Lipotso tse Tsoang ho Babali
Linakong tsena tse boima moruong, batho ba eketsehileng le lik’hamphani ba retelehela boemong ba ho nkoa ka molao e le ba oeleng licheleteng. Ho latela Mangolo, na ho loketse hore Mokreste a ka kenngoa litlalehong tsa molao e le ea oeleng licheleteng?
Karabo ea potso ena e fana ka setšoantšo se loketseng sa kamoo Lentsoe la Molimo le re fang tataiso e sebetsang litabeng tseo ka ho khethehileng li ka ’nang tsa nkoa e le tsa kajeno. Linaha tse ngata li na le melao e laolang boemo boo ka molao bo nkoang e le ho oa licheleteng. Melao ena e fapana ho ea ka linaha ’me hase boikarabelo ba phutheho ea Bokreste ho fana ka keletso ea molao tabeng ena. Empa a re ke re fumaneng pono e akaretsang ea tokisetso ea molao mabapi le boemo boo ka molao bo nkoang e le ho oa licheleteng.
Lebaka le leng leo ka lona mebuso e lumellang batho le likhoebo ho ipolela e le bao ka molao ba nkoang ba oele licheleteng ke hore ho fa ba alimanang ka chelete kapa ba fanang ka sekoloto (ba kolotoang) tekanyo e itseng ea tšireletso ho batho kapa ho likhoebo tse alimang chelete kapa tse nkang thepa ka sekoloto (ba kolotang) empa ba sa lefe seo ba se kolotang. Bakeng sa ba kolotoang ho ka ’na ha bonahala eka ntho feela eo ba ka e etsang ho fumana thuso ke ho ipiletsa makhotleng a molao bakeng sa ho etsa hore ea kolotang a boleloe ka molao a oele licheleteng e le hore thepa ea ea kolotang e ka abjoa e le karolo ea tefo ea sekoloto.
Tsela e ’ngoe eo ka eona boemo boo ka molao bo nkoang e le ho oa licheleteng bo sebetsang ka eona ke ho sebeletsa e le tšireletso ea ba kolotang bao ruri ba ke keng ba phethisa litumellano tsa bona le batho bao ba ba kolotang. Ea kolotang a ka ’na a lumelloa ho kenngoa litlalehong tsa molao e le ea oeleng licheleteng, e leng moo bao a ba kolotang ba ka nkang thepa e ’ngoe ea hae. Ho ntse ho le joalo, molao o ka ’na oa mo lumella hore lehae e ’ne esale e le la hae kapa thepa e ’ngoe e seng kae ebe o tsoela pele bophelong a lokolohile tšokelong e tsoelang pele ea hore li ka mo lahlehela kapa tsa nkuoa ka mahahapa ke batho bao a neng a ba kolota.
Joale ho hlakile hore melao ena e reretsoe ho fana ka tekanyo e itseng ea tšireletso mahlakoreng ka bobeli litšebelisanong tsa lichelete kapa tsa khoebo. Leha ho le joalo, a re hlokomeleng hore na Bibele e fana ka thuso efe e sebetsang.
Ho ne ho tla ba thata hore motho a bale Bibele kaofela a sa hlokomele hore ha e khothaletse ho kena sekolotong. Re fumana litlhokomeliso tse joalo ho Liproverbia 22:7: “Morui o busa mafutsana, ’me ea alimang ke mofo oa eo a alimileng ho eena.”
Hape, hopola setšoantšo sa Jesu ho Mattheu 18:23-34 se amanang le mohlanka ea neng a na le sekoloto se seholo haholo. “Morena oa hae a laela, a re, ho rekisoe ka eena, le ka mosali oa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona,” empa joale mong’a hae, morena, o ile a nolofala ’me a bontša mohau. Ha mohlanka eo hamorao a ipaka ho ba ea hlokang mohau, morena o ile a laela hore ‘a neeloe bahlokofatsi, hore a be a lefe molato oohle oa hae.’ Ho hlakile hore tsela e molemohali, e khothaletsoang, ke ho qoba ho alima chelete.
Bahlanka ba Molimo ba Iseraele oa boholo-holo ba ne ba e-na le litšebelisano tsa khoebo, ’me ka linako tse ling ho ne ho alingoa ’me ho alimanoa. Jehova o ile a ba laela hore ba etse’ng? Haeba motho a ne a batla ho alima chelete e le hore a ka etsa khoebo kapa a e atolosa, ho ne ho le tumellanong le molao ebile e le ho tloaelehileng hore Moheberu a mo lefise tsoala. Leha ho le joalo, Molimo o ile a phehella batho ba hae hore e se ke ea e-ba baithati ha ba alima Moiseraele ea hlokang; ba ne ba sa lokela ho fumana phaello boemong ba bomalimabe ka ho lefisa tsoala. (Exoda 22:25) Deuteronoma 15:7, 8 e re: “Ha mofumanehi a ka ba teng ha eno . . . , u mo fuparollele liatla tsa hao, u mo alime seo a se hlokang.”
Mosa o tšoanang kapa ho nahanela o ile oa bonahatsoa litaelong tse bontšang hore motho ea kolotoang o ne a ke ke a nka ka mahahapa lintho tseo motho ea kolotang a ke keng a phela ntle ho tsona, joaloka leloala la lelapa kapa seaparo se hlokahalang bakeng sa ho boloka motho eo a futhumetse bosiu.—Deuteronoma 24:6, 10-13; Ezekiele 18:5-9.
Ka sebele, ha ea ka ea e-ba Bajode bohle ba ileng ba amohela le ho sebetsa tumellanong le morero o akaretsang oa melao ena e lerato e tsoang ho Moahloli oa bona e moholo le Monehi-molao. (Esaia 33:22, NW) Bajode ba bang ba meharo ba ne ba tšoara banab’abo bona ka ho hloka kutloelo-bohloko ho hoholo. Le kajeno ba bang ba kolotoang ba ka ’na ba hloka kutloelo-bohloko le ho ba ba sa nahaneleng maemo litlhokong tsa bona, esita le ho Mokreste ea tšepahalang eo ka nako eo a neng a hlōleha ho lefa hobane a tobane le ketsahalo e sa lebelloang. (Moeklesia 9:11, NW) Ka khatello ea bona e sa tenyetseheng, e boima, batho ba lefatše ba kolotoang ba ka ’na ba qobella ea joalo ea kolotang boemong boo a ikutloang hore o lokela ho itšireletsa. Joang? Maemong a mang ntho feela eo ba kolotoang ba tla e hlokomela ke bohato ba molao ba hore ea kolotang a nkoe a oele licheleteng. Kahoo Mokreste, ea neng a sa be meharo kapa a sa hlokomolohe likoloto tsa hae, a ka ’na a retelehela ho ho kenngoa litlalehong tsa molao e le ea oeleng licheleteng.
Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela lehlakore le leng la taba ena. Ho ka etsahala hore Mokreste a kene sekolotong hobane a mpa a sa ka a sebelisa boitšoaro ho seo a se sebelisitseng kapa tekanyo ea sona kapa hobane a sa ka a sebelisa ponelo-pele e nahannoeng hantle liqetong tseo a li entseng mabapi le khoebo ea hae. Na o lokela hore a iphapanyetse sekoloto feela ’me ka potlako a batle ho lokoloha ho sona ka hore a nkoe ka molao e le ea oeleng licheleteng, ka tsela eo a senyetsa ba bang ka lebaka la kahlolo ea hae e seng molemo? Bibele ha e amohele ho hloka boikarabelo ho joalo litabeng tsa lichelete. E phehella mohlanka oa Molimo hore e, ea hae e be e. (Mattheu 5:37) Hape, hopola lipolelo tsa Jesu mabapi le ho bala litšenyehelo pele motho a qala ho haha tora. (Luka 14:28-30) Tumellanong le seo, Mokreste o lokela ho nahana ka hloko liphello tse seng monate tse ka bang teng pele a etsa sekoloto sa chelete. Hang ha a etsa sekoloto, o tlameha ho utloisisa boikarabelo ba hae ba ho lefa batho kapa lik’hamphani tseo a li kolotang chelete. Haeba ba bang ba bangata ba ile ba nka Mokreste e le ea se nang boikarabelo kapa ea sa tšepahaleng, ho ka etsahala hore ebe o sentse botumo bo botle boo a entseng boiteko bo matla hore a be le bona ’me kahoo ha a sa na bopaki bo botle bo tsoang ho ba kantle.—1 Timothea 3:2, 7.
Hopola seo Pesaleme ea 15:4 e re bolellang sona ka motho eo Jehova a mo amohelang. Rea bala: “Leha a [motho eo Molimo a mo amohelang] hlapantse, a ke ke a koeneha.” E, Molimo o lebella Bakreste ho tšoara batho bao ba ba kolotang ka tsela eo ba neng ba tla batla hore ba tšoaroe ka eona.—Mattheu 7:12.
Joale, bakeng sa ho akaretsa taba, Bibele ha e hlokomolohe monyetla oa hore boemong bo feteletseng, Mokreste a ka fumana tšireletso e fanoang ke melao ea Sesare ea boemo boo ka molao bo nkoang e le ho oa licheleteng. Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela ho ba ba ikhethang tabeng ea botšepehi le ea ho ba bao ho ka tšepeloang ho bona. Kahoo, e lokela ho ba mehlala takatsong ea bona e tiileng ea ho lefa likoloto tsa bona tsa lichelete.