Ho Fetola Kabelo ke le Lilemo li 80
JOALOKAHA HO BOLETSE GWENDOLINE MATTHEWS
Ha ke e-ba lilemo li 80, ’na le monna oa ka re ile ra etsa qeto ea ho paka thepa eohle ea rōna ka veneng eo re neng re e hirile ’me ra falla Engelane, ra ea Spain. Re ne re sa tsebe ho bua Sepanishe, ’me re ne re e-ea ka boroa-bophirimela Spain, hōle le libaka tseo hangata baeti ba buang Senyesemane ba lulang ho tsona. Metsoalle ea rōna e mengata e ne e nahana hore re etsa ntho e sa utloahaleng, empa ke ile ka ikhopotsa ka thabo hore Abrahama o ne a le lilemo li 75 ha a falla Ure.
HA RE se re sheba boemo, lilemo tseo re li qetileng mona Spain ho tloha ha re fihla ka April 1992, e bile tse ling tsa tse bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Empa pele ke hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ile ra falla, a nke ke u bolelle hore na bophelo ba rōna tšebeletsong ea Jehova bo ile ba re susumetsa joang hore re qetelle re entse qeto e khōlō joalo.
’Nete ea Bibele e Fetola Bophelo ba Rōna
Ke hōletse lapeng la bolumeli ka boroa-bophirimela London, Engelane. ’Mè o ne a tloaetse ho tsamaea le ’na le ngoan’eso oa ngoanana ha a e-ea libakeng tse fapa-fapaneng tsa bolumeli ha a ntse a batla moo a ka khotsofalang teng moeeng. Ntate, ea neng a tšoeroe ke lefuba le sa foleng, o ne a sa tsamaee le rōna. Empa o ne a khothaletse ho bala Bibele, ’me nako le nako ha a ne a fumana temana e mo fang leseli le itseng, o ne a e thalla mōla. Le leng la matlotlo a ka a bohlokoahali ke Bibele eo e tsofetseng eo Ntate a neng a e rata haholo.
Ka 1925 ha ke ne ke le lilemo li 14, ho ile ha sunngoa pampitšana ka tlas’a monyako oa lapeng, e neng e re memela puong ea phatlalatsa holong ea motse oa West Ham. ’Mè le moahisani e mong ba ile ba etsa qeto ea ho ea puong eo, ’me ’na le ngoananyana oeso re ile ra tsamaea le bona. Puo eo e neng e e-na le sehlooho se reng, “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa,” e ile ea jala peō ea ’nete ea Bibele pelong ea ’Mè.
Likhoeli tse seng kae hamorao, Ntate o ile a hlokahala a e-na le lilemo tse 38. Lefu la hae le ile la re tsukutla habohloko hobane le ile la re siea re sithabetse ’me re boetse re kolla ntsi hanong. Phupung ea hae e neng e tšoaretsoe Kerekeng ea Chache ea sebakeng sa heso, ’Mè o ile a tšoha ha a utloa moprista a bolela hore moea oa Ntate o leholimong. O ne a tseba hore Bibele e re bafu ba robetse lebitleng, ’me o ne a lumela ka tieo hore ka letsatsi le leng Ntate o ne a tla tsosetsoa bophelong bo sa feleng lefatšeng. (Pesaleme ea 37:9-11, 29; 146:3, 4; Moeklesia 9:5; Liketso 24:15; Tšenolo 21:3, 4) A kholisehile hore o ne a lokela ho kopanela le batho ba rutang Lentsoe la Molimo, o ile a ikemisetsa ho hōlisa botsoalle ba hae le Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo.
Kaha re ne re se na chelete ea ho palama, beke e ’ngoe le e ’ngoe re ne re tsamaea lihora tse peli ka maoto ho tloha hae ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a moo, re ne re qeta lihora tse ling tse peli re tsamaea butle ho khutlela hae. Empa re ne re nka liboka tseo e le tsa bohlokoa haholo, ’me ha ho mohla re kileng ra fetoa ke tse ling, esita leha moholi o tummeng oa London o ne o thibile motse. Ka potlako, ’Mè o ile a etsa qeto ea ho nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa, ’me ka 1927, le ’na ke ile ka kolobetsoa.
Ho sa tsotellehe mathata a rōna a lichelete, kamehla ’Mè o ’nile a nthuta bohlokoa ba ho etelletsa pele lintho tsa moea. Matheu 6:33 e ne e le e ’ngoe ea litemana tseo a li ratang ka ho fetisisa, ’me o ile a fela a ‘batla ’muso pele.’ Ha kankere e mo bolaea pele ho nako ka 1935, o ne a ntse a lokisetsa ho arabela pitsong ea basebeletsi ba nako e tletseng ba ka fallelang Fora ho ea sebeletsa teng.
Mehlala e Ileng ea re Matlafatsa
Lilemong tseo tsa pele, ba bang ba ba neng ba e-ba teng libokeng London ba ne ba batla ho bolela likhopolo tsa bona, ’me batho bana ba ne ba tsosa likhang le marata a mabifi. Leha ho le joalo, kamehla ’Mè o ne a re e ka ba ho se tšepahale hore re furalle mokhatlo oa Jehova ka mor’a lintho tsohle tseo re ithutileng tsona ho oona. Ho eta ha Joseph F. Rutherford, eo e neng e le eena mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society ka nako eo, ho ile ha re susumelletsa hore re tsoele pele re sebetsa ka botšepehi.
Ke sa hopola hore Mor’abo rōna Rutherford e ne e le motho ea mosa, ea atamelehang. Ha ke ne ke sa le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, Phutheho ea London e kile ea tsoa ’moho bakeng sa boithabiso, ’me o ne a le teng. O ile a mpona—ke le mocha ea batlang a le lihlong—ke tšoere k’hamera ’me o ile a mpotsa hore na ha ke rate ho mo nka senepe. Senepe seo ke ntho ea bohlokoa eo ke ikhopotsang ketsahalo eo ka eona.
Hamorao, phihlelo e ’ngoe e ile ea ntlhakisetsa phapang e teng lipakeng tsa ba etellang pele phuthehong ea Bokreste le banna ba lefatše ba phahameng. Ke ne ke le mofepi ntlong e khōlō ea London eo Franz von Papen, e mong oa manģosa a Hitler, a neng a memetsoe ho eona bakeng sa lijo tsa motšehare. O ile a hana ho tlosa sabole ea hae e lulang lebanteng ha a e-ja, ’me e ile ea nkhopa, eaba sopho eo ke neng ke e tšoere ea qhalana. O ile a bua ka khalefo hore bohlasoa bo joalo Jeremane koana bo ne bo ka etsa hore ke thunngoe. Ke ile ka mo koekoetla nakong eohle e setseng ea lijo!
Kopano eo ke sa e lebaleng, eo ho eona ke ileng ka utloa ha Mor’abo rōna Rutherford a bua, e ne e tšoaretsoe Alexandra Palace ka 1931. Ke moo re ileng ra amohela ka cheseho lebitso la rōna le lecha, Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10, 12) Lilemo tse peli hamorao ka 1933, ke ile ka kenela tšebeletso ea bopula-maliboho, kamoo tšebeletso ea nako e tletseng e bitsoang kateng. Tlhohonolofatso e ’ngoe eo ke e hopolang lilemong tseo e bile ea ho tloaelana le bahlankana ba molemo bao hamorao e bileng baromuoa likarolong tse hōle tsa lefatše. Bana ba kopanyelletsa Claude Goodman, Harold King, John Cooke le Edwin Skinner. Mehlala e tšepahalang joalo e ile ea etsa hore ke batle ho sebeletsa tšimong ea naha esele.
Ho Bula Maliboho Anglia Bochabela
Kabelo ea ka ea bopula-maliboho e bile Anglia Bochabela (Engelane bochabela), ’me ho paka moo ho ne ho hloka mafolofolo le cheseho. E le hore re koahele tšimo ea rōna e khōlō, re ne re tsamaea ka baesekele ho tloha toropong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, le ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong, ’me re lula matlong a hirisoang. Ho ne ho se na liphutheho ho hang libakeng tseo, kahoo, ’na le motho eo ke neng ke bula maliboho le eena re ne re tšohla hammoho likarolo tsohle tsa liboka tsa beke le beke kamehla. Tšebeletsong ea rōna, re ile ra tsamaisa libuka le libukana tse makholo tse hlalosang merero ea Molimo.
Ketelo e ’ngoe eo ke sa e lebaleng ke ea ha re ne re etetse ntlong e ’ngoe ea moruti, moo re ileng ra bua le moruti ea ikarabellang Kerekeng ea Chache sebakeng seo. Libakeng tse ngata, re ne re qoba ho etela moruti oa Chache ho fihlela e le oa ho qetela hobane hangata o ne a re bakela mathata ha a utloa hore re bolela litaba tse molemo sebakeng seo. Empa motseng ona, e mong le e mong o ne a bua moruti eo hantle. O ne a etela ba kulang, a alima ba ratang ho bala libuka, ’me o ne a boetse a etela malapeng a ba kenang kereke ea hae bakeng sa ho ba hlalosetsa Bibele.
Ka sebele, o ile a re thabela haholo ha re mo etetse, ’me o ile a amohela libuka tse ’maloa. O ile a re tiisetsa hore haeba e mong motseng moo a ka batla ho ba le libuka tse ling tsa rōna empa a sa khone, o tla mo lefella tsona. Re ile ra utloa hore liphihlelo tse tšabehang tseo a ileng a ba le tsona ka Ntoa ea I ea Lefatše li ile tsa etsa hore a ikemisetse ho hōlisa khotso le molemo pharisheng ea hae. Pele re tsamaea, o ile a re lakaletsa mahlohonolo ’me a re khothalletsa hore re tsoele pele ka mosebetsi oa rōna o molemo. Mantsoe a hae ha re arohana e ne e le a tsoang ho Numere 6:24: “Morena a le hlohonolofatse ’me a le boloke.”—King James Version.
’Mè o ile a hlokahala lilemo tse peli ka mor’a hore ke qale ho bula maliboho, ’me ke ile ka khutlela London ke se na chelete ’me ke se na le mang-oee. Paki e ’ngoe e ratehang ea Lescot e ile ea nkamohela ’me ea nthusa hore ke sebetsane ka katleho le lefu la ’Mè, ’me e ile ea nkhothalletsa hore ke tsoele pele tšebeletsong ea bopula-maliboho. Kahoo, ke ile ka khutlela Anglia Bochabela le Julia Fairfax eo e neng e le pula-maliboho-’moho le ’na e mocha. Re ile ra lokisa k’haravene ea khale hore e be lehae le tsamaeang; re ne re sebelisa koloi ho e hula kapa vene bakeng sa ho e tlosa sebakeng se seng ho ea ho se seng. Re ile ra tsoela pele ho bula maliboho hammoho le banyalani ba bang ba neng ba se ba hōlile, Albert le Ethel Abbott, bao le bona ba neng ba e-na le k’haravene e nyenyane. Ke ile ka nka Albert le Ethel joaloka batsoali ba ka.
Ha ke ntse ke bula maliboho Cambridgeshire, ke ile ka kopana le John Matthews, mor’abo rōna ea lokileng oa Mokreste ea neng a se a pakile botšepehi ba hae ho Jehova tlas’a maemo a thata. Re ile ra nyalana ka 1940, ha ntoa ea bobeli ea lefatše e sa tsoa qala.
Nako ea Ntoa le ho ba le Lelapa
Ha re sa tsoa nyalana, lehae la rōna e ne e le k’haravene e bonyenyane ba kichine e moqotetsane, ’me re ne re e-ea tšebeletsong ea rōna ka sethuthuthu se ka tšeptjoang. Selemo ka mor’a hore re nyalane, John o ile a ahloleloa ho sebetsa polasing ka lebaka la hore tumelo ea hae e thehiloeng Bibeleng e entse hore a hane tšebeletso ea sesole. (Esaia 2:4) Le hoja sena se ne se bolela hore re khaotsa ho ba bo-pula-maliboho, kahlolo eo ea John e ile ea ipaka e le lehlohonolo hobane ke ne ke lebeletse ngoana ’me o ne a tla khona ho re hlokomela.
Lilemong tseo tsa ntoa, re ile ra thabela liboka tse khethehileng tse neng li tšoaroa ho sa tsotellehe mathata. Ka 1941, sethuthuthu sa rōna se ile sa ntjara ke le moimana oa ngoana oa rōna oa pele, le John, ho re isa Manchester e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse 300. Tseleng re ile ra feta metse e mengata e ruthuthiloeng ke libomo, ’me re ne re ipotsa hore na ebe seboka se ne se tla tšoaroa tlas’a maemo a joalo. Se ile sa tšoaroa. Holo ea The Free Trade, e neng e le bohareng ba Manchester, e ne e tletse Lipaki tse tsoang libakeng tse ngata tsa Engelane, ’me ho ile ha tšoaroa lenaneo lohle.
Qetellong ea puo e koalang, sebui sa ho qetela sa kopano se ile sa bolella bamameli hore ba lokela ho tloha hang sebakeng seo, kaha ho ne ho lebeletsoe tlhaselo ea lifofane tsa ntoa. Temoso eo e ne e fela e le nakong. Re ne re se hōle le holo eo ha re utloa melumo ea temoso le lithunya tse loantšang tlhaselo ea moeeng. Ha re hetla, re ile ra bona lifofane tse ngata tse neng li lihela libomo bohareng ba motse oo. Re le hōjana, re ne re ka bona holo eo re neng re sa tsoa lula ka har’a eona e kupelitsoe ke malakabe le mosi; e ne e ranthane! Ka thabo, ha ho le ea mong oa bara kapa barali babo rōna ba Bakreste ea ileng a bolaoa.
Ha rea ka ra khona ho bula maliboho ha re ntse re hōlisa bana ba rōna, empa re ile ra bula lehae la rōna bakeng sa balebeli ba tsamaeang le bo-pula-maliboho ba neng ba se na bolulo. Ka lekhetlo le leng, bo-pula-maliboho ba tšeletseng ba ile ba lula ha rōna ka likhoeli tse ’maloa. Ha ho pelaelo hore ho tloaelana le batho ba joalo ke le leng la mabaka a ileng a etsa hore morali oa rōna Eunice a khethe ho qala bopula-maliboho ka 1961, ha a ne a le lilemo li 15 feela. Ka masoabi, ha mora oa rōna David a hōla, o ile a khaotsa ho sebeletsa Jehova, ’me morali oa rōna e mong, Linda, o ile a shoa boemong bo otlang pelo nakong ea ntoa.
Qeto ea Rōna ea ho Fallela Spain
Mohlala oa ’Mè le khothatso ea hae li ne li ile tsa etsa hore ke be le takatso ea ho ba moromuoa, ’me ha ho mohla nkileng ka lebala pakane eo ka ho feletseng. Kahoo, re ile ra thaba ha ka 1973, Eunice a tloha Engelane ho ea Spain moo tlhokahalo ea bahoeletsi ba ’Muso e neng e le khōloanyane. Ke ’nete hore re ne re saretsoe ha re mo bona a tsamaea, empa re ne re boetse re le motlotlo hore ebe o batla ho sebeletsa naheng esele.
Re ’nile ra etela Eunice ka lilemo, ’me re ne re se re tseba Spain hantle. Ha e le hantle, ’na le John re ’nile ra mo etela likabelong tsa hae tse ’nè tse fapaneng. Joale, ha lilemo li ntse li feta, re ile ra qala ho fokolloa ke matla. John o ile a oa ’me hoo ho ile ha ama bophelo ba hae ka ho teba, ’me ke ne ke tšoeroe ke lefu la pelo le la thyroid. Ntle ho moo, bobeli ba rōna re tšoeroe ke lefu la masapo le manonyeletso. Le hoja ka sebele re ne re hloka thuso ea Eunice, re ne re sa batle hore a tlohele kabelo ea hae ka lebaka la rōna.
Re ile ra tšohla le Eunice lintho tseo re ka khethang lipakeng tsa tsona, ’me ra rapella tataiso. O ne a ikemiselitse ho tla hae ho tla re thusa, empa re ile ra etsa qeto ea hore tharollo e molemohali e ka ba ea hore ’na le John re lule le eena Spain. Haeba nke ke ka khona ho ba moromuoa, bonyane nka tšehetsa morali oa ka le metsoalle ea hae e ’meli e bulang maliboho le eena tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka nako eo, ’na le John re ne re se re nka Nuria le Ana, ba butseng maliboho le Eunice ka lilemo tse 15, e le barali ba rōna. ’Me ba ile ba thabela hore re il’o lula le bona kae le kae moo ba ka abeloang teng.
Ho se ho fetile lilemo tse tšeletseng haesale re etsa qeto eo. Bophelo ba rōna ha boa fokola ho ea pele, ’me ka sebele tsela eo re phelang ka eona e ntse e e-ba e thahasellisang ka ho eketsehileng. Ke ntse ke sitoa ho bua Sepanishe hantle, empa seo ha se nthibele ho bolela. ’Na le John re ikutloa re amohelehile phuthehong ea rōna e nyenyane ea Extremadura, ka boroa-bophirimela ho Spain.
Ho lula Spain ho nthutile ho hongata ka mokhoa oo mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso e leng oa machaba kateng, ’me hona joale ke utloisisa ka ho hlakileng haholoanyane hore “tšimo ke lefatše,” joalokaha Jesu Kreste a ile a bolela.—Matheu 13:38.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho bula maliboho lilemong tsa bo-1930