Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 6/1 leq. 32
  • U ke ke Ua Batla ho e Fosa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ke ke Ua Batla ho e Fosa!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Tla ba Teng?
    Tsoha!—1996
  • U ke ke Ua Rata Hore e U Fete!
    Tsoha!—2000
  • U Memeloa Kopanong ea Setereke ea “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang”
    Tsoha!—2002
  • Na U se U Itokiselitse ho ba Teng?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 6/1 leq. 32

U ke ke Ua Batla ho e Fosa!

HO FOSA eng? Kopano ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” e atamelang ka potlako! Libakeng tse ngata kopano e tla qala ka Labohlano hoseng ka 9:30 ka lenaneo la ’mino. Ka mor’a ho mamela lipuisano tse matlafatsang tumelo karolong e reng “Ho Utloa ho Baboleli ba Chesehang ba Khotso,” u tla thabela puo e khothatsang e reng “Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?”

Ka Labohlano thapama lintlha tse khōlō li tla totobatsoa puong ea sehlooho e susumetsang e reng “Karolo ea Rōna Joaloka Manģosa a Khotso ea Bomolimo.” Joale karolo e reng “Ho Thusa ba Bang ho Ithuta ka Litlhoko Tsa Molimo” e tla fana ka litlhahiso tsa ho ruta ba bacha ’neteng. Ena e tla lateloa ke neheletsano e nakong tlas’a sehlooho se reng “Itebeleng Khahlanong le Maraba a Patehileng a Boithabiso.” Lenaneo ka Labohlano le tla phetha ka lipuo tse reng “Hanyetsa Diabolose—Se Mamelle Tlhōlisano” le “Tšoara Lentsoe la Molimo ka Botšepehi U sa Sekisetse.”

Lenaneo la Moqebelo hoseng le tla hatisa bohlokoa ba mosebetsi oa ho etsa barutuoa neheletsanong ea lipuo tse tharo tlas’a sehlooho se reng “Manģosa a Tlisang Litaba Tse Molemo Tsa Khotso.” Lenaneo le tla phetha ka lipuo tse reng “Ho Fana Re Thabile ka Har’a Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova” le “Bophelo le Khotso ka Boinehelo le Kolobetso,” ka mor’a moo ho tla ba le monyetla oa ho kolobetsoa ha barutuoa ba bacha.

Nehelano ea Moqebelo thapama e reng “Nahanisisa ka Mehopolo ea Jehova Litabeng” e tla araba lipotso tse kang ‘Na Bakreste ba na le karolo mosebetsing oa ho arola kajeno?’ le ‘Pono ea Bibele ke efe ka kahlolo ea lefu?’ U tla boela u thabele neheletsano ea lipuo tse peli tse thobang pelo tlas’a sehlooho se reng “Molimo oa Khotso oa U Tsotella” ’me ka ho khetheha puo e phethang e reng “Phehella Khotso ea Bomolimo Bophelong ba Lelapa.”

Lenaneo la Sontaha hoseng le tla akareletsa neheletsano ea lipuo tse tharo tlas’a sehlooho se reng “Ho Khetholla Mofuta o Nepahetseng oa Manģosa” le puo e reng “Mamela Lentsoe la Molimo ’me U le Utloe.” Lenaneo la hoseng le tla phetha ka tšoantšiso e aparetsoeng e tla hatisa bohlokoa ba thuto e tlalehong ea Bibele ea Moahloli Gideone.

Lenaneo la ho qetela la kopano ka Sontaha thapama le tla ba le puo ea sehlooho, e nang le sehlooho se reng “Khotso ea ’Nete Qetellong!—E Tsoa Mohloling Ofe?” Qetellong, puo e susumetsang e reng “Hatelang Pele Joaloka Manģosa a Khotso ea Bomolimo” e tla koala kopano.

Etsa litokisetso tsa ho ba teng hona joale. Ho fumana sebaka se haufinyane le moo u lulang, kopana le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela