Ho Thaba Boeneng ba Sebele ba Lefatše ka Bophara
JOALOKAHA HO BOLETSE WILLIE DAVIS
Ka 1934 Ho Oa ho Hoholo ha Moruo ho ne ho hlasetse lefatše, ’me United States e ne e le ka har’a pherekano e matla ea moruo. Ka ntle ho Prospect Relief Station e Cleveland, Ohio, ho ile ha ba le ntoa pakeng tsa lepolesa le ea neng a sa pate hore ke Lekomonisi. Lepolesa lena le ile la thunya ’me la bolaea Lekomonisi lena hammoho le mofeta ka tsela, nkhono oa ka, Vinnie Williams.
MAKOMONISI a ile a leka ho fetola mafu ana ketsahalo e amanang le bochaba, kaha nkhono e ne e le motho e motšo ’me lepolesa lena e le motho e mosoeu. A ile a aba lipampitšana tsa litaba tse nang le lihlooho tse kang “Lepolesa la Cleveland le Nang le Khethollo ea Merabe” le “Iphetetseng Bakeng sa Lipolao Tsena.” Makomonisi a ile a lokisetsa le ho tsamaisa lepato la nkhono. Ke na le setšoantšo sa ba tšoereng lekese—kaofela ha bona e le batho ba basoeu ’me e le litho tsa mokha. E mong le e mong a phahamiselitse feisi e tiileng holimo ka tsela eo hamorao e ileng ea sebelisoa e le pontšo ea Black Power (Matla a Batho ba Batšo Lipolotiking le Moruong).
Ha nkhono a e-shoa, ke ne ke le ka pōpelong ea morali oa hae, ’me ka hlaha likhoeli tse ’nè hamorao. Ke ile ka hōla ke e-na le bothata ba ho bua. Ke ne ke sitoa ho bua ke sa hoeleketse, kahoo lilemo tsa ka tse qalang sekolong li ne li akareletsa phekolo ea mokhoa oa ho bua.
Batsoali ba ka ba ile ba arohana ha ke ne ke le lilemo li hlano, ’me ’na le ausi oa ka re ile ra hōlisoa ke ’mè oa rōna. Ha ke le lilemo li leshome, ke ile ka qala mosebetsi oa ho thothela korosari malapeng ha sekolo se e-tsoa ho thusa ka litšenyehelo tsa lelapa. Lilemo tse peli hamorao ke ile ka qala ho sebetsa pele sekolo se kena le ha se tsoile, ka ba mophelisi ea ka sehloohong oa lelapa. Ha ’Mè a kene sepetlele ’me ho hlokahala hore a buuoe ka makhetlo a latellanang, ke ile ka tlohela sekolo ’me ka qala ho sebetsa ka nako e tletseng.
Ho Tseba Boena
Ka 1944 e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a siela mosali oa motsoala buka “’Nete E Tla Le Lokolla,” ’me ke ile ka kopanela thutong ea Bibele e ileng ea qalisoa le eena. Selemong sona seo ke ile ka qala ho kopanela Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Phuthehong ea Eastside. Morupeli oa sekolo, Albert Cradock, o ne a e-na le bothata ba ho bua bo tšoanang le boo ke neng ke e-na le bona, empa o ne a ithutile ho bo laola. E bile khothatso e kaakang ho ’na!
Bongata ba baahelani ba rōna e ne e le Mataliana, Mapholishe, Mahungary le Bajode, ’me phutheho ena e ne e entsoe ka batho ba merabe ena le e meng. ’Na le mosali oa motsoala re ne re le a mang a Maamerika a pele a Maafrika a ileng a kopanela le phutheho ena ea batho ba basoeu, empa le ka mohla Lipaki ha lia ka tsa re bontša leeme la merabe. Ha e le hantle, ba ne ba ’mema joalo-joalo malapeng a bona bakeng sa lijo.
Ka 1956, ke ile ka fallela karolong e ka boroa ea United States e le hore nka sebeletsa moo tlhokahalo ea basebeletsi e leng khōloanyane. Ha ke khutlela leboea lehlabuleng le leng bakeng sa kopano ea setereke, baena ba bangata Cleveland ba ile ba tla mpona ’me ba bontša thahasello e mofuthu mesebetsing ea ka. Kameho ea bona e ile ea nthuta thuto ea bohlokoa: Hore kamehla ke ‘se ke ka hlokomela tsee e leng tsa ka feela, ke mpe ke hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.’—Ba-Filippi 2:4.
Tšebeletso ea Nako e Tletseng e Atolositsoeng
Ka mor’a ho sebeletsa ka lilemo tse tharo mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng ke le pula-maliboho, ka November 1959, ke ile ka memeloa ho sebetsa Bethele ea Brooklyn, e leng ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e New York. Ke ile ka abeloa ho sebetsa Lefapheng la Thomello. Molebeli oa lefapha la ka, Klaus Jensen, le eo ke neng ke lula le eena kamoreng, William Hannan, ka bobeli e le batho ba basoeu, ba ile ba fetoha bo-ntate ba ka ba moea. E mong le e mong oa bona o ne a sebelelitse Bethele bonyane ka lilemo tse 40 ha ke fihla.
Mathoasong a bo-1960, litho tsa lelapa la Bethele li ne li ka ba 600, ’me tse ka bang 20 e le Maamerika a Maafrika. Ka nako eo, United States e ne e qalile ho qoela ntoeng ea merabe, ’me likamano tsa merabe li ne li senyehile. Leha ho le joalo, Bibele e ruta hore “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho,” ’me le rōna ha rea lokela ho ea ka tšobotsi. (Liketso 10:34, 35) Lipuisano tsa lintho tsa moea tseo re bileng le tsona tafoleng ea Bethele hoseng ho hong le ho hong li ile tsa sebeletsa ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho amohela pono ea Molimo litabeng tse joalo.—Pesaleme ea 19:7.
Ha ke ntse ke sebetsa Bethele ea Brooklyn ke ile ka kopana le Lois Ruffin, pula-maliboho ea Richmond, Virginia, ’me re ile ra nyalana ka 1964. Boikemisetso ba rōna e ne e le ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng, kahoo ka mor’a lechato la rōna re ile ra khutlela karolong e ka boroa ea United States. Qalong re ile ra sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng, eaba ka 1965 ke memeloa ho kenela mosebetsi oa potoloho. Lilemong tse leshome tse latelang, re ile ra etela liphutheho linaheng tsa Kentucky, Texas, Louisiana, Alabama, Georgia, Carolina Leboea, le Mississippi.
Teko Bakeng sa Boena ba Rōna
Tseo e bile lilemo tsa phetoho e khōlō. Pele re ea Leboea, merabe e ne e arohantsoe. Batho ba batšo ba ne ba thibetsoe ka molao ho kena likolo le ba basoeu, ho jela mabenkeleng a lijo a le mang, ho robala lihoteleng li le ling, ho reka mabenkeleng a le mang, kapa hona ho kopanela lipompo tsa metsi le bona. Empa ka 1964 Lekhotla le Etsang Melao la United States le ile la fetisa Molao oa Litokelo tsa Baahi o ileng oa thibela khethollo libakeng tsa sechaba, ho akareletsa le lipalangoeng. Kahoo ho ne ho se ho se motheo leha e le ofe oa molao bakeng sa karohano ea merabe.
Kahoo potso ea e-ba hore, Na baena ba rōna le bo-khaitseli ba leng liphuthehong tsa ba batšo feela le tsa ba basoeu feela ba ne ba tla kopana ’me ba bontšane lerato le kameho e mofuthu kapa khatello e tsoang sechabeng le maikutlo a nako e fetileng a metseng ka metso li ne li tla etsa hore ba hane ho kopana? E ne e le phephetso ho ela hloko taelo ea Mangolo: “Leratong la bana ba motho le be le kameho e mofuthu e mong ho e mong. Le etelle pele ho bontšaneng tlhompho.”—Ba-Roma 12:10, NW.
Ho fihlela moo motho ofe le ofe a hopolang, pono e atileng, haholo-holo ka Boroa, e ne e le hore batho ba batšo ba ne ba le tlaase. Pono ena e ne e kentsoe ka ho sa hlakoleheng likelellong tsa batho ke hoo e ka bang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba, ho akarelletsa le likereke. Kahoo ho ne ho se bonolo bakeng sa batho ba bang ba basoeu hore ba talime Batho ba batšo e le ba lekanang le bona. Ruri, eo e ne e le nako ea ho lekoa bakeng sa boena ba rōna—bakeng sa ba batšo le ba basoeu.
Hoa thabisa hore ebe ka kakaretso ho bile le karabelo e babatsehang mabapi le ho kopana ha liphutheho tsa rōna. Makholo a lilemo a maikutlo a hore morabe o itseng o phahametse o mong a ’nileng a kenngoa ka ho teba ha aa ka a hlakoleha kapele. Leha ho le joalo ha ho kopana ho qalisoa, baena ba rōna ba ile ba ho amohela hamolemo, bao bongata ba bona ba ileng ba thabela ho khona ho kopana hammoho.
Hoa thahasellisa hore ebe esita le batho bao eseng Lipaki hangata ba ne ba sebetsa tumellanong le ho kopana ha liphutheho tsa rōna. Ka mohlala, Lanett, Alabama, baahisani ba pel’a Holo ea ’Muso ba ile ba botsoa hore na ba hanyetsa hore batho ba batšo ba tle libokeng. Mosali e mosoeu ea hōlileng o ile a tšoara moena e motšo ka letsoho, a re: “U tle mona sebakeng sa rōna ’me u rapele Molimo oa hao kamoo u ratang!”
Baena ba Tšepahalang Ethiopia
Ka 1974 re ile ra thabela ho ba koetlisong ea boromuoa ea likhoeli tse hlano le halofo Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, New York City. Ka nako eo re ile ra abeloa ho ea naheng ea Afrika ea Ethiopia. Haile Selassie, e leng moemphera, o ne a sa tsoa tlosoa pusong ’me a koaletsoe ha hae. Kaha mosebetsi oa rōna oa boboleli o ne o thibetsoe, re ile ra ananela ho atamelana ho mofuthu ha boena ba rōna ba Bokreste.
Re ile ra lula le ho sebeletsa le ba bangata bao hamorao ba ileng ba kenngoa teronkong ka lebaka la ho khomarela borapeli bo hloekileng. Metsoalle e meng ea rōna e ratehang e bile ea bolaoa. Adera Teshome e ne e le moholo-’moho le ’na phuthehong e leng motse-moholo oa Ethiopia, Addis Ababa.a Ka mor’a lilemo tse tharo a le teronkong, o ile a bolaoa. Ka tlhaho, mosali oa hae o ne a utloile bohloko haholo. E bile thabo e kaakang lilemo hamorao ho bona thabo ea hae e khanyang ha a ntse a sebeletsa e le pula-maliboho!
Worku Abebe, moena e mong ea tšepahalang, o ile a ahloleloa lefu ka makhetlo a robeli.b Empa ha aa ka a tšoha! Ha ke ne ke ’mona lekhetlo la ho qetela, o ile a mpontša litsebe tsa hae tseo balebeli ba teronko ba neng ba li hlahlathile ka likutu tsa lithunya. Ka ho soasoa o ile a re lijo tsa hae e ne e le kutu ea sethunya hoseng, motšehare, le mantsiboea. Le hoja a se a shoele, baena ba ntse ba mo hopola ka lerato.
Hailu Yemiru ke moena e mong eo ke mo hopolang ka lerato le leholo.c O ile a bontša lerato le khethehileng bakeng sa mosali oa hae. O ile a tšoaroa, empa kaha e ne e le moimana ’me a ne a se a tla beleha, Hailu o ile a kōpa balaoli ba teronko hore a nke sebaka sa hae teronkong. Hamorao, kaha a ne a ke ke a sekisetsa tumelo ea hae, o ile a bolaoa.—Johanne 15:12, 13; Ba-Efese 5:28.
Ka lebaka la boemo ba lipolotiki bo neng bo ntse bo mpefala Ethiopia, re ile ra ea Kenya ka 1976. Ka lilemo tse supileng re ile ra sebeletsa mosebetsing oa ho tsamaea, re etela baena linaheng tse ngata tsa Afrika Bochabela—ho akareletsa le Kenya, Ethiopia, Sudan, Seychelles, Uganda, le Tanzania. Ke bile ka ea Burundi le Rwanda ka makhetlo a mangata ke le karolo ea moifo o rometsoeng ho ea buisana le balaoli mabapi le ho ngolisa mosebetsi oa rōna ka molao linaheng tseo.
E bile thabo ho khutlela Ethiopia ka January 1992 bakeng sa ho ba teng kopanong ea setereke ea pele e ileng ea tšoareloa moo ka mor’a hore thibelo e tlosoe mosebetsing oa rōna. Ba bangata ho ba fetang 7 000 ba neng ba le teng ba ne ba sa tsebane, kaha nakong e fetileng baena ba ne ba kopana ka lihlopha tse nyenyane feela. Letsatsi ka leng la kopano ena, ba bangata ba ne ba e-ba teng lihora tse peli pele lenaneo le qala ’me ba sala ho fihlela e e-ba bosiu haholo, ba thabela boena ba rōna bo lerato.
Ho Iphahamisa ha Merabe ho Hlōtsoe
Ka makholo a lilemo ho iphahamisa ha merabe ho ne ho atile Afrika. Ka mohlala, Burundi le Rwanda, merabe e meholo, Mahutu le Matutsi, e ’nile ea hloeana ka nako e telele. Ho tloha ha linaha tsena li fumana boipuso ho Belgium ka 1962, litho tsa merabe ena e ’meli li ’nile tsa bolaeana ka likete nako le nako. Kahoo, e bile thabo e kaakang ho bona litho tsa merabe ena tse fetohileng Lipaki tsa Jehova li sebetsa hammoho ka khotso! Lerato la sebele leo li le bontšanang le khothalelitse ba bang ba bangata ho mamela linnete tsa Bibele.
Ka ho tšoanang, merabe ea Kenya e bile le liqabang tsa eona. Ke phapang e kaakang e leng teng boeneng ba Bokreste ba batho ba Jehova Kenya! U ka bona batho ba merabe e sa tšoaneng ba rapela Liholong tsa ’Muso ba kopane. Ke ile ka thabela ho bona ba bangata ho bana ba felisa mahloeo a bona a merabe ’me ba bontša baena ba bona le bo-khaitseli ba merabe e meng lerato la sebele.
Ho Thabela Boena ba Rōna
Ha ke hetla morao lilemong tse 50 tsa ho kopanela mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo, pelo ea ka e tlala teboho ho Jehova le ho Mor’a hae, Jesu Kreste. Ruri e bile ho hlollang ho hlokomela seo ba se tlisitseng lefatšeng! Che, maemo ha e-ea ka ea e-ba a phethahetseng kamehla har’a batho ba Molimo, leha e le hona hore a phethahetse kajeno. Empa ho ke ke ha lebelloa hore makholo a lilemo a lithuto tsa lefatše la Satane tsa khethollo ea merabe li ka felisoa kapele. Etsoe, re ntse re sa phethahala.—Pesaleme ea 51:5.
Ha ke bapisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le lefatše, pelo ea ka ea kokomoha ke kananelo bakeng sa boena ba rōna ba sebele, ba lefatše ka bophara. Ke ntse ke hopola ka lerato le leholo baena ba Cleveland, kaofela ha bona e le batho ba basoeu, ba ileng ba nkhōlisetsa ’neteng. ’Me ha ke bona baena ba rōna ba United States e ka boroa, ba basoeu le ba batšo, ba nkela maikutlo a bona a leeme sebaka ka lerato la boena le tlohang pelong, pelo ea ka e ile ea thaba. Joale, ho ea Afrika le ho bona ka mahlo kamoo Lentsoe la Jehova le ka felisang mahloeo a merabe ho nkentse hore ke ananele boena ba rōna ba lefatše ka bophara haholoanyane.
Ruri, Morena Davida oa boholo-holo o ile a bo hlalosa hantle ha a re: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!”—Pesaleme ea 133:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litšoantšo tsa Adera Teshome le Hailu Yemiru li hlaha leqepheng la 177 la 1992 Yearbook of Jehovah’s Witnesses; phihlelo ea Worku Abebe e phetiloe maqepheng a 178-81.
b Litšoantšo tsa Adera Teshome le Hailu Yemiru li hlaha leqepheng la 177 la 1992 Yearbook of Jehovah’s Witnesses; phihlelo ea Worku Abebe e phetiloe maqepheng a 178-81.
c Litšoantšo tsa Adera Teshome le Hailu Yemiru li hlaha leqepheng la 177 la 1992 Yearbook of Jehovah’s Witnesses; phihlelo ea Worku Abebe e phetiloe maqepheng a 178-81.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lepato la nkhono
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Lipaki tsa Matutsi le Mahutu li sebetsa hammoho ka khotso
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
’Na le mosali oa ka, Lois