Morena o Hlahloba Bokamoso ba Hae
MORENA e mong oa Afrika Bophirimela e ne e le moeta-pele ea ratoang haholo le ea hlomphuoang ka ho fetisisa sechabeng sa habo. Selemong sa hae sa bo78 sa tsoalo, metsoalle ea hae, ba lelapa, le ba bang ba nang le litakaletso tse molemo ba ile ba bokana ho tla mo lebohela. Puong ea hae morena o ile a khetha sehlooho se sa tloaelehang bakeng sa ketsahalo e joalo. O ile a bua ka likhopolo tsa hae bakeng sa bophelo ka mor’a lefu.
O ile a re ka ’nģane ho lebitla “ho na le lefatše le lecha leo ho lona ho se nang thetso, mohono le meharo.” O ile a le hlalosa e le lefatše le “aparetsoeng ke limakatso,” leo ho lona ho ahileng ba lokileng feela, ba sebelisanang le Molimo.
Litumelo tse joalo li tloaelehile har’a batho ho pholletsa le Afrika. Ho ea ka bolumeli ba Afrika ba neano, lefu hase qetello ea bophelo empa e le feela phetoho, ho fetela bophelong sebakeng sa moea. Ho boleloa hore lefung motho o falla lefatšeng le bonahalang ho ea ho le sa bonahaleng. E se e le moea, joale motho o kena sebakeng seo baholo-holo ba hae ba ahileng ho sona.
Batho ba bangata ba Afrika Bophirimela ba lumela hore baholo-holo, kapa meea ea baholo-holo, ba sireletsa katleho ea malapa a bona lefatšeng. Buka West African Traditional Religion e re: “Ha ho na khethollo e tsitsitseng mabapi le tšusumetso lipakeng tsa litho tsa sechaba tse ntseng li le mona lefatšeng, le tse seng li le lefatšeng le ka mose oane. Ha ba ntse ba le mona lefatšeng, [baholo-holo] e ne e le baholo ba malapa a bona. Kaha hona joale ba se ba siretse ho rōna, e ntse e le baholo lefatšeng la meea. Ha baa khaotsa ho ba le thahasello katlehong e akaretsang ea malapa a bona.”
Ka lebaka lena, morena ea hōlileng ea boletsoeng qalong o ne a lebeletse ho kopana le baholo-holo ba hae le ho sebetsa hammoho le bona tikolohong ea moea. O ile a re: “Ke na le kholiseho e matla ea bophelo ka mor’a lefu le ho tsoela pele ke sebeletsa ke le morena—esita le ka mor’a lefu.”
Leha ho le joalo, ka lebaka la seo morena a ileng a se bua ka mor’a moo, koranta ea Sunday Times e ile ea bolela hore o ne a “bonahala a sa kholiseha ka ho feletseng” ka bophelo bo ka ’nģane ho lebitla. O ile a bolella letšoele le khobokaneng moo hore o kile a utloela ka buka e buang ka bophelo ka mor’a lefu. Morena o ’nile a batla buka eo ka lilemo tse hlano. O ne a laba-labela ho e bala hoo a ileng a tšepisa ho fana ka chelete e ka lekanang le R5 500 ho mang kapa mang ea neng a ka mo tlisetsa kopi ea eona.
Morena a ka be a qobile ho ikhathatsa hoja a sheba bukeng eo ho seng thata ho e fumana. Ke buka e fumanehang habonolo e sa hlahisoang ke motho empa ke ’Mōpi oa batho bohle. (1 Ba-Thessalonika 2:13) Buka eo ke Bibele. E re’ng ka bophelo ka mor’a lefu?