Buka ea Bohlale e Nang le Molaetsa Bakeng sa Kajeno
MOPATRIAREKA Jobo eo ntle ho pelaelo e neng e le e mong oa banna ba neng ba ruile ka ho fetisisa ba mehleng ea hae, o ile a hlokomela hore “mokotla o tletseng bohlale ke oa bohlokoa ho feta o tletseng liperela.” (Jobo 1:3; 28:18; 42:12, NW) Ka sebele, bohlale ke ba bohlokoa haholo ho feta lintho tse bonahalang ha ho tluoa tabeng ea ho thusa motho hore a atlehe bophelong. Morena Solomone ea bohlale o itse: “Bohlale ke tširelo, joalo ka ha le eona chelete e le tširelo, empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phelisa ba ho ruileng.”—Moeklesia 7:12.
Empa bohlale bo joalo bo ka fumanoa hokae kajeno? Batho ba retelehela lingoling tse fanang ka keletso limakasineng, litsebing tsa kelello, lingakeng tsa mafu a kelello esita le ho batho ba lokisang moriri le baqhobi ba litekesi ka mathata a bona a botho. ’Me litsebi tse se nang palo li ikemiselitse ho fana ka keletso tabeng leha e le efe—ka tefo e tšoanelehang. Leha ho le joalo, mantsoe a joalo a “bohlale” a mpa a lebisitse batho masoabing, esita le kotsing. Joale re ka fumana bohlale ba ’nete joang?
Jesu Kreste ea neng a e-na le temoho litabeng tsa batho, o kile a re ka lekhetlo le leng: “Bohlale bo pakoa bo lokile ke mesebetsi ea bona.” (Matheu 11:19) A re hlahlobeng mathata a mang a tloaelehileng bophelong ba batho ’me re bone hore na ke mantsoe afe a bohlale ao ka sebele a ileng a ba thusa a ba a ipaka a le bohlokoa ho bona ho feta ‘mokotla o tletseng liperela.’ Le uena u ka ’na ua fumana “mokotla [oo] o tletseng bohlale” ’me ua rua molemo ho oona.
Na U Tepeletse Maikutlo?
International Herald Tribune ea London e bontša hore, “Haeba lekholo la bo20 la lilemo le tlisitse Mehla ea Matšoenyeho, ho fela ha lona ke bopaki ba ho hlaha ha Mehla ea ho Tepella Maikutlong.” E phaella ka hore “phuputso ea pele ea machaba mabapi le ho tepella ho hoholo ha maikutlo e senola ho phahama ho eketsehang ha pherekano lefatšeng lohle. Lichabeng tse sa tšoaneng tse kang tsa Taiwan, Lebanone le New Zealand, moloko o mong le o mong o latelang o ntse o pepesehela boloetse bona le ho feta.” Ho boleloa hore batho ba hlahileng ka mor’a 1955 ba na le monyetla oa ho tepella haholo maikutlong ka makhetlo a imenneng hararo ho ao bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bona ba neng ba e-na le oona.
Ho bile joalo ka Tomoe ea neng a tepeletse maikutlo haholo ’me boholo ba nako ea hae a bo qeta a robetse. Kaha o ne a sitoa ho hlokomela mora oa hae ea lilemo li peli, o ile a khutlela ha habo. Moahisani ea neng a e-na le morali ea lekanang le mora oa Tomoe o ile a tloaelana le eena ka potlako. Ha Tomoe a bolella moahisani eo kamoo a ikutloang a se na thuso kateng, moahisani o ile a mo bontša temana e ngotsoeng bukeng e ’ngoe. E ne e re: “Leihlo le ke ke la re ho letsoho: ‘Ha ke u hloke’; kapa, hape, hlooho e ke ke ea re ho maoto: ‘Ha ke le hloke.’ Empa ho e-na le hoo taba ke hore litho tsa ’mele tse bonahalang li fokola haholoanyane lia hlokahala.”a Likeleli li ile tsa keleketla marameng a Tomoe ha a hlokomela hore motho e mong le e mong o na le bohlokoa bo itseng lefatšeng ’me oa hlokahala.
Moahisani eo o ile a khothalletsa Tomoe hore a hlahlobe buka eo mantsoe ao a tsoang ho eona. Tomoe o ile a ōma ka hlooho ho lumela, le hoja ho fihla ka nako eo a ne a e-s’o khone ho etsa letho, esita le hona ho etsa tšepiso feela. Moahisani eo o ile a boela a mo thusa ka ho ea reka, ’me letsatsi le leng le le leng o ne a pheha lijo le Tomoe. Ka mor’a khoeli, Tomoe o ne a tsoha hoseng ho hong le ho hong, a hlatsoa, a hloekisa ntlo, a ikisa mabenkeleng, a pheha lijo tsa mantsiboea joalokaha mosali e mong le e mong a ka etsa. O ile a tlameha ho hlōla mathata a mangata, empa o ile a re, “Ke ne ke kholisehile hore hafeela nka latela mantsoe a bohlale ao ke neng ke a fumane, ke ne ke tla atleha.”
Ka ho sebelisa mantsoe a bohlale ao a neng aa fumane, Tomoe o ile a hlōla nako e nyahamisang eo a neng a tepeletse maikutlo ka eona. Hona joale, Tomoe o sebetsa ka nako e tletseng ho thusa ba bang ho sebelisa oona mantsoe ao a ileng a mo thusa hore a tobane le mathata a hae ka katleho. Mantsoe ao a bohlale a fumaneha bukeng ea boholo-holo e nang le molaetsa bakeng sa batho bohle kajeno.
Na U Tobane le Mathata a Lelapa?
Palo ea tlhalo lefatšeng ka bophara e ntse e eketseha. Mathata a lelapa a eketseha esita le linaheng tsa Bochabela tseo batho ba teng ba kileng ba e-ba motlotlo ka malapa a bona a kopaneng. Re ka fumana keletso e sebetsang ea lenyalo hokae?
Nahana ka mohlala oa Shugo le Mihoko, banyalani ba neng ba e-na le mathata a sa feleng a lenyalo. Ba ne ba ngangisana ka taba e ’ngoe le e ’ngoe e sa reng letho. Shugo e ne e le sefela-peloana, ’me Mihoko o ne a mo arabisa nako le nako ha a mo bona molato. Mihoko o bile a nahana, ‘Ha ho mohla re tla ke re lumellane ka ntho leha e le efe.’
Ka letsatsi le leng, mosali e mong o ile a etela Mihoko ’me a mo balla mantsoe ana bukeng e ’ngoe: “Ka hona lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”b Le hoja a ne a sa thahaselle bolumeli, Mihoko o ile a lumela ho ithuta buka eo e nang le mantsoe ao. Thahasello ea hae e ne e le ho ntlafatseng bophelo ba lelapa la hae. Kahoo, ha a memeloa ho ba teng sebokeng seo ho sona ho neng ho tšohloa buka e nang le sehlooho se reng Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, Mihoko—hammoho le monna oa hae—ba ile ba amohela memo eo hang-hang.c
Ha ba le sebokeng seo, Shugo o ile a hlokomela hore batho ba neng ba le moo ka sebele ba ne ba sebelisa seo ba ithutang sona le hore ba ne ba bonahala ba thabile. O ile a etsa qeto ea ho hlahloba buka eo mosali oa hae a neng a ithuta eona. Ho na le polelo e ileng ea mo khahla hang-hang: “Ea liehang ho halefa o na le kelello e kholo; empa ea pelo e befang kapele o hlahatsa bothotho.”d Le hoja ho ile ha mo nka nako e telele hore a sebelise molao-motheo ona bophelong ba hae, butle-butle, ba haufi le eena ba ile ba bona phetoho eo a neng a e etsa, ho kopanyelletsa le mosali oa hae.
Ha Mihoko a bona phetoho eo monna oa hae a e etsang, le eena o ile a qala ho sebelisa seo a neng a ithuta sona. Molao-motheo oo ka ho khetheha o ileng oa ipaka o le molemo e bile ona: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa; kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona.”e Kahoo, Mihoko le monna oa hae ba ile ba etsa qeto ea hore ba tla buisana ka litšobotsi tsa bona tse ntle le hore na ba ka li ntlafatsa joang, ho e-na le ho tšoaeana liphoso. Phello e bile efe? Mihoko oa hopola: “Hoo ho nthabisitse haholo. Re ’nile ra etsa sena mantsiboea a mang le a mang nakong ea lijo tsa mantsiboea. Esita le mora oa rōna ea lilemo li tharo o kopanela moqoqong. Ka sebele e bile ho re khathollang!”
Ha lelapa lena le sebelisa keletso e molemo eo le e fumaneng, le ile la khona ho hlōla mathata a neng a hulisa kamano ea lona ka thata hoo le neng le le lintšing tsa ho qhalana. Na seo hase bohlokoa ho bona ho feta mokotla o tletseng liperela?
Na U Batla ho Atleha Bophelong?
Ho ba bangata kajeno, morero bophelong ke ho bokella leruo. Leha ho le joalo, rakhoebo e mong ea ruileng United States, ea ileng a fana ka limilione tse makholo tsa lidolara mokhatlong oa ho thusa ba hlokang, o kile a re: “Chelete e hohela batho ba bang, empa ha ho na motho ea ka lelekisang meutlanyana e ’meli ka nako e le ’ngoe.” Ba amohelang ’nete ena baa fokola ka palo, athe ba khaotsang ho phehella leruo ba fokola le ho feta.
Hitoshi o hōtse a futsanehile, kahoo o ile a ba le takatso e matla ea ho rua. Ka mor’a ho bona kamoo batho ba fanang ka likoloto tse itseng ba bapalang batho likoaheloana kateng, o ile a etsa qeto: “Ea fumanang chelete e ngatahali ke eena mohlōli.” Hitoshi o ne a lumela matleng a chelete hoo a neng a nahana hore e ka reka le bophelo ba batho. E le hore a bokelle leruo, o ile a ikakhela ka setotsoana khoebong ea hae ea ho sebetsana le lipeipi tsa tsamaiso ea metsi ’me a sebetsa selemo kaofela, ho se mohla a iphang letsatsi la ho phomola. Le hoja a ne a leka ka matla joalo, ka potlako Hitoshi o ile a hlokomela hore eena, kaha o ne a sebetsa tlas’a likonteraka tse itseng, ho ne ho se mohla a tla ba matla joaloka beng ba likonteraka tseo ba neng ba mo hirile. Letsatsi le leng le le leng o ne a lula a ngongorehile ka hore o tla oa licheleteng.
Joale monna e mong o ile a tla ha Hitoshi ’me a mo botsa hore na oa tseba hore Jesu Kreste o ile a mo shoela na. Kaha Hitoshi o ne a nahana hore ha ho na motho ea ka shoelang motho ea kang eena, o ile a labalabela ho tseba ka ho eketsehileng ’me a lumela ho ba le puisano e tsoelang pele. Bekeng e latelang, o ile a ea mamela puo ’me a makala ha a utloa temoso e neng e re ho ‘boloka leihlo la hao le talimile nģa e le ’ngoe.’ Sebui se ile sa hlalosa hore leihlo le “talimang nģa e le ’ngoe” ke leihlo le bonelang hōle le le lebisitseng tlhokomelo linthong tsa moea; athe leihlo le “khopo,” kapa le “mohono,” ke le lebisitseng tlhokomelo feela litakatsong tsa nama tse fumanehang hona joale, ’me le bonela haufi. Temoso e reng, “Moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng,” e ile ea mo kena.f Ho na le ho hong hoa bohlokoa ho feta ho fumana maruo! O ne a e-s’o ka a utloa ntho e joalo.
A khahliloe ke seo, o ile a qala ho sebelisa seo a ithutang sona. Ho e-na le ho sebeletsa chelete ka thata, o ile a qala ho beha lintho tsa bohlokoa tsa moea pele bophelong ba hae. O ile a boela a qeta nako a hlokomela boiketlo ba moea ba lelapa la hae. Ha ho pelaelo hore seo se ne se bolela ho ba le nako e nyenyane bakeng sa mosebetsi, leha ho le joalo, khoebo ea hae e ile ea atleha. Hobane’ng?
Botho ba hae bo mabifi bo ile ba fetoha bo bonolo le bo ratehang ha a sebelisa keletso eo a neng a e fuoe. Ka ho khetheha, o ile a khahloa ke keletso ena: “Ka sebele li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna. Le se ke la ba ba buang leshano e mong ho e mong. Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng.”g Ho latela keletso ena ha hoa ka ha mo etsa morui, empa “botho [ba hae] bo bocha” bo ile ba khahla batho bao a sebetsanang le bona ’me ba etsa hore ba mo tšepe le ho ba le kholiseho ho eena. E, mantsoe a bohlale ao a a fumaneng a mo thusitse hore a atlehe bophelong. Ka sebele, a bile bohlokoa ho eena ho feta mokotla o tletseng liperela kapa chelete.
Na U Tla Bula Mokotla Oo?
Na u ka tseba hore na ke ofe mokotla oo o tletseng bohlale, o ipakileng o le bohlokoa ho batho bao ho fanoeng ka mehlala ea bona ka holimo? Ke bohlale bo fumanoang ka Bibeleng, buka e ajoang le ho fumaneha habonolo ka ho fetisisa lefatšeng. Mohlomong u na le eona kapa u ka khona ho e fumana habonolo. Leha ho le joalo, feela joalokaha ho ba le mokotla o tletseng liperela tsa bohlokoa empa li sa sebelisoe ho ke ke ha tsoela mong’a oona molemo, ho ba le Bibele feela tjee le hona ho ke ke ha e-ba le molemo o mokaalo. Ka puo ea tšoantšetso, ke hobane’ng ha u sa bule mokotla oo ’me ua sebelisa keletso e bohlale le e nakong ea Bibele, ’me u bone hore na e ka u thusa ho sebetsana joang ka katleho le mathata a bophelo?
Haeba u ne u ile ua fuoa mokotla o tletseng liperela, na u ne u ke ke ua thaba ua ba ua batla ho tseba hore na ke mang ea u fileng oona e le hore u ka mo leboha? Tabeng ea Bibele, na ua tseba hore na Mofani ke mang?
Bibele e senola Mohloli oa bohlale o fumanoang ka hare ho eona ha e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” (2 Timothea 3:16) E boetse e re bolella hore “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Ke lona lebaka le etsang hore mantsoe a fumanoang ka Bibeleng e be a nakong le a sebetsang ho rōna kajeno. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u ithute ka Mofani enoa ea seatla se bulehileng, Jehova Molimo, e le hore u ka ba le monyetla oa ho ba ea fumanang “mokotla o tletseng bohlale” bo fuperoeng ka Bibeleng—buka ea bohlale e nang le molaetsa bakeng sa batho kajeno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mantsoe ao a qotsitsoe ho 1 Bakorinthe 12:21, 22.
c E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
f Matheu 6:21-23, NW; mongolo o botlaaseng ba leqephe.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]
Mantsoe a Bohlale Bakeng sa ho ba le Botsitso Maikutlong
“Jehova, ha u ka lotolotsa makhopo, ke mang ea ka emang pel’a hao, Morena? Empa tšoarelo e teng ho uena, u tle u tšajoe.”—Pesaleme ea 130:3, 4.
“Pelo e thabileng e elisa sefahleho; empa moea o khathala ke bohloko ba pelo.”—Liproverbia 15:13.
“U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na?”—Moeklesia 7:16.
“Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.”—Liketso 20:35.
“Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.”—Baefese 4:26.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
Mantsoe a Bohlale Bakeng sa Bophelo bo Thabileng ba Lelapa
“Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana, empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.”—Liproverbia 15:22.
“Pelo ea motho ea nang le kelello e rua tsebo, tsebe tsa ba bohlale li sela eona.”—Liproverbia 18:15.
“Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joalo ka liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.”—Liproverbia 25:11.
“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea kopano.”—Bakolose 3:13, 14.
“Tsebang sena, barab’eso ba ratoang. Motho e mong le e mong o lokela ho potlaka mabapi le ho utloa, e be ea liehang mabapi le ho bua, e be ea liehang mabapi le khalefo.”—Jakobo 1:19.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Mantsoe a Bohlale Bakeng sa ho Atleha Bophelong
“Sekala sa bohata se hloiloe ke Jehova, empa tekanyo ea ’nete ea mo khahlisa.”—Liproverbia 11:1.
“Boikhohomoso bo etella timelo pele, boikhantšo bo isa ho oeng.”—Liproverbia 16:18.
“Motho ea hlōloang ke ho busa pelo ea hae, ke motse o kenoeng ke lira, o se nang lerako.”—Liproverbia 25:28.
“U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao, hobane khalefo e ee e hanelle sefubeng sa maoatla.”—Moeklesia 7:9.
“Akhela bohobe ba hao holim’a metsi, hobane ka mora’ matsatsi a mangata, u tla boela u bo bone.”—Moeklesia 11:1.
“Polelo e bolileng a e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho bautloi.”—Baefese 4:29.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho ithuta Bibele ke mohato oa pele oa ho fumana “mokotla o tletseng bohlale”