike 19:11) Haeba lesholu le tšoeroe, le ne le tlameha ho lefa habeli, hanè, kapa hahlano, ho itšetlehile ka maemo.

Ho tloha mehleng ea khale, masholu a ’nile a leka ho rekisa thepa e utsoitsoeng e le hore a ka etsa phaello e potlakileng le hore ha a tšoaroa ho se be le bopaki ba hore a molato. Ka baka la sena, hangata a rekisa thepa e utsoitsoeng ka theko e tlaase hoo bareki ba bangata ba fumanang ho le thata ho hana ho e reka. E ka ’na eaba mokhoa o joalo o ne o ameha ho seo re se balang ho Exoda 22:1, (BPN) “Ha motho a utsoa khomo kapa nku, ’me a e hlaba, kapa a e rekisa, o tla lefa khomo eo ka likhomo tse hlano, ’me a lefe nku eo ka linku tse ’ne.”

A utloisisa se boleloang ke melao e joalo, Rabbi Abraham Chill o ile a ngola: “Ho reka kapa ho amohela ntho e utsoitsoeng ho thibetsoe, esita le haeba ntho eo ha e nkoe e utsoitsoe. Ka hona, motho ha aa tlameha ho reka pōli ho molisa, hobane mohlomong molisa o e rekisa mong’a hae a sa tsebe ’me o rerile ho inkela chelete eo.”—The Mitzvot—The Commandments and Their Rationale.

Ha e le hantle molao oa Molimo ha o thibele ho ‘reka pōli ho molisa’ ka baka la ho belaella feela hore a ka ’na a inkela chelete ea mong’a hae, ha a qeta ho e rekisa. Empa ka lehlakoreng le leng la taba, bahlanka ba Jehova ha baa lokela hore ba nke karolo thekisong (ea pōli kapa ntho leha e le efe) haeba ho hlakile hore ha se ea morekisi kapa e utsoitsoe. Molao oa Molimo o bontša hore O hlompha thepa ea motho e mong, empa lesholu le amoha motho thepa ea hae. Motho ea rekang seo a tsebang hore se utsoitsoe a ka ’na a se ke a fetoha lesholu ka baka la seo, empa ho reka ha hae thepa eo ho etsa hore ho se be bonolo haholoanyane hore mong’a thepa a e fumane.—Liproverbia 16:19; bapisa le 1 Ba-Thessalonika 4:6.

Kaofela ha rōna rea tseba hore bareki ba batla ho reka thepa ka theko e tlaase. Lefatšeng ka bophara basali ba batla moo lintho tse rekisoang li fantisoang, ba leka ho se potlakele ho reka ho fihlela nakong ea ha litheko li le tlaase, kapa ba reka limmarakeng tse rekisang thepa ka bongata kapa mabenkeleng a nang le litšenyehelo tse fokolang ka hona ba reke ka litheko tse molemonyana. (Liproverbia 31:14) Leha ho le joalo, thahasello e joalo ea ho fumana lintho ka theko e tlaase e lokela ho ba le meeli ea boitšoaro. Batho ba tšepahalang mehleng ea Nehemia ba ile ba hana ho reka ka Sabbatha, esita le haeba ba ne ba ka reka ka theko e tlaase ka matsatsi ao. (Nehemia 10:31; bapisa le Amose 8:4-6.) Hoa tšoana le ho Bakreste. Ho hana ha bona ho utsoa ho ba thusa hore ba hlōle teko leha e le efe ea hore ba reke thepa e theko e tlaase empa ho totobetse hore e utsoitsoe.

Ho ka tsebahala hore barekisi ba itseng ba rekisa thepa e utsoitsoeng. Kapa theko e boleloang ka tsela ea lekunutu e ka ba tlaase haholo hoo motho leha e le ofe ea phelang hantle kelellong a ka etsang qeto ea hore ho ka etsahala hore e fumanoe ka litsela tseo e seng tsa molao. Le molao oa naha o ka lumella khopolo e joalo. Buka ea tsamaiso ea molao e re:

“Ka baka la linnete tse bontšang bonokoane ha ho hlokahale hore motho ea qosoang a tsebe hore na thepa eo e utsoitsoe ho mang kapa e utsoitsoe ke mang, kapa hore na e utsoitsoe neng kapa kae, kapa hore na e utsoitsoe ka tlas’a maemo afe, empa ntho ea bohlokoa ke ha a tseba hore e utsoitsoe. . . . Makhotla a mang a molao a ba le maikutlo a hore ho ba le molato oa ho ba le tsebo ho ka ’na ha tiisoa ke ’nete ea hore moqusuoa o amohetse thepa tlas’a maemo a neng a tla kholisa motho feela ea tloaelehileng hore e utsoitsoe.”

Sena ke lebaka le leng hape le utloahalang la hore Mokreste a qobe ho reka thepa e utsoitsoeng. Ho reka ha hae thepa e joalo ho ne ho ka mo etsa motlōli oa molao. Ha e le hantle, linaheng tse ling motho ea rekang lintho tse utsoitsoeng tlas’a maemo leha e le afe, o nkuoa a le molato oa ho tlōla molao. Batho ba bangata ha ba tšoenngoe ke ho tlōla molao haeba ba nahana hore ba ke ke ba tšoaroa. Ha ho joalo ka Bakreste, ba batlang hore ba “ikokobelletse balaoli ba phahameng.” Ho hlompha molao ho ba sireletsa hore ba se ahloloe hobane e le linokoane, ’me ho tlatseletsa hore ba be le letsoalo le letle pel’a Jehova.—Ba-Roma 13:1, 4, 5, NW.

Abrahama motsoalle oa Molimo o behile mohlala o motle mabapi le letsoalo. Mehleng ea hae, marena a mane a bochabela a ile a hlōla marena a moo Lota a neng a lula teng, a inkela lintho tse ngata tsa bohlokoa ka mokhoa oa bosholu ba sesole. Abrahama, o ile a lelekisa lira tsena, a li fumana ’me a khutla le thepa e neng e utsoitsoe. Morena oa Sodoma o ile a bolella Abrahama: “Inkele maruo” e le moputso. Empa Abrahama o ile a khutlisetsa thepa ho mong’a eona, a re: “Nke ke ka nka letho la hao, u tle u se ke ua re: Ke fumisitse Abrame.”—Genese 14:1-24.

Bakreste ha ba thahaselle monyetla leha e le ofe oa lichelete o ka ’nang oa hlahisoa ke thepa e utsoitsoeng. Jeremia o ile a ngola: “Ea bokellang maruo ka ho se loke, ke khoale e alamang se sa beoeng ke eona.” (Jeremia 17:11) Kahoo, ntle le ho bontša bohlale ka ho se tlōle melao ea Cesare e mabapi le thepa e utsoitsoeng, Bakreste ba lakatsa ho boloka toka ea Molimo ka ho hana ho ameha ka tsela leha e le efe ho hlokeng toka ha bosholu. Davida o ngotse hantle: “Se senyenyane se ruiloeng ke ea lokileng se fetisa nala ea ba babe ba bangata.”—Pesaleme ea 37:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela