Tloo Kopanong ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng”
KE SEHLOOHO se setle hakaakang se khethiloeng bakeng sa likopano tsa setereke tsa 1995: “Barorisi ba Thabileng”! Ka sebele sena ke seo Lipaki tsa Jehova li leng sona. Ke barorisi ba mang? Ka ho hlakileng ke ba Jehova Molimo!
Ha ho ea lekanang le Jehova, ha a na thaka, a ke ke a bapisoa, o ikhetha ka litsela tse ngata haholo. O matla ’ohle, o tseba tsohle, o phethahetse tokeng, ebile ke mothofatso oa lerato. Ho feta ba bang bohle o loketsoe ke thoriso le borapeli ba rōna.
Ka sebele re batla ho ba barorisi ba hae ba thabileng! Bakeng sa ho re thusa, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se lokiselitse lenaneo la kopano ea matsatsi a mararo, le tla qala hlabula ka 1995. Ka sebele matsatsi ana a mararo e tla ba a thabisang, ’me Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova e tla batla ho etsa kahohle-hohle hore e be teng ho tloha ka pina e bulang ka Labohlano hoseng ho fihlela ka pina le thapelo e koalang ka Sontaha motšehare oa mantsiboea.