Liphello Tsa Boikhohomoso—Li Bohloko Hakae?
NA U se u kile ua sebetsana le motho eo ka boomo a etsang hore u ikutloe u le mosesaane? Mohlomong mookameli, mong’a hao, molebeli kapa eena mong ka uena ea ileng a u khella fatše le ho u bontša ho u nena hohle? U ile ua ikutloa joang ka motho eo? Na u ile ua khahloa ke botho ba hae? Le hanyenyane! Hobane’ng? Hobane boikhohomoso bo etsa hore ho be le meeli ’me bo tima puisano.
Boikhohomoso bo etsa hore motho a khelle batho kaofela fatše e le hore eena a ka hlahella a phahame kamehla. Motho ea nang le boitšoaro bo joalo ke seoelo a ka buang ntho e ntle ka ba bang. Kamehla ho ba le polelo e khepholang e felehetsang seo ho buuoang ka sona—“e, teng ke ’nete, empa o na le bothata bona kapa bofokoli bane.”
Ho Thoughts of Gold in Words of Silver, boikhohomoso bo hlalosoa e le “bofokoli bo hlōlang kamehla. Bo senya motho, bo mo siee a e-na le ho fokolang feela ho ratehang ho eena.” Na ke ho makatsang hore ebe ha ho na motho ea ikutloang a lokolohile ha a le haufi le motho ea ikhohomosang? Ha e le hantle, hangata liphello tsa boikhohomoso e ba ho hloka metsoalle ea sebele. Buka eona eo e tsoela pele ho re: “Ho fapana le hoo, batho ba rata baikokobetsi—eseng ba ikhantšang ka hore ba ikokobelitse, empa ba hlileng ba ikokobelitseng.” Ka ho loketseng, Bibele e re: “Boikhohomoso ba motho boa mo kokobetsa, ea ikokobetsang o tla ikhapela tlhompho.”—Liproverbia 29:23, The Jerusalem Bible.
Leha ho le joalo, ntle le hore na boikhohomoso bo ama botsoalle kapa ho hlomphuoa ke batho joang, bo ama kamano ea motho le Molimo joang? Molimo o talima baikhohomosi, baikhantši le baikakasi joang? Boikhohomoso kapa boikokobetso—na lia tsotelleha ho eena?
Thuto ea Boikokobetso
Mongoli ea bululetsoeng oa Liproverbia o re: “Boikhohomoso bo etella timelo pele, boikhantšo bo isa ho oeng. Ho kokobetsoa le ba banyenyane ho molemo ho e-na le ho ja khapo le baikhohomosi.” (Liproverbia 16:18, 19) Bohlale ba mantsoe ao bo bonahala hantle tabeng ea Naamane, molaoli oa Syria ea neng a phela mehleng ea moprofeta oa Moiseraele Elisha.
Naamane e ne e le molepera. Ha a batla phekolo, o ile a ea Samaria a nahana hore o tla buisana le Elisha ka ho toba. Ho e-na le hoo, moprofeta eo o ile a roma mohlanka oa hae hore a ise litaelo ho Naamane tsa hore a hlape ka makhetlo a supileng Nōkeng ea Jordane. Naamane o ile a nka tšoaro le keletso eo e le nyeliso. Ke hobane’ng ha moprofeta a ne a sa tle ka seqo ho tla bua le eena ho e-na le hore a romelle mohlanka oa hae? Ho feta moo, nōka leha e le efe ea Syria e ne e ntse e tšoana le nōka ea Jordane! O ne a e-na le bothata ba boikhohomoso. Phello e bile efe? Ka lehlohonolo, o ile a amohela keletso e bohlale. “Eaba o theoha, a itebisa hasupa har’a Jordane, ka polelo ea monna oa Molimo; ’me nama ea hae ea boela ea e-ba joalo ka nama ea ngoana e monyenyane, a hla a hloeka.”—2 Marena 5:14.
Ka linako tse ling, ho ikokobetsa ho honyenyane ho tlisa melemo e meholo.
Liphello Tsa Boikakaso
Leha ho le joalo, boikhohomoso bo ka ’na ba ba le liphello tse bohloko ho feta ho lahleheloa feela ke molemo o itseng. Ho na le boikhohomoso bo bong bo boleloang ke lentsoe “hubris,” le hlalosoang e le “boikhohomoso bo feteletseng kapa ho itšepa hoo hangata ho fellang ka kotlo.” (Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary) Lentsoe lena le tsoa ka ho toba mohloling oa Segerike, ’me ho latela setsebi sa Mogerike William Barclay, “hubris ke motsoako oa boikhohomoso le bokhopo . . . , boikakaso bo khesang bo etsang hore [motho] a nyenyefatse batho ba bang.”
Mohlala o hlakileng oa mofuta ona oa boikhohomoso bo feteletseng oa hlaha ka Bibeleng. Ke tabeng ea Hanune, morena oa Ammone. Insight on the Scriptures ea hlalosa: “Ka lebaka la mosa o lerato oo Nashashe a neng a ’montšitse oona, Davida o ile a romela manģosa a hae ho ea tšelisa Hanune ka ho hlokahalloa ke ntat’ae. Empa a kholisitsoe ke mahosana a hae hore seo e ne e mpa e le leqheka la Davida la hore a tsebe ho hloela motse, Hanune o ile a tlotlolla bahlanka ba Davida ka ho ba beola litelu ka nģa e le ’ngoe le ho tabola liaparo tsa bona ka lehare ho ea fihla maraong, eaba o ba tsamaisa ba le joalo.”a Mabapi le ketsahalo ena, Barclay o re: “Tšoaro eo e ne e le hubris. E ne e le nyeliso, pefo le tlotlollo ea phatlalatsa li kopane hammoho.”—2 Samuele 10:1-5.
Ka sebele, motho ea ikhohomosang a ka ba hubris, a ikhantša, a ba a tlotlolla ba bang. O thabela ho utloisa motho bohloko ka tsela e sa nahaneleng, e hlokang botho, ebe joale o khotsofalla ho se thabe ha motho eo le lihlong tse mo tšoereng. Empa ho nyatsa kapa ho senya seriti sa motho ho senya ka hohle. Ho fella ka hore motho a lahleheloe ke motsoalle, mohlomong ho mo etse sera.
Mokreste oa ’nete a ka bontša boikhohomoso bo kotsi joalo joang empa Monghali oa hae a mo laetse hore a ‘rate moahelani oa hae joalokaha a ithata’? (Matheu 7:12; 22:39) Hoo ho khahlanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo le Kreste ba e emelang. Ka lebaka lena, Barclay o fana ka tlhaloso ena ea bohlokoa: “Hubris ke boikhohomoso bo etsang hore motho a se hlomphe Molimo.” Ke boikhohomoso bo reng: “Jehova ha a eo.” (Pesaleme ea 14:1, NW) Kapa joalokaha Pesaleme ea 10:4 (NW) e bolela: “Ho ea ka boikhohomoso ba hae, ea khopo ha a batlisise; likhopolo tsohle tsa hae ke tse reng: ‘Molimo ha a eo.’” Boikhohomoso kapa boikakaso bo joalo ha bo suthisetse motho hōle le metsoalle le beng ka eena feela, empa bo boetse bo mo suthisetsa hōle le Molimo. Ke phello e bohloko hakaakang!
U se ke Ua Lumela ho Senngoa ke Boikhohomoso
Boikhohomoso bo ka ba ka mekhoa e mengata—boikhohomoso bo bakoang ke bochaba, khethollo ea morabe, khethollano e bakoang ke maemo, thuto, leruo, botumo le matla. Ka tsela e itseng, boikhohomoso bo ka u nanarela ’me ba senya botho ba hao.
Batho ba bangata ba bonahala eka ke baikokobetsi ha ba sebetsana le batho ba ba phahametseng kapa tsona lithaka tsa bona. Empa ho etsahala’ng ha motho ea neng a bonahala eka o ikokobelitse a fumana boemo ba ho laela? Ka potlako, o fetoha mohatelli ea sulafaletsang ba leng ka tlas’a hae bophelo! Sena se ka etsahala ho ba bang ha ba apara junifomo kapa ba qhoaela beche e bontšang hore ba na le matla. Esita le bona basebetsi ba ’muso ba ka ikhohomosa ha ba sebelisana le sechaba, ba nahana hore sechaba se lokela ho ba sebeletsa, eseng hore bona ba se sebeletse. Boikhohomoso bo ka u etsa hore u be ea tšoarang ba bang hampe le ea sa nahaneleng maikutlo a ba bang; boikokobetso bo ka u etsa ea mosa.
Jesu a ka be a ile a ikhohomosetsa barutuoa ba hae le ho ba tšoara hampe. E ne e le motho ea phethahetseng, Mora oa Molimo ea neng a sebelisana le balateli ba hae ba neng ba sa phethahala, ba nkeha maikutlo feela ’me ba phosumela litaba. Leha ho le joalo, o ile a fana ka memo efe ho ba mamelang? “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.
Na re ikitlaetsa kamehla ho latela mohlala oa Jesu? Kapa na re iphumana re tšoara ba bang hampe, re sa tenyetsehe, re le ba hatellang, re hloka mohau ’me re ikhohomosa? Joaloka Jesu, leka ho ba ea khathollang, eseng ea hatellang. Hanela phello e senyang ea boikhohomoso.
Mabapi le lintho tse boletsoeng ka holimo, ho ka thoe’ng ka boitlhompho?
Boitlhompho ha bo Bapisoa le Boikhopolo
Boitlhompho bo bolela ho itlhompha. Bo bolela hore u amehile ka seo ba bang ba se nahanang ka uena. U tsotella ponahalo ea hao le botumo ba hao. Maele a Sepanishe a bua ’nete, “Mpolelle hore na metsoalle ea hao ke bo-mang ’me ke tla u bolella hore na u motho oa mofuta ofe.” Haeba u khetha ho tloaelana le batho ba sa itsotelleng, ba botsoa, ba mekhoa e mebe le ba puo e litšila, ha ho potang hore u tla tšoana le bona. Mekhoa ea bona e tla fetela ho uena, ’me u tla hloka boitlhompho joaloka bona.
Ka sebele, ho na le boikhohomoso bo bong bo feteletseng—boikhohomoso bo lebisang boikhopolong kapa boikhantšong. Bangoli le Bafarisi ba mehleng ea Jesu ba ne ba ikhohomosa ka lineano tsa bona le ponahalo ea bona e feteletseng ea bolumeli. Jesu o ile a lemosa ka bona: “Mesebetsi eohle eo ba e etsang ba e etsa hore ba bonoe ke batho; kaha ba atolosa mabokosana a tšetseng mangolo ao ba a roalang e le litšireletso, le ho hōlisa mephetho e litjellane ea liaparo tsa bona [hore ba hlahelle ba tletse borapeli haholoanyane]. Ba rata sebaka se hlaheletseng ka ho fetisisa lijong tsa shoalane le litulo tse ka pele ka lisynagogeng, le litumeliso libakeng tsa ’maraka le ho bitsoa Rabi ke batho.”—Matheu 23:5-7.
Kahoo, ho hlokahala boikutlo bo leka-lekaneng. Hape, hopola hore Jehova o bona pelo, eseng feela ponahalo ea ka ntle. (1 Samuele 16:7; Jeremia 17:10) Ho itokafatsa hase ho loka ha Molimo. Leha ho le joalo, potso ea sala, Re ka hlaolela boikokobetso ba ’nete joang ’me ra qoba ho fumana liphello tse bohloko tsa boikhohomoso?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Boikokobetso bo fokolang bo ile ba tlisetsa Naamane melemo e meholo