Lipapali Tsa Boholo-holo le Bohlokoa ba ho Hlōla
“MONNA e mong le e mong ea nkang karolo tlhōlisanong o sebelisa boitšoaro linthong tsohle.” “Haeba leha e le mang a kopanela . . . lipapaling, ha a roesoe moqhaka ntle leha a kopanetse tlhōlisanong ho ea ka melao.”—1 Bakorinthe 9:25; 2 Timothea 2:5.
Lipapali tseo moapostola Pauluse a neng a bua ka tsona e ne e le karolo ea bohlokoa ea tsoelo-pele ea boholo-holo ea Bagerike. Histori e re bolella eng ka litlhōlisano tseo le moea o neng o rena ho tsona?
Haufinyane tjena ho ile ha etsoa pontšo ea lipapali tsa Bagerike, e bitsoang Nike—Il gioco e la vittoria (“Nike—Lipapali le Tlhōlo”), e neng e tšoaretsoe Lebaleng la Boithabiso le Roma.a Lipontšuoa li ile tsa arabela karolo e ’ngoe ea potso eo ’me tsa etsa hore ho be le ntho eo re ka nahanang ka eona mabapi le pono ea Mokreste ka lipapali.
Lipapali ke Ntho ea Khale ea Bohlokoa
Greece hase eona naha ea pele e tsoetseng pele ea ho kopanela lipapaling. Leha ho le joalo, hoo e ka bang lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., seroki sa Mogerike se bitsoang Homer se ile sa bua ka sechaba se neng se tletse maikutlo a sehlahlo a ho ba bahale se bile se tletse moea oa tlhōlisano, seo ho sona bokhoni ba ntoa le ba boatlelete bo neng bo nkoa e le ba bohlokoa haholo. Pontšong ena ho ile ha hlalosoa hore mekete ea pele ea Bagerike e ile ea qala e le lipapali tsa bolumeli tseo ho tsona ho neng ho hlomphuoa melimo mapatong a bahale. Ka mohlala, Iliad ea Homer, e leng buka ea khale ka ho fetisisa e ntseng e le teng har’a lingoliloeng tsa Segerike, e hlalosa kamoo bahlabani ba babatsehang bao e neng e le metsoalle ea Achilles, ba ileng ba beha lihlomo tsa bona fatše kateng lepatong la Patroclus ba ba ba hlōlisana ho bontša sebete sa bona papaling ea litebele, ea ho kampana, ea discus le ea ho betsa lerumo le ea peiso ea likoloi.
Ho ne ho ketekoa mekete e tšoanang le eo ho pholletsa le Greece. Buka e neng e hlalosa pontšo eo e re: “Kaha Bagerike ba ne ba hlompha melimo ea bona, mekete ena e ne e ba fa monyetla oa bohlokoa oa ho itebatsa likhohlano tsa bona tse sa feleng le tseo hangata li neng li le mabifi, ’me ba ne ba atleha ho theola moea oa bona o tloaelehileng oa tlhōlisano e le hore ba bōpe khotso empa ka nako e tšoanang ba ’ne ba finyelle sepheo sa bona sa sebele: e leng tlhōlisano ea liatleletiki.”
Lihlopha tsa metse li ile tsa tloaela ho kopana kamehla litsing tsa borapeli ho boka likhomo ho melimo ea tsona ka litlhōlisano tsa liatleletiki. Ka mor’a nako, mekete e mene ea mofuta ona—mokete oa Lipapali Tsa Liolimpiki le Lipapali Tsa Nemea, tse neng li etsoa tlotlisong ea Zeuse, le Lipapali Tsa Pythian tse neng li etsoa tlotlisong ea Apollo le Lipapali Tsa Isthmus tse neng li etsoa tlotlisong ea Poseidon—e ile ea e-ba ea bohlokoa ho fihlela e akaretsa libaka tsohle tsa Bagerike. Ka mantsoe a mang, batho bohle ba linaha tsa Bagerike ba ne ba lokolohile ho kenela litlhōlisano tsena. Meketeng ena ho ne ho etsoa mahlabelo le lithapelo ’me hape ho ne ho tlotlisoa melimo ka litlhōlisano tse etsoang ka mokhoa o phahameng ka ho fetisisa kapa bokhoni.
Mokete oa khale le o tummeng ka ho fetisisa meketeng ena, oo ho boleloang hore o qalile ka 776 B.C.E., o ne o tšoareloa Olympia ka selemo se seng le se seng sa bone tlotlisong ea Zeuse. Mokete oa bobeli oa bohlokoa lethathamong lena e ne e le mokete oa Pythian. O ne o tšoareloa haufi le tempelana e ratoang ka ho fetisisa ea boholo-holo e neng e le Delphi, le oona o ne o e-na le lipapali tsa liatleletiki. Empa oona o ne o tlotlisa Apollo, motšehetsi oa lithoko le ’mino, ’me ’mino le motjeko e ne e e-ba tsona tse ka sehloohong.
Lipapali
Ha ho bapisoa lipapali tsa liatleletiki tsa mehleng eo le tsa kajeno, tseo li ne li fokola haholo ka palo, ’me ho ne ho bapala banna feela. Ha ho mohla lenaneong la Liolimpiki tsa boholo-holo ho neng ho hlaha lipapali tse fetang tse leshome. Liemahale, mesebetsi ea bonono, litšoantšo tse entsoeng ka majoe a mebala-bala le mepotjoana e pentiloeng ka bosootho bo nang le bosehla, tse neng li bontšitsoe ka Lebaleng la Boithabiso, e ne e le mehlala ea tsona feela.
Ho ne ho e-na le ba neng ba matha ka maoto mekhahlelong e fetang e meraro—sebaka sa limithara tse ka bang 200; mokhahlelo o menneng oo habeli, oo kajeno o lekanang le limithara tse 400, le lebelo la mokoka la limithara tse ka bang 4 500. Baatlelete ba ne ba matha kapa ba ikoetlisa ba hlobotse ka ho feletseng. Bahlōlisani ba ne ba kopanela lipapaling tse hlano: mabelo, long jump, discus, ho betsa lerumo le ho kampana. Litlhōlisano tse ling li ne li akarelletsa papali ea litebele le ho kampana, e hlalosoang e le “papali e sehlōhō e neng e kopantse ho tebelana ka linōkō tse sa koaheloang le ho kampana.” Ho ne ho boetse ho e-na le peiso ea likoloi e neng e etsoa sebakeng sa limithara tse fetang 1 600, e neng e etsoa ka likariki tse mabili a manyenyane tse neng li huloa ka lipetsana tse ’nè kapa tse peli kapa ka lipere tse khōlō.
Papali ea litebele e ne e etsoa ka mabifi ka ho fetisisa ’me ka linako tse ling e mong o ne a e-shoa. Litebeleng tsa bona, bahlōlisani ba ne ba tlamella matlalo a thata a hlonngoeng litšepe tse kotsi. U ka bona hore na ke hobane’ng ha e mong ea bitsoang Stratofonte ea neng a kenetse tlhōlisano a sa ka a itseba ha a icheba seiponeng ka mor’a lihora tse ’nè tsa papali ea litebele. Liemahale tsa boholo-holo le litšoantšo tse entsoeng ka majoe a mebala-bala li tiisa hore bo-ralitebele ba ne ba senyeha litšobotsi ka tsela e tšosang.
Papaling ea ho kampana, melao e ne e hanela ba kampanang ho tšoarana ka likarolo tse ka tlas’a letheka, ’me ho ne ho hlōla ea neng a koebetella e mong fatše ka makhetlo a mararo. Ha ho bapisoa, papaling ea ho tebelana le ho kampana, motho o ne a tšoara e mong hohle. Bahlōlisani ba ne ba ka raha, ba tebela le ho sotha manonyeletso. Lintho tse neng li haneloa e ne e le feela ho honya mahlo, ho ngoapa le ho loma. Sepheo sa papali ena e ne e le ho koebetella eo ho hlōlisanoang le eena le ho mo qobella hore a inehele. Ba bang ba ne ba e nka e le “papali e khahlang ka ho fetisisa ea Olympia eohle.”
Ho boleloa hore papali ea mehleng ea boholo-holo e tummeng ka ho fetisisa ea litebele le ho kampana e ile ea bapaloa lipapaling tsa makhaola-khang tsa Olimpiki ka 564 B.C.E. Arrhachion, e leng sebapali se neng se khanngoe, kelello ea hae e ne e ntse e sebetsa hoo a ileng a nonyolla monoana o motona oa ea neng a hlōlisana le eena. Ha eo a loanang le eena a utloa bohloko, o ile a inehela ka motsotso oona oo Arrhachion a ileng a shoa ka oona. Baahloli ba ile ba bolela hore setopo sa Arrhachion ke sona se hlōtseng!
Peiso ea likoloi e ne e le papali e tummeng ka ho fetisisa le e ratoang haholo ke batho ba phahameng sechabeng hobane e ne e se moqhobi ea hlōlang empa ho ne ho hlōla mong’a koloi le lipere. Tlhōlisanong ena nako ea bohlokoa e ne e e-ba qalong ea peiso, ha bakhanni ba likoloi ba ne ba tlameha hore ba se ke ba tsoa litselaneng tseo ba qalileng ba eme ho tsona, le hore ka holim’a tsohle, ha ba tjeka hukung ba felle litselaneng tsa bona ha ba ntse ba pota lebala. Liphoso li ne li ka baka likotsi tse neng li etsa hore papali ena e ratoang e thabeloe haholo.
Moputso
Moapostola Pauluse o ile a re: “Limathi peisong li matha kaofela, empa ke se le seng feela se amohelang moputso.” (1 Bakorinthe 9:24) Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le ho hlōla. Ho ne ho se na likhau tsa silevera kapa tsa boronze, ho se na moputso oa bobeli kapa oa boraro. Pontšong ena ho ile ha hlalosoa hore “sepheo sa moatlelete e ne e le Tlhōlo, ‘Nike.’ Tlhōlo ena e ne e lekane hobane e ne e le eona feela e bonahatsang hantle hore na moatlelete e ne e le motho oa mofuta ofe ’meleng le boitšoarong, le hore na motse oa habo e ne e le oa mofuta ofe.” Boikutlo bona bo akaretsoa ka mola oa Illiad ea Homer o reng: “Ke ithutile ho ipabola ka linako tsohle.”
Moqhaka oa makhasi a sefate sa laurel o neng o fuoa mohlōli Lipapaling Tsa Bagerike, e ne e le letšoao le bontšang feela hore motho o hlōtse. Pauluse o ile a re ke “moqhaka o . . . bolang.” (1 Bakorinthe 9:25) Leha ho le joalo, moputso ona o ne o nkoa e le oa bohlokoa haholo. O ne o emela matla a tlhaho a ileng a matlafatsa mohlōli. Tlhōlo, e neng e bontša boikitlaetso, e ne e bolela mohau o tsoang ho melimo. Lipontšuoa li ne li bontša maikutlo ao babetli ba litšoantšo le bapenti ba litšoantšo ba boholo-holo ba Bagerike ba neng ba e-na le ’ona ka ketsahalo ea ha mohloli a ne a roesoa moqhaka ke Nike, molimotsana oa Mogerike oa tlhōlo ea nang le mapheo. Ha moatlelete ofe kapa ofe a ne a hlōla Olympia o ne a tla be a fihlile sehlohlolong sa mosebetsi oa hae.
Moqhaka oa Lipapali Tsa Liolimpiki o ne o etsoa ka makhasi a sefate sa mohloaare oa naha—oa tsa Isthmus o etsoa ka a phaene, oa tsa Pythian o etsoa ka a sefate sa laurel, oa tsa Nemea o etsoa ka a celery ea naha. Libakeng tse ling bahlophisi ba lipapali tsena ba ne ba fana ka chelete kapa meputso e meng ho hohela bahlōlisani ba hloahloa ka ho fetisisa. Mepotjoana e ’maloa e neng e bontšitsoe pontšong ena e ne e le meputso Lipapaling Tsa Athene eohle, tse neng li tšoareloa Athene tlotlisong ea molimotsana Athena. Qalong mepotjoana ena e nang le mehoele e ’meli e ne e e-na le oli ea bohlokoa ea Attic. Mokhabiso o ka lehlakoreng le leng la mepotjoana ena o na le setšoantšo sa molimotsana ona ’me o na le poleloana e reng “moputso oa litlhōlisano tsa Athena.” Ka lehlakoreng le leng ho na le setšoantšo sa papali e itseng, ho ka etsahala hore ebe ke eo moatlelete eo a ileng a hlōla ho eona.
Metse ea Bagerike e ne e kopanela botumo le baatlelete ba eona, bao ho hlōla ha bona ho neng ho ba etsa bahale metseng ea habo bona. Bahlōli ba ne ba amoheloa ka mekoloko ea tlhōlo. Ho ne ho etsoa liemahale tsa bona e le teboho ho melimo—e leng tlotla eo motho a neng a sa e fuoe feela tjee—’me liroki li ne li roka bonatla ba bona. Ka mor’a moo, bahlōli ba ne ba fuoa libaka tsa pele meketeng ea sechaba ’me ba ne ba fuoa chelete e neng e tsoa sechabeng.
Libaka Tsa Boikoetliso ba ’Mele le Baatlelete ba Tsona
Tlhōlisano ea liatleletiki e ne e nkoa e le ea bohlokoa ho koetliseng moahi eo e tla ba lesole. Metse eohle ea Bagerike e ne e e-na le libaka tsa boikoetliso ba ’mele moo boikoetliso ba bahlankana ba ’mele bo neng bo kopanngoa le ho ithuta lithuto tsa mahlale le tsa bolumeli. Mehaho ea libaka tsa boikoetliso ba ’mele e ne e hahuoa libakeng tse khōlō tse bulehileng bakeng sa boikoetliso, tse neng li pota-potiloe ke mathule le libaka tse ling tse nang le marulelo tse neng li sebelisoa e le lilaebrari le litlelase. Batho ba neng ba e-ea haholo libakeng tsena e ne e le bahlankana ba tsoang malapeng a ruileng ba neng ba ka khona ho tela nako ba ithuta ho e-na le ho sebetsa. Mona, baatlelete ba ne ba itokisetsa lipapali ka nako e telele le ka matla ka thuso ea bakoetlisi ba neng ba ba bolella hore na ba je lijo life ba bile ba tiisa hore ha ba kopanele liphate.
Pontšo eo e neng e entsoe Lebaleng lena la Boithabiso e ile ea fa baeti monyetla oa ho boha litšoantšo tse ntle tsa baatlelete ba boholo-holo, tseo boholo ba tsona e neng e le tseo Baroma ba neng ba ile ba li kopitsa liemahaleng tsa pele tsa Bagerike. Kaha khopolong ea Bagerike ba boholo-holo phetheho ea ’mele e ne e tsamaisana le phetheho ea boitšoaro, ’me e ne e le ntho e fumanoang feela har’a batho ba phahameng, ’mele ena e bōpehileng hantle ea baatlelete ba hlōtseng e ne e tšoantšetsa hore ba bohlale litabeng tsa filosofi. Baroma ba ne ba rata litšoantšo tsena kaha ba ne ba li nka e le mesebetsi ea bonono, ’me tse ngata tsa tsona li ne li khabisitse mabala a lipapali, libate, matlo a barui le a marena.
Baroma ba ne ba rata ho shebella lipapali tse mabifi kamehla, ka lebaka leo, har’a lipapali tsohle tsa Bagerike tse neng li etsoa Roma, papali ea litebele, ea ho kampana le e kopantseng litebele le ho kampana, li ne li ratoa ka ho fetisisa. Baroma ba ne ba sa nke hore lipapali tse joalo ke tlhōlisano pakeng tsa batho ba lekanang ba batlang ho nonyana matla, ba ne ba li nka e le boithabiso feela. Ba ile ba lahla khopolo ea pele ea hore lipapali ke karolo ea thuto e keneloang ke bahlabani ba baatlelete ba phahameng sechabeng. Ho e-na le hoo, Baroma ba ile ba fetola lipapali tsa Bagerike boikoetliso bo botle pele motho a tola kapa lipapali tse shebelloang tsa libapali tse nang le tsebo tsa boemo bo tlaase sechabeng, tse tšoanang haholo le litlhōlisano tsa ho loana tsa mabaleng a lipapali.
Bakreste le Lipapali
Lebaka le leng le neng le etsa hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba koekoetle lipapali tsena, ke hobane e ne e le tsa bolumeli, etsoe “tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?” (2 Bakorinthe 6:14, 16) Ho thoe’ng ka lipapali tsa kajeno?
Ho totobetse hore lipapali tsa kajeno ha li tlotlise melimo ea bohetene. Leha ho le joalo, na hase ’nete hore lipapali tse ling tsa kajeno li na le moea o batlang o tšoana le oa bolumeli, o kang o neng o le teng har’a batho ba boholo-holo? Ho feta moo, joalokaha litlaleho tsa lilemong tsa morao tjena li ’nile tsa bontša, e le hore ba hlōle, baatlelete ba bang ba ’nile ba khetha ho noa lithethefatsi tse ba matlafatsang tse senyang bophelo ba bona le tse ka ’nang tsa ba bolaea.
Bakreste ha ba nke ho hlōla e le ntho ea bohlokoa hakaalo. Litšobotsi tsa moea tsa “motho ea ka sephiring oa pelo” ke tsona tse re etsang ba batle mahlong a Molimo. (1 Petrose 3:3, 4) Rea hlokomela hore hase bohle ba kenelang lipapali kajeno ba nang le moea o mabifi oa tlhōlisano, empa ba bangata ba na le oona. Na ha re tloaelana le bona re tla thusoa ho latela keletso ea Mangolo e reng re se ke ra ‘etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa re ikokobetse kelellong?’ Kapa na ho tloaelana le bona ho tla tsoala “bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano”?—Bafilipi 2:3; Bagalata 5:19-21.
Lipapali tse ngata tsa kajeno tseo ho tsona motho e mong a tšoarang e mong li ka ba mabifi. Mang kapa mang ea ratang lipapali tse joalo o lokela ho hopola mantsoe a Pesaleme ea 11:5 a reng: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”
Boikoetliso bo ka ba monate ha bo behoa boemong ba bona bo bo loketseng, ’me moapostola Pauluse o hlile a bolela hore “koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:7-10) Leha ho le joalo, ha Pauluse a ne a bua ka lipapali tsa Bagerike, o ile a bua ka tsona ka nepo e le feela ho bontša hore ke habohlokoa hore Bakreste ba be le litšobotsi tse kang boitšoaro le mamello. Ka holim’a tsohle, pakane eo Pauluse a neng a e hahamalla, e ne e le ea ho fumana “moqhaka” oa bophelo bo sa feleng oo Molimo a fanang ka oona. (1 Bakorinthe 9:24-27; 1 Timothea 6:12) O re behetse mohlala tabeng eo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nike ke lentsoe la Segerike le bolelang “tlhōlo.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ralitebele ka Mor’a ho Loana
Setšoantšo sena sa boronze sa lekholong la bone la lilemo B.C.E. se bontša liphello tse senyang tsa papali ea boholo-holo ea litebele, eo ho eona ho ea ka bukana ea lethathamo la lipontšuoa tsa pontšo ena e neng e le Roma “ho ngangella papaling ha ralitebele. . . ea neng a kenetse ntoa e matla, eo ho eona ‘leqeba le neng le le bakeng sa leqeba’ ho ne ho thoholetsoa ka hore ke mohlala o motle.” Tlhaloso eo e tsoela pele ka ho re: “Maqeba a ntoa e sa tsoa loanoa a ne a eketsa a lintoa tsa nako e fetileng.”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Peiso ea likoloi e ne e le papali e tummeng ka ho fetisisa lithlōlisanong tsa boholo-holo
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Baetsi ba boholo-holo ba litšoantšo tsa bonono ba ne ba nahanne ka molimotsana ea mapheo oa tlhōlō Nike, ha a roesa mohlōli moqhaka