Lipotso tse Tsoang ho Babali
Ke boikarabelo bofe boo Bakreste ba nang le bona ho fokotsa tšilafatso ea tikoloho ea rōna—lefatše, leoatle, le moea?
Joaloka Lipaki tsa Jehova, re amehile haholo ka mathata a mangata a ho amana ha pōpo le tikoloho ea eona ao hona joale a amang lehae la rōna la lefatše. Ho feta batho ba bangata, re ananela hore lefatše le etselitsoe ho ba lehae le hloekileng, le phetseng hantle bakeng sa lelapa le phethahetseng la batho. (Genese 1:31; 2:15-17; Esaia 45:18) Re boetse re na le tiiso ea Molimo ea hore o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Kahoo ke ho loketseng ho etsa boiteko bo leka-lekaneng, bo utloahalang ba ho leka ho qoba ho tlatsetsa ho silafatseng lefatše la rōna ho etsoang ke batho ka ho sa hlokahaleng. Leha ho le joalo, hlokomela lentsoe “utloahalang.” E boetse ke ho utloahalang ho latela Mangolo ho itebela khahlanong le ho lumella litaba le litloaelo tsa ho amana ha pōpo le tikoloho ea eona ho ba matšoenyeho a rōna a ka sehloohong.
Esita le bophelo bo tloaelehileng ba batho bo hlahisa litšila. Ka mohlala, ho hlahisa, ho sebetsa, le ho ja lijo hangata ho hlahisa litšila, le hoja bongata ba tsona e le bo bolang habobebe. (Pesaleme ea 1:4; Luka 3:17) Lijo tsa tlhapi e besitsoeng tseo Jesu ea tsositsoeng bafung a ileng a li etsetsa balateli ba hae ho ka etsahala hore ebe li ile tsa hlahisa mosi, molora, le lithōle tsa masapo a tlhapi. (Johanne 21:9-13) Empa litsamaiso tsa lintho tse phelang le tse sa pheleng kapa lipotoloho tsa lefatše li etselitsoe ho mamella lintho tse joalo.
Batho ba Molimo ha baa lokela ho lebala litaba tse amanang le pōpo le tikoloho ea eona. Jehova o ne a hloka hore batho ba hae ba boholo-holo ba nke mehato ea ho qhala litšila, mehato e neng e le ea bohlokoa kamanong ea pōpo le tikoloho ea eona hammoho le bohloeki. (Deuteronoma 23:9-14) ’Me kaha re tseba pono ea hae ka ba senyang lefatše, ka sebele ha rea lokela ho hlokomoloha lintho tseo re ka li etsang ho boloka tikoloho e hloekile. Re ka bonahatsa sena ka ho qhala matlakala kapa litšila ka tsela e nepahetseng, haholo-holo lintho tse chefu. Re tšehetsa ka hloko boiteko ba ho leka ho sebelisa lintho hape, re e-na le lebaka le eketsehileng haeba hoo ho laetsoe ke Cesare. (Ba-Roma 13:1, 5) ’Me batho ba bang ba fumana khotsofalo ka ho nka mehato e eketsehileng, e kang ho khetha ho sebelisa lintho tse bolang ho e-na le tse ka phaellang liqubung tsa lithōle lefatšeng le bolibeng ba leoatle.
Leha ho le joalo, bohōle boo Mokreste a ka eang ho bona tabeng ena ke taba ea botho ntle le haeba ho hlokoa ke molao. Ho hlakile ho tsoa mehloling ea litaba hore batho ba sa phethahalang ba oela lerabeng la ho ba ba feteletsang. Keletso ea Jesu ka sebele ke ea bohlokoa tabeng eo: “Se ahloleng, le tle le se ke la ahloloa . . . U talimela’ng lehlokoana le leihlong la ngoan’eno, athe ha u lemohe tšiea e ka leihlong la hao?” (Mattheu 7:1, 3) Ho hopola sena ho ka ’na ha re thusa hore re se lahleheloe ke pono ea lintho tse ling tsa bohlokoa.
Moprofeta Jeremia o ile a ngola: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ho hlokomoloha molao-motheo ona ho entse hore moloko oa batho o talimane le “linako tse bohloko,” joalokaha ho bontšitsoe ho 2 Timothea 3:1-5. ’Me seo Molimo a ileng a etsa hore se tlalehoe ho Tšenolo 11:18 se paka hore boiteko ba batho ba ho felisa mathata a lefatše a maholo a amang pōpo le tikoloho ea eona, ho akareletsa le tšilafalo, bo ke ke ba atleha ka ho feletseng. Ho ka ’na ha e-ba le tsoelo-pele mona le mane, empa pheko ea ka ho sa feleng e hloka hore Molimo a kene lipakeng.
Ka baka lena re tsepamisa boiteko le litlhahiso tsa rōna tharollong ea bomolimo, ho e-na le ho leka ho phekola matšoao a fokolang. Tabeng ena re latela mohlala oa Jesu, ea ileng a qeta boholo ba tšebeletso ea hae a ‘pakela ’nete.’ (Johanne 18:37) Ho e-na le ho fepa lefatše kapa ho phekola mahloko a aparetseng sechaba—ho akareletsa le tšilafalo—Jesu o ile a supa tharollo e feletseng ea mathata a tšoenyang batho.—Johanne 6:10-15; 18:36.
Ha lerato bakeng sa oa habo rōna le re susumeletsa ho qoba ho silafatsa lefatše, sepaka-paka, kapa phepelo ea metsi ka ho sa hlokahaleng, re tsoela pele ho pakela ’nete. Hona ho akareletsa ho ruta batho ho sebelisa ’nete ea Bibele ’me kahoo ba qobe ho senya ’mele ea bona ka ho tsuba, tšebeliso ea tahi e feteletseng, kapa lithethefatsi tse senyang. Kaha limillione tsa ba bacha li fetohile barutuoa, li ithutile mekhoa ea bohloeki le ho nahanela ba bang. Kahoo mosebetsi oa ho bolela o bile le tlatsetso ea sebele ho fokotseng bothata bo akaretsang ba tšilafalo kajeno. Empa habohlokoa ka ho fetisisa, barutuoa ba Bakreste ba leka ka matla ho fetola botho ba bona le mekhoa ea bona hona joale e le hore ba tle ba tšoanelehele lefatše le hloekileng la Paradeise leo haufinyane Molimo a tla le fa barapeli ba hae ba ’nete.