Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 9/15 maq. 28-31
  • Tiisetsa Tšebeletsong ea Bopula-maliboho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tiisetsa Tšebeletsong ea Bopula-maliboho
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khahlametsa Litlhoko tsa Lichelete
  • Ho Fumana Mosebetsi oa Nakoana
  • Bophelo bo Seng Botle le ho Nyahama
  • Nka Tokelo ea Hao ea Tšebeletso e le Letlotlo
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Meputso ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 9/15 maq. 28-31

Tiisetsa Tšebeletsong ea Bopula-maliboho

LIPAKI TSA JEHOVA tse ka bang 4 500 000 li phatlalatsa litaba tse molemo lefatšeng ka bophara. Har’a tsona ho na le bo-pula-maliboho ba fetang 600 000, kapa baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng. Ba leng lebothong lena le leholo la bo-pula-maliboho ba fapana ka lilemo ho tloha ho bana ba ka tlaase ho lilemo tsa bocha ho isa ho batho ba pencheneng ba lilemong tsa bo-90. Ba tsoa limelong tsohle le mekhoeng eohle ea bophelo.

Ha ho pelaelo hore, baboleli bana bohle ba nako e tletseng ba batla ho atleha tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ba bangata ba lakatsa ho bo etsa mosebetsi oa bona oa bophelo bohle. Ba bang ba sitoa ho etsa joalo ka mabaka a mang a itseng. Leha ho le joalo, ba bang ba ’nile ba khona ho tsoela pele ba bula maliboho ho sa tsotellehe mathata a lichelete, bophelo bo seng botle, ho nyahama, le mathata a mang. Ka hona ke joang baboleli ba nako e tletseng ba ka sebetsanang ka katleho le mathata a joalo ’me ka nako e tšoanang ba tiisetsa tšebeletsong ea bopula-maliboho?

Ho Khahlametsa Litlhoko tsa Lichelete

Ka kakaretso, bo-pula-maliboho baa sebetsa hore ba koahele litšenyehelo tsa bona, joalokaha moapostola Pauluse a ne a etsa. (1 Ba-Thessalonika 2:9) Likarolong tse ngata tsa lefatše, ba tobana le litheko tse ntseng li phahama tsa lijo, liaparo, bolulo, le lipalangoang. Hangata ho thata ho fumana mosebetsi oa boipheliso oa nakoana oo ba o hlokang. Haeba e fumaneha, hangata mesebetsi e joalo ke e fanang ka meputso e tlaase, e se nang melemo ea inshorense ea bophelo.

Haeba re ‘ntse re batla ’Muso oa Molimo le ho loka ha hae pele,’ re ka ba le tumelo ea hore Jehova o tla etsa tokisetso bakeng sa litlhoko tsa rōna linthong tse bonahalang. Ka hona, ha ba le tlas’a khatello ea lichelete, ha ho hlokahale hore bo-pula-maliboho ‘ba belaele ka tsa hosasane.’ (Mattheu 6:25-34) Ha ba ntse ba etsa boiteko bo matla ba ho rarolla mathata a joalo, tumelo e matla ho Jehova e tla ba sireletsa ho tšoenyeheng ho sa lokelang.

Ha motho a tobane le mathata a lichelete, mohlomong litšenyehelo li ka fokotsoa. Ka ho etsa liphetoho tse itseng linthong tseo motho a rerileng ho li reka, ho ka ’na ha khoneha ho khahlametsa litlhoko, le hoja e se tsa lintho tse bonahalang feela tjee tseo motho a li batlang. E le ho fokotsa litšenyehelo, bo-pula-maliboho ba bang ba kopanela kamore le Bakreste ba bang. E le ho thusa bana ba bona ho bula maliboho, ka linako tse ling batsoali ba fana ka bolulo ntle le tefo kapa ka tefo e nyenyane haholo. Ba bang ba thusa bo-pula-maliboho ka litšenyehelo tsa lijo le tsa lipalangoang. Empa bo-pula-maliboho ba ke ke ba batla ho ba moroalo ho ba bang, hobane ba na le tšoanelo ea Mangolo ea hore ba itlhokomele.—2 Ba-Thessalonika 3:10-12.

Litjeo tsa lipalangoang li ka fokotsoa ka ho kopanela litšenyehelo le bo-pula-maliboho ba bang. Haeba bo-pula-maliboho ba babeli ba e-na le likoloi, ba ka ’na ba kopanela mosebetsing oa boboleli ba sebetsa hammoho sebakeng se le seng, ba sebelisa koloi e le ’ngoe ’me ba fokotse litšenyehelo tsa ho sebelisa likoloi tse peli. Bo-pula-maliboho ba se nang likoloi ba ka ’na ba khona ho ipōpa ngatana ’ngoe le bao ba nang le tsona ’me ba kopanela ho koahela litjeo tsa sepalangoang. Litšenyehelo tsa ho tsamaea li ka fokotsoa haholoanyane ka ho koahela masimo a haufinyane haholo-holo ho tsamauoa ka maoto. Linaheng tse ngata bo-pula-maliboho ba sebelisa lipalangoang tsa sechaba tse litefello li tlaase.

Har’a ba ileng ba fenya mathata a lichelete ’me ba tiisetsa tšebeletsong ea nako e tletseng ke Newton Cantwell le mosali oa hae. Ba ile ba rekisa polasi ea bona ’me ba qala ho bula maliboho le bana ba bona ba tšeletseng ho ba supileng ka 1932, nakong ea ho Hlepha ho Hoholo ha Moruo. Moena Cantwell o ile a ngola: “E ne e se ka mor’a nako e telele re neng re sebelisitse sohle seo re se fumaneng thekisong ea polasi ea rōna—re ile ra sebelisa karolo e khōlō ea sona ho lefa ngaka. Re hopola hore ha re ne re ea kabelong ea rōna ea bobeli, re ne re e-na le se lekaneng feela ho lefella bolulo esale pele ka libeke tse peli, re salloa ke [liranta tse 15]. Leha ho le joalo, re ne re tseba hore Jehova o tla fana ka se hlokahalang hafeela re ntšetsa pele tšebeletso ea rōna ka matla. . . . Re ile ra ithuta ho boloka litšenyehelo li le tlaase ka litsela tse fapaneng. Ka mohlala, ha re ne re ea tšimong e ncha, ke ne ke bua le beng ba litsi tsa peterole ’me ke hlalose hore re khanna likoloi tse tharo letsatsi ka leng mabapi le mosebetsi oa rōna oa Bokreste. Hangata sena se ne se fella ka hore re fumane peterole ka theko e tlaase. Kapele bara ba rōna ba ile ba ithuta ho hlokomela litokiso tsa likoloi tsa rōna, ’me ba re bolokela boholo bakeng sa ho lefella tokiso ea likoloi tsa rōna.” Ka hona ba ha Cantwell ba ile ba sebetsana ka katleho le liphephetso tsa chelete ’me ba tiisetsa tšebeletsong ea nako e tletseng. Moena Cantwell o ne a ntse a le lenaneng la bo-pula-maliboho ha a ne a shoa a le lilemo li 103.

Ho Fumana Mosebetsi oa Nakoana

Bo-pula-maliboho ba bangata ba itjara licheleteng ka mesebetsi ea nakoana. E le ho itjara tšebeletsong ha a le Korinthe, Pauluse o ne a sebetsa e le moetsi oa litente hammoho le balumeli-’moho le eena Akila le Prisilla. (Liketso 18:1-11) Kajeno, hangata baena ba moea ba thabela ho fa bo-pula-maliboho mosebetsi oa nakoana oa boipheliso. Bo-pula-maliboho ba bang ba fumana mosebetsi o joalo mekhatlong ea k’hiro e fanang ka mesebetsi ea nakoana. Tumelo ho Molimo ke ea bohlokoa, ho joalo le ka thapelo e tiileng bakeng sa ho tataisoa ke eena mabapi le ho etsa liqeto ka mosebetsi.—Liproverbia 15:29.

Pula-maliboho e ’ngoe e itse: “Ka mor’a hore ke fumane matla a maholo ho nahanisiseng ka thapelo, ke ile ka hlokomelisa mookameli oa ka hore mosebetsi oa ka oa bosebeletsi ke boikarabelo ba botho bo tebileng le hore ke ne ke tla sitoa ho amohela boemo ba ho sebetsa ka nako e tletseng. Laboraro le latelang, ke ile ka botsoa hore na nka talima mosebetsi ka leihlo le sele ha ke o etsa motheong oa nakoana. Ke ile ka o amohela ka thabo.” U se ke ua khella fatše matla a thapelo, ’me u latele lithapelo tsa hao ka liketso.

Bo-pula-maliboho ba ka ’na ba fumana ho le molemo ho bolella bao e tlang ho ba bahiri ba bona hore morero oa bona oa ho batla mosebetsi oa nakoana ke hore ba itjare tšebeletsong. Ba ka ’na ba bolela matsatsi ao ba fumanehang ka ’ona le palo ea lihora tseo ba ka li nehelang mosebetsing ka beke. Bo-khaitseli ba babeli bao e leng bana ba motho ba ile ba khona ho arolelana mosebetsi oa nako e tletseng femeng e fanang ka keletso ea molao, ho ileng ha ba lumella hore a le mong a sebetse matsatsi a mabeli le halofo ka beke. Sena se ile sa ba tšehetsa e le bo-pula-maliboho ho fihlela ba ea Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade ’me ba amohela likabelo tsa boromuoa.

Mefuta e sa tšoaneng ea mosebetsi o lumelloang ke Mangolo e ka fumanoa ka ho buisana le balumeli-’moho le ba bang kapa ka ho sheba liphatlalatso tsa likoranta. Boikokobetso boa thusa, hobane bo ka thusa bo-pula-maliboho hore e se be ba khetha-khethang haholo mabapi le mosebetsi oo ba tla o etsa. (Bapisa le Jakobo 4:10.) Hore ba tsoele pele ba bula maliboho ho ka ’na ha hlokahala hore ba etse mosebetsi oa boipheliso oo batho ba bang ba o talimang o le fatše kapa o eiseha. Haeba mosebetsi o joalo o amoheloa empa ho lakatsoa ntho e ’ngoe e fapaneng, qetellong ho ka ’na ha etsahala hore ho fetoloe mosebetsi.

Bophelo bo Seng Botle le ho Nyahama

Ba bang ba tlameha ho khaotsa tšebeletso ea bona ea bopula-maliboho ka lebaka la mathata a tebileng a bophelo. Leha ho le joalo, haeba bo-pula-maliboho ba sa potlake tabeng ena, ba ka ’na ba fumana hore boloetse bo ka phekoloa kapa bophelo bo ka ntlafala ka ho lekaneng hore ba tsoele pele ba bula maliboho. Ba bangata ba ka bula maliboho ho sa tsotellehe mathata a bophelo hobane ba fumana phekolo ea meriana, ba khomarela lijong tse ba loketseng, ’me ba fumana phomolo le ho hlakisa ’mele ho hlokahalang. Molebeli ea tsamaeang o ile a hlokomela khaitseli e mong oa pula-maliboho ea neng a tšoeroe ke lefu la masapo hoo a neng a hloka ho thusoa hore a tsamaee ka ntlo le ntlo tšebeletsong. (Liketso 20:20) Leha ho le joalo, eena le monna oa hae ba ne ba khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 33 ’me ba ne ba thusitse batho ba 83 ho amohela ’nete ea Molimo. Ha nako e ntse e-ea bophelo ba hae bo ile ba ntlafala, ’me o ile a ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho lilemo tse 11 hamorao.

Ho nyahama ho ka ’na ha etsa hore ba bang ba tlohele tšebeletso ea bopula-maliboho. (Liproverbia 24:10) Pula-maliboho e ’ngoe e ile ea bolella molebeli ea tsamaeang hore: “Ke tl’o khaotsa ho bula maliboho. . . . Ke na le melato eo ke lokelang ho e lefa.” O ne a hloka likhalase tsa mahlo tse hlokang liranta tse 60. Molebeli o ile a botsa: “Na u tl’o khaotsa ho bula maliboho ka lebaka la tlhoko ea [liranta tse 60]?” Ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore pula-maliboho e sebetse mapolasing a kofi a sebakeng seo ka letsatsi, e fumane liranta tse 60, e reke likhalase, ’me e tsoele pele ho bula maliboho. Puisano e tsoelang pele e ile ea senola hore bothata bo ka sehloohong e ne e le ho nyahama ka lebaka la litokiso tsa koloi tse theko e phahameng. Ho ile ha buelloa hore pula-maliboho e fokotse litšenyehelo ka hore letsatsi ka leng e khanne sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse ’maloa ho e-na le hore e ee sebakeng se thōko haholo. Hape o ile a eletsoa hore a boloke bomoea ba hae bo le botle. Pula-maliboho e ile ea sebelisa keletso eo ’me likhoeli tse tšeletseng hamorao e ile ea amohela memo ea ho ea Sekolong sa Gileade. Ka mor’a ho fumana mangolo o ile a abeloa ho ea naheng esele ’me o ile a sebeletsa moo ka botšepehi ka lilemo tse ngata ho fihlela a e-shoa. E, hangata tlhohonolofatso e ba teng haeba re sa inehelle ho nyahama empa re hopola hore Jehova o na le rōna.

Nka Tokelo ea Hao ea Tšebeletso e le Letlotlo

Pauluse o ile a talima tšebeletso ea hae e le letlotlo, ho sa tsotellehe liteko, tse kang boemo ba ho hloka le khaello ea lijo. (2 Ba-Korinthe 4:7; 6:3-6) Ba tobane le mathata le mahloriso kajeno, ba bangata ba bahlanka ba Jehova Afrika, Asia, Europe Bochabela, le kae kapa kae ba tšoarelletse tokelong ea bona ea ho bula maliboho. Ka hona, ha u kopana le liteko, etsa boiteko ka hohle ba ho tiisetsa tšebeletsong ena eo e leng tokelo, thorisong ea Jehova.

Bo-pula-maliboho ba bangata ba ile ba nolofalloa ho kenela mosebetsi oa boboleli oa nako e tletseng kahobane feela ba ile ba etsa hore mokhoa oa bona oa bophelo o be bonolo. Joaloka Pauluse, ba ile ba hanela khoheli ea lintho tse bonahalang ’me ba hlaolela ho khotsofalla “lijo le liaparo.” E le hore ba phehelle tšebeletsong ea bopula-maliboho, ho hlokahala hore ba lule ba khotsofalletse lintho tse hlokahalang. (1 Timothea 6:8) Thabo e ba teng ha re talima litokelo tseo re li fuoeng ke Molimo e le letlotlo, re li beha ka holim’a lintho tse bonahalang tseo re nang le tsona.

Ha re etsa mohlala: Anton Koerber o ile a ba le tokelo ea ho emela lithahasello tsa ’Muso ho bahlanka ba ka sehloohong ba ’muso Washington, D.C. O ile a sebeletsa e le pula-maliboho ka nako e itseng ’me e ne e le molebeli oa potoloho lilemong tsa bo-1950. Bao e kileng ea e-ba metsoalle ea hae khoebong ba kile ba mo atamela ka monyetla o neng o tla mo nolofaletsa ho iketsetsa phaello ea limillione tse tharo tsa liranta. Leha ho le joalo, ho etsa joalo, ho ne ho tla mo hloka hore a nehele nako eohle ea hae litabeng tsa khoebo ka nako e ka etsang selemo. Ka mor’a ho rapella tataiso le moea oa kelello e hlaphohileng, o ile a re: “Ho ke ke ha khoneha hore ke lahle litokelo tsa ka tse babatsehang tsa ho sebeletsa Jehova mona esita le ka selemo se le seng feela, bakeng sa chelete eohle e lefatšeng, le hanyenyane. Ho sebeletsa baena ba ka mona Washington ke hoa bohlokoa haholoanyane ho ’na, ’me kea tseba hore mona ke na le tlhohonolofatso ea Jehova. Ntle ho pelaelo ke ne ke tla ba le [limillione tse tharo tsa liranta], empa qetellong ea selemo ke phela ka mokhoa oo, ke ne ke tla ba joang moeeng, kapa hona ’meleng?” Ka hona o ile a hana mpho eo. Ho talima litokelo tsa bona e le letlotlo ka tsela e tšoanang ho thusa ba bangata ho tiisetsa tšebeletsong ea bopula-maliboho.

Bo-pula-maliboho ba thabela mahlohonolo a maholo hakaakang! Ke tlhohonolofatso ho qeta lihora tse ngata ba bua ka borena ba Jehova bo khanyang. (Pesaleme ea 145:11-13) Ka lebaka la ho nehela nako e ngata hakana tšebeletsong, bo-pula-maliboho ba na le tlhohonolofatso ea ho tlisa matšeliso a moea ho mafutsana le ba hateletsoeng, ba kulang kapa ba shoeletsoeng, le ba bang ba nang le khatello e khōlō maikutlong ’me ba hloka tšepo ea sebele. Ka hona, haeba maemo a re lumella ho kopanela mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng, ruri re tla thabela mahlohonolo a mangata. Ke ‘tlhohonolofatso ea Jehova e entšang.’ (Liproverbia 10:22, NW) ’Me ke ka thuso le tlhohonolofatso tsa hae hore ebe baboleli ba bangata ba ’Muso ka thabo ba tiisetsa tšebeletsong ea bopula-maliboho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela