Bohloko bo Bakoang ke Ntoa
E MONG eo e neng e le lesole Ntoeng ea II ea Lefatše o ile a re: “Ntoeng ha ho na ba hlōlang. Ke ba hlōloang feela.” Ba bangata ba ka lumellana le eena. Liphello tsa ntoa lia tšosa; ba hlōtseng hammoho le ba hlōtsoeng ba lahleheloa habohloko. Esita leha e se e letse, ba limilione ba tsoela pele ho oka bohloko bo tebileng bo bakiloeng ke ntoa.
Ke bohloko ba eng? Ntoa e ka bolaea banna ba bangata, ea siea palo e khōlō ea likhutsana le bahlolohali. Baphonyohi ba bangata ba utloa bohloko bo tebileng ’meleng le kelellong. Ba limilione ba ka sala e le mekōpa-kōpa kapa ba qobelleha ho ba baphaphathehi. Na ka mahlo a kelello re ka bona lehloeo le mesarelo tseo e tlamehang ebe li salla lipelong tsa ba pholohang likhohlanong tse joalo?
Bohloko bo Tsoelang Pele
Bohloko boo ntoa e bo bakang lipelong tsa batho bo tsoela pele ho fehla lehloeo ka mor’a nako e telele ntoa e letse, lithunya li behiloe fatše le masole a khutletse hae. Meloko e latelang e ka ’na ea ilana sekhethe. Ka tsela ena bohloko bo bakiloeng ke ntoa e ’ngoe e ka ba sesosa sa ntoa e latelang.
Ka mohlala, Selekane sa Versailles, se ileng sa saeneloa ka 1919 e le hore Ntoa ea I ea Lefatše e felisoe ka molao, se ile sa imetsa Jeremane ka lithibelo tseo baahi ba eona ba ileng ba nka hore lia hatella ebile ke tsa boiphetetso. Ho ea ka The Encyclopædia Britannica, litumellano tsa selekane sena “li ile tsa bakela Majeremane lehloeo ’me tsa rotetsa takatso ea boiphetetso.” Lilemo hamorao, “lehloeo le bakiloeng ke selekane sa khotso le ile la hloesa Hitler ka lere” ’me e bile sesosa se seng sa Ntoa ea II ea Lefatše.
Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qala Poland ’me ea saballa hore e akarelletse linaha tsa Balkan. Bohloko boo merabe ea sebaka seo e ileng ea bo utloisana ka bo-1940 bo ile ba betla khoro bakeng sa ntoa ea linaha tsa Balkan ka bo-1990. Koranta ea Jeremane e bitsoang Die Zeit e ile ea re: “Lehloeo lena lea kekela, le fihlile le mehleng ena ea rōna.”
Ha ho pelaelo hore bohloko bo bakoang ke ntoa bo lokela ho folisoa e le hore moloko oa batho o phele ka khotso. Seo se ka finyelloa joang? Ho ka etsoa’ng ho felisa lehloeo lee le mesarelo? Ke mang ea ka folisang bohloko bo bakoang ke ntoa?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
COVER: Fatmir Boshnjaku
[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 3]
U.S. Coast Guard photo; UN PHOTO 158297/J. Isaac