Baboleli ba ’muso Baa Tlaleha
Ho Hlōla Liphephetso “Naheng ea Lintho Tse sa Lebelloang”
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a botsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba Korinthe: “Haeba terompeta e ntša molumo o sa hlakang, ke mang ea tla itokisetsa ntoa? Ka tsela e tšoanang hape, ntle leha lōna ka leleme le bua puo e utloisisoang habonolo, ho tla tsejoa joang se ntseng se buuoa?”—1 Bakorinthe 14:8, 9. Lipaki tsa Jehova li thulana le litšitiso tse nyahamisang ha li phatlalatsa molaetsa o hlakileng oa Bibele Papua New Guinea, eo ka linako tse ling e bitsoang Naha ea Lintho tse sa Lebelloang. Li bolela ho batho ba buang lipuo tse fapa-fapaneng tse ka holimo ho 700 ’me e le batho ba nang le meetlo e fapaneng haholo. Lipaki li boetse li thulana le libaka tse lithaba, ho hlokahala ha litsela le bonokoane bo eketsehang. Ntle ho mathata ana ’ohle, ho na le khanyetso e tsoang lihlopheng tse itseng tsa bolumeli, esita le ho baokameli ba likolo ka linako tse ling. Leha ho le joalo, thuto e molemo ea moea hammoho le laebrari e eketsehang ea lithuso tsa ho ithuta Bibele ka lipuo tsa moo, li hlomella Lipaki hore li hase litaba tse molemo joaloka molumo o hlakileng oa terompeta. Hangata ho ba le karabelo e ntle, joalokaha tlaleho e latelang e bontša:
• Mathomong a selemo se secha sa sekolo, tichere e ’ngoe e ile ea batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha bana ba Lipaki tsa Jehova ba sa lumelise folakha kapa ho bina pina ea sechaba. E ile ea botsa Maiola, seithuti se lilemo li 13 seo e leng Paki e kolobelitsoeng. Maiola o ile a fana ka tlhaloso e hlakileng e thehiloeng Mangolong. Kaha mabaka a hae a ne a e-tsoa Bibeleng, tichere ea hae e ile ea a amohela. Tlhaloso ea hae e ile ea boela ea bolelloa bohle ba sebetsang sekolong. Hamorao ha liithuti li ne li abetsoe ho ngola meqoqo, Maiola o ile a khetha sehlooho sa Boraro-bo-bong. Moqoqo oa hae o ile oa fumana limaraka tse ka holimo-limo sehlopheng, ’me tichere e ile ea mo botsa hore na o fumane boitsebiso boo hokae. O ile a bontša tichere buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka puo ea Senyesemane. Tichere e ile ea bontša sehlopha sohle buka eo, ’me ba bangata ba ile ba ipatlela likopi tsa bona. Letsatsing le hlahlamang, Maiola o ile a tsamaisa libuka tse 14 le limakasine tse 7 ho liithuti-’moho le eena, ’me o ile a qalisa thuto ea Bibele le tse tharo tsa tsona. Pakane ea Maiola ke ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng.
• Ho tloha lilemong tse qalang tsa bo-1970, haesale sehlopha se ka thōko sa Lipaki tsa Jehova se motseng o lebōpong la leoatle haufi le Port Moresby se tobane le khanyetso. Leha ho le joalo, haufinyane tjena li ile tsa fumana thuso mohloling oo li neng li sa o lebella. Ka letsatsi le leng, mobishopo oa Kereke ea Chache ea moo, eo e leng letsoalloa la Papua New Guinea ’me a kene sekolo mose ho maoatle, o ile a khothalletsa ba tlileng kerekeng hore ba botse lipotso. Monna e mong o ile a botsa: “Ho na le malumeli a mabeli motseng oa rōna—Kereke ea Chache le Lipaki tsa Jehova. Re lokela ho etsa eng ha Lipaki li tla malapeng a rōna?” Ka mor’a ho khutsa nako e telele, mobishopo o ile a arabela: “Ho bua ’nete, ha ke tsebe hore na nka re le etse joang. Haufinyane tjena, bahlankana ba babeli ba Lipaki ba ile ba tla ha ka. Ba ile ba mpotsa potso, ’me ka tsebo eohle eo ke nang le eona ea univesithi, ke ne ke sa tsebe karabo. Empa, ka bonolo feela ba ile ba nkaraba ka Bibele. Kahoo, nke ke ka le bolella hore na le etse joang—qeto ke ea lōna. Ha ho hlokahale hore le li mamele haeba le sa batle, empa le se ke la li befela.” Moemeli ea tsamaeang oa Mokhatlo oa Watch Tower, eo hamorao a ileng a etela sehlopha sena sa Lipaki o ile a tlaleha: “E batla e le e mong le e mong motseng ea mamelang Lipaki ha li bolela. Ba bang ba bile ba li memela malapeng a bona. Hona joale ke paradeise ea ho bolela.”