Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 9/1 maq. 26-30
  • Kamehla Jehova o Putsa Batho ba Hae ba Tšepahalang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamehla Jehova o Putsa Batho ba Hae ba Tšepahalang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Lelapa ho Tloha Bongoaneng
  • Ho Tseba Jehova
  • Nako ea Phetoho e Khōlō Bakeng sa Rōna
  • ’Mino o Eketsehileng!
  • Ho Hatisa ’Mino oa Buka ea Lipina ea 1966
  • Litokelo Tse Eketsehileng Tse Putsang
  • “Ha le Tsebe Hore na Bophelo ba Lōna bo Tla ba Joang Hosasane”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Li Bolela Litaba tse Molemo li sa Khaotse (1942-1975)
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ke Thabetse ho Etsa Thato ea Molimo Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Batla ’Muso Pele—Ho Etsa Hore Bophelo e be bo Sireletsehileng le bo Monate
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 9/1 maq. 26-30

Pale ea Bophelo

Kamehla Jehova o Putsa Batho ba Hae ba Tšepahalang

JOALOKAHA HO BOLETSE VERNON DUNCOMBE

Ke ile ka qetela lijo tsa ka tse bobebe tsa mantsiboea ’me ka mokhoa oa teng ka hotetsa sakerete. Eaba ke botsa mosali oa ka, Aileen: “Ho bile joang sebokeng mantsiboeeng a kajeno?”

OILE a khutsa ka nakoana eaba o re: “Ho baliloe lengolo le phatlalatsang mabitso a batho ba bacha ba khethiloeng, ’me lebitso la hao le teng har’a ’ona. U khethetsoe ho ba mohlanka ea sebetsanang le libuela-hōle. Polelo ea ho qetela lengolong leo e ne e re: ‘Haeba ho na le ba tsubang koae ho bara bana babo rōna ba sa tsoa khethoa, ba tlameha ho ngolla Mokhatlo ’me ba bolele hore ba ke ke ba amohela kabelo ena.’”a Ke ile ka arabela ka “Oo-o-o!” e telele le e tiileng. “Ke seo le se boletseng.”

Ke ile ka lomahanya meno eaba ke timela sakerete seo ka pitsaneng ea molora oa koae e haufi le ’na. “Ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ha ke khethetsoe kabelo ena. Empa ha ke e-s’o hane kabelo, ’me ha ke na morero oa ho qala ho etsa joalo.” Ke ile ka etsa qeto e tiileng ea hore ke se ke ka hlola ke tsuba. Qeto eo e ile ea e-ba le tšusumetso e tebileng bophelong ba ka ke le Mokreste ke bile ke le sebini. A nke ke u phetele liketsahalo tse ileng tsa lebisa qetong ea ka e tiileng.

Bophelo ba Lelapa ho Tloha Bongoaneng

Ke hlahetse Toronto, Canada, ka la 21 September, 1914, ke le mora oa matsibolo oa batsoali ba lerato le ba sebetsang ka thata, e leng Vernon le Lila, ba neng ba hlokomela lelapa la bashanyana ba bane le banana ba babeli. Ke hlahlangoa ke Yorke, e be Orlando, Douglas, Aileen, le Coral. Ha ke sa le lilemo li robong, ’Mè o ile a mpha fiolo ’me a etsa litokisetso tsa hore ke e’o ithuta ’mino Harris School of Music. Re ne re hula ka thata, empa ’Mè le Ntate ba ile ba etsa maoala a ho fumana chelete ea ho lefella sekolo le sepalangoang sa ho ea sekolong. Hamorao ke ile ka ithuta ho bala ’mino le ho lumellana ha melumo ea oona Royal Conservatory of Music, Toronto, ’me ha ke le lilemo li 12, ke ile ka kenela tlhōlisano konsareteng ea ’mino ea motse kaofela Holong ea Massey, eo e neng e le holo ea ’mino e tummeng setsing sa khoebo sa motse oo. Ke ile ka khethoa ke le mohlōli eaba ke fuoa fiolo e ntle e le ka har’a mokotlana oa letlalo la koena.

Ha nako e ntse e feta, ke ile ka ba ka ithuta ho letsa piano le fiolo e khōlō. Hangata sehlopha sa rōna se ne se letsa meketjaneng mantsiboeeng a Labohlano le a Moqebelo le litantšing tsa bana ba sekolo. Ke ile ka kopana le Aileen ka lekhetlo la pele ho e ’ngoe ea litantši tsena. Selemong sa ka sa ho qetela ke le sekolong se phahameng, ke ile ka ba lihlopheng tse ngata tsa ’mino oa liletsa ho pholletsa le motse oo. Ka mor’a hore ke qete sekolong se phahameng ke ile ka memeloa ho ba setho sa Ferde Mowry Orchestra, ’me mosebetsi ona o ne o lefa hantle o bile o tsitsitse ho fihlela ka 1943.

Ho Tseba Jehova

Batsoali ba ka ba ile ba bolelloa ’nete ea Bibele ka lekhetlo la pele pejana Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma, ha Ntate a ne a sebetsa e le ea behang lintho tse rekisoang fensetereng lebenkeleng la thepa ea mefuta-futa setsing sa khoebo sa Toronto. Ha a le ka phaposing ea lijo tsa motšehare, o ne a ee a mamele puisano ea basebetsi ba bang ba babeli bao e neng e le Liithuti tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo), ebe o bolella ’Mè seo a se utloileng ha a fihla lapeng mantsiboea. Lilemo tse itseng hamorao, ka 1927, Liithuti tsa Bibele li ile tsa tšoara kopano e khōlō Toronto Lebaleng la Lipapali le Leholohali la Canadian National Exhibition Grounds. Ho ne ho e-na le literata tse peli lipakeng tsa ntlo eso le monyako o ka bophirimela oa lebala lena, ’me batho ba 25 ba tsoang Ohio, U.S.A. ba ne ba robala heso.

Ka mor’a moo, e mong oa Liithuti tsa Bibele, e leng Ada Bletsoe, o ile a qala ho etela ’Mè khafetsa, a mo siela lingoliloeng tsa morao-rao. Ka letsatsi le leng o ile a re: “Mofumahali Duncombe, ke ’nile ka u siela lingoliloeng ka nako e itseng. Na ho na le tseo u kileng ua li bala?” Le hoja ’Mè a ne a hōlisa bana ba tšeletseng, o ile a etsa qeto e tiileng ea ho qala ho bala limakasine tsena ho tloha ka nako eo ho ea pele, ’me ha ho mohla a kileng a khaotsa. Leha ho le joalo, ha kea ka ka natsa lingoliloeng tsena. Ke ne ke leka ka matla hore ke qete sekolong, ’me ke ne ke ikakhetse ka setotsoana ’minong.

Ka June 1935, ’na le Aileen re ile ra nyalana kerekeng ea Chache. Kaha ke ile ka tlohela United Church ha ke le lilemo li 13, ke ne ke se setho sa bolumeli bofe kapa bofe; ka hona ke ile ka ngola hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova bukeng ea ho ngolisa manyalo, le hoja ke ne ke e-s’o be Paki.

Re ile ra lebella ka thabo hore re tla hōlisa bana nakong e itseng e tlang ’me re ne re lakatsa ho ba batsoali ba molemo. Kahoo, re ile ra qala ho bala Testamente e Ncha hammoho. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sepheo sa rōna se setle, lintho tse ling li ile tsa kenella. Re ile ra leka hape ka mor’a nakoana, ’me liphello ea e-ba tse tšoanang. Eaba ka Keresemese ea 1935, re fumana buka ea The Harp of God e phuthetsoe ka pampiri e phuthelang limpho. Mosali oa ka o ile a re: “Khele! mpho ena ea Keresemese eo ’mè oa hao a re rometseng eona ha ea tloaeleha.” Leha ho le joalo, ha ke se ke ile mosebetsing, o ile a qala ho e bala, ’me o ile a thabela seo a neng a se bala. Ka nako e itseng, ke ne ke sa tsebe letho ka sena. Ha e le tebello ea rōna ea ho hōlisa bana, ha ea ka ea phethahala. Lesea la rōna la ngoanana, le ileng la hlaha ka la 1 February, 1937, ha lea ka la phela. Re ne re saretsoe hakaakang!

Nakong ena, lelapa leso le ne le le sehlahlo mosebetsing oa ho bolela, ’me ke ile ka utloa hore Ntate ke eena feela mohoeletsi oa ’Muso ka lapeng ea neng a e-s’o fumane peeletso ea makasine ea Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!). E ne e le eona pakane ea tšebeletso ea tšimo khoeling eo. Le hoja ke ne ke e-s’o bale sengoliloeng sefe kapa sefe sa Mokhatlo, ke ile ka mo qenehela ’me ka re: “Ho lokile, Ntate, nketsetse peeletso; le uena u tla tšoana le ba bang.” Lehlabula le ile la tla, ’me sehlopha sa ’mino oa liletsa se ile sa tsoa motseng ho ea letsa ’mino sebakeng se seng sa phomolo. Consolation e ile ea ntatela ka poso. Lehoetla la fihla, ’me sehlopha sa ’mino oa liletsa sa khutlela Toronto. Limakasine tsa ’na tsa tla atereseng ea rōna e ncha, ’me ke ne ke e-s’o bule leha e le ’ngoe.

Nakong e ’ngoe ea phomolo ea Keresemese, ke ile ka sheba qubu ena ea limakasine eaba ke etsa qeto ea hore haeba ke li lefeletse, ke lokela ho bala bonyane tse ling tsa tsona e le hore nka bona seo li se buang. Ea pele eo ke ileng ka e bula e ile ea ntšosa. E ne e pepesa ho qhekella le bobolu ba lipolotiki nakong eo. Ke ile ka qala ho buisana le liletsi tsa heso ka seo ke neng ke se bala. Leha ho le joalo, li ile tsa hanyetsa bonnete ba seo ke neng ke se bua, ’me ke ile ka tlameha ho tsoela pele ho bala e le hore ke ikemele. Ke sa hlokomele, ke ne ke qalile ho paka ka Jehova. ’Me ho tloha ka nako eo ha ke e-s’o khaotse ho bala lingoliloeng tsa Bibele tse babatsehang tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Matheu 24:45.

Le hoja mosebetsi o ne o etsa hore ke lule ke phathahane har’a beke, kapele ’na le Aileen re ne re kopanela libokeng tsa Sontaha. Ka Sontaha se seng ka 1938, ha re fihla sebokeng, baralib’abo rōna ba babeli ba hōlileng ba ile ba re lumelisa, eaba e mong o re: “Mohlankana, na u se u emela Jehova? Ua tseba hore Armagedone e atametse!” Ke ne ke tseba hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete, ’me ke ne ke kholisehile hore ona ke mokhatlo oa hae. Ke ne ke batla ho ba karolo ea oona, ka hona, ke ile ka kolobetsoa ka la 15 October, 1938. Aileen o ile a kolobetsoa hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng ka mor’a moo. Ke thabela ho bolela hore lapeng heso bohle e ile ea e-ba bahlanka ba Jehova ba inehetseng.

Ke ile ka thaba hakaakang ha ke kopanela le batho ba Molimo! Kapele, ke ile ka ikutloa ke phutholohile ka har’a bona. Ha ke ne ke sitoa ho ba teng, kamehla ke ne ke labalabela ho tseba hore na ho etsahetse’ng libokeng. Mantsiboea ane ao ho buuoeng ka ’ona qalong a ile a tlisa phetoho e khōlō tšebeletsong ea ka ho Jehova.

Nako ea Phetoho e Khōlō Bakeng sa Rōna

Ho ile ha etsahala phetoho e ’ngoe e khōlō ho rōna ka la 1 May, 1943. Re ne re bile teng kopanong e khōlō ka lekhetlo la pele, Kopano ea Puso ea Molimo ea Lefatše le Lecha ea September 1942 e neng e tšoaretsoe Cleveland, Ohio. Hona moo har’a ntoa e mahlo-mafubelu ea lefatše, ntoa eo ho neng ho bonahala e le e ke keng ea lala kapele, re ile ra utloa Mor’abo rōna Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, ka sebete a fana ka puo ea phatlalatsa e thahasellisang e reng, “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Re hopola kamoo a ileng a bontša ka Tšenolo khaolo ea 17 hore ka mor’a ntoa eo, ho ne ho tla ba le nako ea khotso, eo ho eona mosebetsi o moholo oa boboleli o neng o tla finyelloa.

Se ileng sa re ama ka ho fetisisa e bile puo eo Mor’abo rōna Knorr a neng a fane ka eona pejana e reng, “Jafeta le Kano ea Hae.” Ka nako eo ho ile ha etsoa kōpo ea bo-pula-maliboho ba eketsehileng! ’Na le Aileen re ile ra shebana eaba re re ka tumellano (hammoho le ba bang ba bangata ka nako eo): “Ke rōna!” Hang-hang ra qala ho etsa litokisetso tsa ho etsa mosebetsi oa bohlokoa haholoanyane.

Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Canada o ne o thibetsoe ho tloha ka la 4 July, 1940. Ha re ne re qala ho bula maliboho ka la 1 May, 1943, e ne e ntse e le tlōlo ea molao ho paka ka Jehova le ho tsamaisa lingoliloeng tsa Mokhatlo tšebeletsong ea tšimo. Re le basebeletsi ba Bakreste, re ne re nka feela likopi tsa rōna tsa phetolelo ea Bibele ea King James. Matsatsi a seng makae feela ka mor’a hore re fihle kabelong ea rōna ea pele ea bopula-maliboho Parry Sound, Ontario, ofisi ea lekala e ile ea romela Stewart Mann, pula-maliboho ea nang le phihlelo, ho tla sebetsa le rōna tšimong. E bile tokisetso e lerato hakaakang! Mor’abo rōna Mann o ne a atamela batho ka mofuthu a bile a lula a bososela. Re ile ra ithuta ho hong ho eena ’me ra ba le nako e thabisang. Re ne re khanna lithuto tsa Bibele tse ’maloa ha Mokhatlo o re tlosa moo o re isa motseng oa Hamilton. Nako e seng kae ka mor’a moo, ho sa tsotellehe hore ke ne ke se ke se lilemong tsa ho kena sesoleng, ke ile ka thaothoa. Ha ke hana ho kena lebothong la ntoa ke ile ka tšoaroa ka la 31 December, 1943. Ka mor’a hore nyeoe e buuoe, ke ile ka ahloleloa ho ea kampong ea tšebeletso ea ’muso, ’me ke ile ka ba moo ho fihlela ka August 1945.

Ha ke lokolloa, hang-hang ’na le Aileen re ile ra fumana kabelo ea ho bula maliboho Cornwall, Ontario. Kapele ka mor’a moo, re ile ra leba Quebec moo Lefapha la Molao la Mokhatlo le neng le re file kabelo lekhotleng le khethehileng la sepolesa. E ne e le mehleng ea Duplessis, Quebec, ha mahloriso a Lipaki tsa Jehova a ne a le matla ka ho khethehileng. Ka matsatsi a mangata bekeng ka ’ngoe, ke ne ke iphumana ke le makhotleng a mane a sa tšoaneng ke thusa barab’abo rōna. Tseo e ne e le linako tse sisimosang le tse matlafatsang tumelo.

Ka mor’a kopano ea Cleveland ka 1946, re ile ra fuoa likabelo tsa mosebetsi oa potoloho le oa setereke tse ileng tsa etsa hore ’na le mosali oa ka re thatike le mabōpo a leoatle. Lintho li ne li etsahala ka potlako. Ka 1948 re ile ra memeloa sehlopheng sa bo11 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Mor’abo rōna Albert Schroeder le Maxwell Friend e ne e le ba bang ba barupeli ba rōna, sehlopha sa rōna sa liithuti tse 108 se ne se akarelletsa batlotsuoa ba 40. Ka sebele ho ba le ba bangata hakaalo ba sebelelitseng Jehova ka nako e telele e ne e le phihlelo e matlafatsang le e putsang!

Ka letsatsi le leng Mor’abo rōna Knorr o ile a re etela a e-tsoa Brooklyn. Puong ea hae o ile a kōpa baithaopi ba 25 ba ka ithutang puo ea Sejapane. Kaofela ba 108 ba ile ba ithaopa! Mosebetsi oa ho khetha ba neng ba tla ea rutoa o ile oa sallana le mopresidente. Ke nahana hore Jehova o ile a mo tataisa ha a ba khetha hobane phello e bile molemo haholo. Ba bangata ho ba 25 ba ileng ba khethoa, ’me hamorao ba e-ba le tokelo ea ho qalisa mosebetsi Japane, ba ntse ba le kabelong ea bona—ka sebele ba hōlile, empa ba ntse ba le moo. Ba bang, ba kang Lloyd le Melba Barry, ba ile ba tlosoa ba isoa likabelong tse ling. Lloyd e bile setho sa Sehlopha se Busang ho fihlela lefung la hae selemong se fetileng. Re thaba le bona kaofela moputsong oo Jehova a ba fileng oona.

Letsatsi la kabo ea mangolo le ile la fihla, ’me re ile ra isoa Jamaica. Leha ho le joalo, ka lebaka la linyeoe tse e-s’o fele Quebec, re ile ra laeloa ho khutlela Canada.

’Mino o Eketsehileng!

Le hoja ke ile ka furalla ’mino ka ea tšebeletsong ea bopula-maliboho, ho bonahala hore ’mino oona ha oa ka oa mphuralla. Selemong se latelang mopresidente oa Mokhatlo, Nathan Knorr le mongoli oa hae, Milton Henschel, ba ile ba tla Maple Leaf Gardens, Toronto. Puo ea phatlalatsa ea Mor’abo rōna Knorr e neng e re “Nako e se e Ile ho Feta Kamoo U Nahanang Kateng!” e ile ea susumetsa e mong le e mong. Ka lekhetlo la pele, ke ile ka memeloa ho tsamaisa sehlopha sa ’mino oa liletsa kopanong. Re ile ra lokisetsa ’mino o bonolo bakeng sa lipina tse ling tse tloaelehileng tse ka har’a Kingdom Service Song Book (1944). Ho ne ho bonahala hore barab’abo rōna baa o rata. Ha lenaneo le fela ka Moqebelo motšehare oa mantsiboea, re ile ra itlhakisetsa lenaneo leo re le lokiselitseng Sontaha. Eitse ha ke re heli! ka bona Mor’abo rōna Henschel a e-tla ka nģa ho rōna a tsamaea har’a lebala la boithabiso, eaba ke emisa ’mino e le hore ke e’o kopana le eena. O ile a botsa, “Le na le liletsi tse kae sehlopheng sa lōna sa ’mino oa liletsa moo?” Ke ile ka araba: “Ha tsohle li le teng, li ka ba 35.” O ile a araba: “U tla ba le tse kopolang tsena New York lehlabuleng le tlang.”

Leha ho le joalo, pele lehlabula leo le fihla, ke ile ka memeloa Brooklyn. Ka lebaka la maemo, qalong Aileen ha aa ka a khona ho tsamaea le ’na. Kaha mohaho o mocha o 124 Columbia Heights o ne o e-s’o fele, ke ile ka fuoa bethe mohahong oa pele, ka kamoreng e nyenyane ke lula le barab’abo rōna ba babeli ba tlotsitsoeng—Mor’abo rōna Payne ea hōlileng le Karl Klein, eo ka nako eo ke neng ke qala ho mo tseba. Na re ne re petetsane? E. Leha ho le joalo, re ne re lula hammoho ka kutloano. Barab’abo rōna ba hōlileng ba ne ba e-na le mamello ba bile ba sa fele pelo. Ke ile ka mpa ka leka hore ke se ke ka ba tšitiso! E ne e le thuto e ntle mabapi le seo moea oa Molimo o ka se finyellang. Ho tsebana le Mor’abo rōna Klein le ho sebetsa le eena ho ile ha ntlisetsa litlhohonolofatso tse khōlōhali! Kamehla o ne a le mosa a bile a thusa. Re sebelitse hantle hammoho ’me re tsoetse pele ho ba metsoalle e haufi ka lilemo tse fetang 50.

Ke bile le tokelo ea ho thusa ka ’mino likopanong tsa Yankee Stadium ka 1950, 1953, 1955 le 1958, haesita le ho arolelana boikarabelo ba ’mino oa liletsa le Al Kavelin kopanong ea 1963 e neng e tšoaretsoe Rose Bowl, Pasadena, California. Kopanong ea 1953 ea Yankee Stadium, ho ile ha e-ba le lenaneo la ’mino ka Sontaha pele ho puo ea phatlalatsa. Erich Frost o ile a kenyelletsa Edith Shemionik (eo hamorao e ileng ea e-ba Weigand), ea binang lentsoe la pele, ea neng a bina ’mino oo a o hlophisitseng oa pina e reng “Tsoelang Pele, Lōna Lipaki!” a tsamaisana le ’mino oa rōna oa liletsa. Joale re ile ra thaba ha ka lekhetlo la pele re utloa mantsoe a matla le a monate a bara le barali babo rōna ba Maafrika. Moromuoa Harry Arnott o ne a tlile le k’hasete e hatisitsoeng ’mino o monate e tsoang Rhodesia Leboea (eo hona joale e leng Zambia) hore e re natefele ha re e mametse. Molumo oa eona o ile oa tlala lebala lohle la lipapali.

Ho Hatisa ’Mino oa Buka ea Lipina ea 1966

Na u hopola buka ea lipina e pinki, e bitsoang “Binang ’me le Luluetse ka Lipelong tsa Lōna”? Ha e se e tla phethoa, Mor’abo rōna Knorr o ile a re: “Re il’o hatisa ’mino. Ke batla hore u hlophise sehlopha se senyenyane sa ’mino oa liletsa, lifiolo tse seng kae le makolilo a seng makae. Ha ke batle hore mang kapa mang ‘a letse terompeta ea hae’!” Re ne re tla hatisetsa ’mino Holong ea ’Muso ea Bethele, empa ho ne ho e-na le ho hong ho tšoenyang tabeng ea ho e sebelisa. Ke eng se neng se tla etsahala haeba molumo o ipheta habeli ka lebaka la mabota a sa aletsoang, mokato oa lithaele le litulo tsa tšepe tse menoang? Ke mang ea neng a ka re thusa ho rarolla mathata a molumo o seng monate? Motho e mong o ile a etsa tlhahiso ena: “Tommy Mitchell! O sebetsa Tsamaisong ea Khatiso ea ’Mino ea ABC.” Re ile ra iteanya le Mor’abo rōna Mitchell, ’me o ile a thabela ho thusa.

Hoseng ha Moqebelo oa pele oo ho neng ho hatisoa ’mino ka oona ho ile ha fihla, ’me ha liletsi li ntse li hlahisoa, mora e mong oabo rōna o ne a tšoere mokotlana oa seletsa se kang terompeta. Ke ile ka hopola temoso ea Mor’abo rōna Knorr ha a re: “Ha ke batle hore mang kapa mang ‘a letse terompeta ea hae’!” Joale, ke ne ke tla etsa joang? Ke ile ka talima ha mora enoa oabo rōna a ntša seletsa sa hae se kang terompeta mokotlaneng oa sona, a beha phala ea sona sebakeng sa eona, ’me a qala ho se letsa hanyenyane. Mora eo oabo rōna e ne e le Tom Mitchell, ’me linoto tsa hae tse seng kae tse qalang li ne li le monate. O ile a etsa hore seletsa sena se kang terompeta se lle joaloka fiolo! Ke ile ka nahana, ‘mora enoa oabo rōna ha aa lokela ho tloha!’ Mor’abo rōna Knorr ha aa ka a hanyetsa sena.

Sehlopheng seo sa ’mino oa liletsa, re ne re e-na le liletsi tse hloahloa tseo e neng e boetse e le bara le barali babo rōna ba lerato. Ho ne ho se na ba binang ka mantsoe! Mosebetsi oa ho hatisa ’mino o ne o le boima, empa ho ne ho se na lipelaelo. Ha mosebetsi ona o phethiloe, meokho e ile ea keleketla; ’me moea oa botsoalle bo molemo o sa ntse o le teng har’a ba ileng ba kopanela ho oona. E mong le e mong ho rōna o ile a thabela tokelo ena, ’me ka thuso ea Jehova, re ile ra phetha mosebetsi ona.

Litokelo Tse Eketsehileng Tse Putsang

Ka mor’a lilemo tse ngata hakana, ke sa ntse ke thabela tšebeletso ea nako e tletseng. Re bile mosebetsing oa potoloho le oa setereke ka lilemo tse 28—o mong le o mong o ne o thabisa. Ka mor’a moo re ile ra hlokomela Holo ea Kopano ea Norval, Ontario ka lilemo tse hlano. Kaha beke le beke ho ne ho e-ba le kopano ea potoloho le likopano tsa setereke tsa lipuo lisele, ’na le Aileen re ne re phathahane. Ka 1979/80, litsebi tsa meralo ea ho haha le ba etsang lipolane ba ne ba sebelisa Holo ea Kopano ha ba ntse ba etsa lipolane tsa lekala la Mokhatlo la Halton Hills. Ka mor’a ho sebetsa Holong ea Kopano, kabelo e ’ngoe e ile ea re lebisa ho kopaneleng ka ho eketsehileng karolong ea ’mino Brooklyn, ho tloha ka 1982 ho fihlela ka 1984.

Mosali oa ka ea ratehang o ile a shoa ka la 17 June, 1994, matsatsi a supileng feela ka mor’a letsatsi leo re nyalaneng ka lona la selemo sa bo59. Re ne re qetile lilemo tse 51 tšebeletsong ea bopula-maliboho e bontšang boitelo re le ’moho.

Ha ke ntse ke nahana ka liphihlelo tsa ka tse ngata bophelong, ke hopola kamoo Bibele e ’nileng ea e-ba tataiso ea bohlokoa haholo. Ka linako tse ling, ke sebelisa Bibele ea Aileen ebe ke thaba haholo ha ke hlokomela se neng se ama pelo ea hae—litemana tse feletseng, lipoleloana tse khethehileng le mantsoe ka bonngoe tseo a li tšoaileng. Joaloka Aileen, le ’na ke na le mangolo a nang le moelelo o khethehileng ho ’na. Lengolo le leng ke Pesaleme ea 137, e buang ka thapelo ena e ntle e eang ho Jehova: “A nke ke se ke ka hlola ke khona ho letsa harepa hape haeba ke u lebala, Jerusalema! A nke ke se ke ka hlola ke khona ho bina hape haeba ke u lebala, haeba ke sa nahane ka uena u le thabo ea ka e fetisisang!” (Pesaleme ea 137:5, 6, Today’s English Version) Le hoja ke rata ’mino, se nthabisang ka ho fetisisa ke ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, e leng eena ea mputsitseng ka bophelo bo khotsofatsang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Molula-Qhooa oa December 1, 1973, o ile oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho tloha ka nako eo ho ne ho tla hlokahala hore motho a khaotse ho tsuba pele a ka kolobetsoa hore e be e mong oa Lipaki tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ke na le Aileen ka 1947

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ke sebokeng sa pele sa ho hatisa ’mino

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela