Melemo ea ho Etsa Khotso
ED O ne a le makhatheng a lefu, empa Bill o ne a mo hloile. Lilemo tse 20 pele ho sena, Ed o ne a ile a etsa qeto e ileng ea senyetsa Bill mosebetsi, ’me sena se ile sa arohanya bana bao e neng e kile ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo. Joale Ed o ne a leka ho kōpa tšoarelo e le hore a ka shoa ka khotso. Leha ho le joalo, Bill o ile a hana ho mo mamela.
Hoo e ka bang lilemo tse 30 hamorao ha Bill a le haufi le ho shoa, o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a sa ka a mo tšoarela. “Ed o ne a sa tšoanela ho etsa motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo seo a ileng a se etsa. Ke ne ke sa batle ho boelana le eena ka mor’a lilemo tse mashome a mabeli. . . . E ka ’na eaba ke ne ke fositse, empa ke kamoo ke ileng ka ikutloa kateng.”a
Hase kamehla ho hloka kutloano ho fellang ka sehlōhō se sekaalo, empa hangata ho utloisa bohloko ebile hoa halefisa. Nahana ka motho ea ikutloang kamoo Ed a ileng a ikutloa kateng. Ha motho ea joalo a hlokomela hore qeto ea hae e bakile tšenyo, a ka ’na a phela ka letsoalo le molato le ho ikutloa a lahlehetsoe haholo. Leha ho le joalo, o ikutloela bohloko ha a nahana kamoo motsoalle oa hae ea khopehileng a ileng a lahlela setsoalle sa bona matjoing kateng.
Leha ho le joalo, motho ea ikutloang joaloka Bill, o nahana hore o hlasetsoe ntle ho lebaka ’me a ka ’na a halefa kapa a hlonama ka ho fetisisa. Ponong ea hae, enoa eo e neng e le motsoalle oa hae, o entse ka boomo ’me e ka ’na eaba o mo utloisitse bohloko ka morero. Hangata, ha batho ba babeli ba qabana, e mong le e mong o kholisehile hore o nepile le hore e mong ke eena ea molato ka ho feletseng. Kahoo, batho bao e neng e le metsoalle ba bonahala eka baa loana.
Ba lula ba koetlelane marumo—e mong oa furalla ha e mong a feta, ’me e mong o hlokomoloha e mong ha ba le har’a batho. Ba shebelana thōko ka la moleka kapa ba setotsana hampe ka lehloeo. Ha ba ka bua, baa kharumelana kapa ba khahlapetsana ka mantsoe a bohale joaloka thipa.
Empa, le hoja ho bonahala ba hanyetsana ka ho feletseng, ho ka etsahala hore ebe ho na le litaba tseo ba lumellanang ho tsona. Ba ka ’na ba lumela hore ba na le bothata bo boholo le hore ho arohana le motsoalle oa hlooho ea khomo ho bohloko. Ho ka etsahala hore ebe e mong le e mong o utloa bohloko ba leqeba lena le ntseng le qhitsa, ’me ka bobeli baa tseba hore ho na le se tšoanelang ho etsoa hore le phekoloe. Empa ke mang ea tla qala ho lokisa kamano e senyehileng le ho etsa khotso? Ha ho ea ikutloang ho etsa joalo.
Lilemong tse fetileng tse likete tse peli, ka linako tse ling baapostola ba Jesu Kreste ba ne ba ngangisana ka bohale. (Mareka 10:35-41; Luka 9:46; 22:24) Ka mor’a hore ba ngangisane ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a botsa: “Le ne le phehisana ka’ng tseleng?” Ba koetsoe melomo ke lihlong, ha ho ea ileng a araba. (Mareka 9:33, 34) Lithuto tsa Jesu li ile tsa ba thusa hore ba boelane. Keletso ea hae, le ea barutuoa ba bang ba hae, e ntse e tsoela pele ho thusa batho hore ba rarolle likhohlano le hore ba lokise setsoalle se senyehileng. A re boneng hore na re ka etsa sena joang.
Loanela ho Etsa Khotso
“Ha ke batle ho bua le motho eo. Ha ke batle ho mo bona le moo a hatileng teng.” Haeba u kile ua bua mantsoe ao ka motho e mong, ho hlokahala hore u nke khato, joalokaha litemana tse latelang tsa Bibele li bontša.
Jesu o ile a ruta sena: “Haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele.” (Matheu 5:23, 24) O ile a boela a re: “Haeba mor’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang.” (Matheu 18:15) Ebang u khopisitse motho e mong kapa motho e mong o u khopisitse, mantsoe a Jesu a hatisa bohlokoa ba hore u buisane kapele le motho eo ka taba eo. U lokela ho etsa sena “ka moea o bonolo.” (Bagalata 6:1) Sepheo sa puisano eo, ke ho etsa khotso, eseng ho iketsetsa lebitso ka ho leka ho itokafatsa kapa ka ho qobella eo u hanyetsanang le eena hore a kōpe tšoarelo. Na keletso ee ea Bibele ea sebetsa?
Ernest ke mookameli ofising e khōlō.b Ka lilemo tse ngata, mosebetsi oa hae o ’nile oa mo tlama hore a tšohle litaba tse hlokang ho sebetsoa ka kelo-hloko le batho ba mefuta eohle le hore a boloke likamano tse ntle le bona mosebetsing. O bone kamoo likhohlano tseo batho ba bang le tsona li ka hōlang habonolo kateng. O re: “Ke ’nile ka qabana le batho ba bang ka linako tse ling. Empa ha sena se etsahala, ke lula fatše le motho ebe re tšohla bothata boo. Ke ea ho bona ka kotloloho. Ke ba tobe, ka morero oa ho etsa khotso. Ke atleha ka mehla.”
Alicia o na le metsoalle ea limelo tse ngata tse sa tšoaneng, ’me o re: “Ka linako tse ling ke bua ho hong, ebe kea lemoha hore e ka ’na eaba ke khopisitse e mong. Ke ea ho motho eo ebe ke kōpa tšoarelo. Mohlomong ke kōpa tšoarelo hangata ho feta kamoo ho hlokahalang hobane esita leha motho eo e mong a ne a sa khopeha, kea khotsofala. Joale kea tseba hore kutloano e ntse e le teng.”
Ho Hlōla Litšitiso
Leha ho le joalo, hangata tsela ea ho etsa khotso le batho e thijoa ke litšitiso. Na u kile ua re: “Ke hobane’ng ha e le ’na ea lokelang ho qala ho etsa khotso? Ke eena ea bakileng bothata.” Kapa na u kile ua ea ho motho e mong ho ea rarolla bothata eaba u utloa motho eo a re: “Ha ho na seo nka se buang le uena”? Batho ba bang ba bua joalo hobane ba khenne. Liproverbia 18:19 e re: “Mor’abo motho ha a sitetsoe o feta motse o matla; ’me ho na le likhang tse joaloka mokoallo oa tora ea bolulo.” Kahoo, nahanela boikutlo ba motho e mong. Ha a u qhalla matsoho, leta ka nakoana ebe u leka hape. Joale “motse o matla” o ka ’na oa buleha le “mokoallo” o ka ’na oa tloha monyakong oa poelano.
Mokoallo o mong oa khotso e ka ’na ea e-ba ho tšaba ho tloha seriti. Batho ba bang ba nka hore ho kōpa tšoarelo kapa ho bua le eo u hanyetsanang le eena ke ho itlotlolla. Ho loketse hore motho a amehe ka seriti sa hae, empa na ho hana ho etsa khotso ho phahamisa seriti sa motho kapa hoa se theola? Na ebe ho tšaba ho tloha seriti ka tsela ee ke ho pata boikakaso?
Mongoli oa Bibele Jakobo o bontša hore ho na le kamano pakeng tsa ho rata likhang le boikakaso. Ka mor’a ho pepesa “lintoa” le “litsekisano” tse pakeng tsa Bakreste ba bang, o tsoela pele ka ho re: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.” (Jakobo 4:1-3, 6) Ke joang boikhohomoso, kapa boikakaso, li sitisang ho etsa khotso?
Boikakaso bo thetsa batho, bo ba etse hore ba nahane hore ba molemo ho feta batho ba bang. Baikhohomosi ba nahana hore ba na le tokelo ea ho ahlola boitšoaro ba batho ba bang. Ka tsela efe? Ha ho sa lumellanoe, hangata ba nka hore bahanyetsi ba bona ke mesifa e hlōtseng lithipa, batho bao ho se nang tšepo ea hore ba tla loka. Boikakaso bo susumelletsa batho ba bang ho nka hore ba lokela ho hlokomoloha batho ba sa lumellaneng le bona, le hore ka lebaka leo ha ba tšoanelehe hore ba ka kōpa tšoarelo e tiileng ho bona. Kahoo, ba susumetsoang ke boikakaso ba atisa ho lelefatsa likhohlano ho e-na le hore ba li rarolle ka tsela e tšoanetseng.
Joaloka mokoallo o emisang sephethephethe tseleng e khōlō, hangata boikakaso bo thibela mehato e isang khotsong. Kahoo, haeba u ntse u thibela boiteko ba ho etsa khotso le motho ea itseng, ho ka etsahala hore ebe u loana le boikakaso. U ka hlōla boikakaso joang? Ka ho ikokobetsa ho e-na le ho ikakasa.
Bo Hanyetse
Bibele e buella boikokobetso haholo. “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.” (Liproverbia 22:4) Ho Pesaleme ea 138:6, re bala se buang ka pono ea Molimo ka baikokobetsi le baikakasi: “Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang; empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.”
Batho ba bangata ba nka hore ho ikokobetsa ho tšoana le ho kokobetsoa. Ho bonahala babusi ba lefatše ba nahana ka tsela ena. Le hoja batho ka kakaretso ba ikokobelletsa thato ea bona, baeta-pele ba lipolotiki ha ba sebete hore ka boikokobetso ba lumele liphoso tsa bona. Ho utloa ’musi a re, “le nkinele matsoho,” ke taba e ka phatlalatsoang litabeng. Ha e mong ea neng a le boholong a ne a kōpa tšoarelo haufi tjena ka ho hlōleha ha hae koluoeng eo batho ba ileng ba shoa ho eona, mantsoe a hae a ile a ngoloa lihloohong tsa litaba.
Boikokobetso ke ho ithapalatsa kapa ho ipeha tlaase, bo fapana le boikakaso kapa boikhohomoso. Kahoo boikokobetso ke seo motho a nahanang hore o sona, eseng seo batho ba nahanang hore o sona. Ha motho a lumela liphoso tsa hae ka boikokobetso ’me ka tieo a kōpa tšoarelo, sena ha se mo kokobetse; ho e-na le hoo, se ntlafatsa botumo ba hae. Bibele e re: “Pelo ea motho ea phahama pele a oa, ’me boikokobetso bo etella thoriso pele.”—Liproverbia 18:12.
Mabapi le bo-ralipolotiki ba sa kōpeng tšoarelo bakeng sa liphoso tsa bona, tichere e ’ngoe e ile ea re: “Ka bomalimabe ho bonahala ba nahana hore ho lumela liphoso ke letšoao la bofokoli. Batho ba fokolang le ba sa sireletsehang ha ho mohla ba reng, ‘Ke kōpa tšoarelo.’ Ke batho ba mosa le ba sebete ba seng lihlong ho re, ‘Ke entse phoso.’” Sena ke ’nete le ka batho ba seng lipolotiking. Ha u ikitlaelletsa ho ikokobetsa ho e-na le ho ikakasa, menyetla ea hore u etse khotso ha ho e-na le liqabang e tla ba meholo. Hlokomela kamoo lelapa le leng le ileng la sibolla ’nete ena kateng.
Ho se utloisisane ho ile ha baka bora pakeng tsa Julie le khaitseli’e William. William o ile a halefela Julie le monna oa hae, Joseph, hoo a ileng a ba nena. O bile a khutlisa limpho tsohle tseo Julie le Joseph ba neng ba ’nile ba mo fa tsona ka lilemo-lemo. Ha likhoeli li ntse li feta, lehloeo le ile la nka sebaka sa katamelano eo motho le khaitseli’e ba neng ba e-na le eona.
Leha ho le joalo, Joseph, o ile a etsa qeto ea ho sebelisa Matheu 5:23, 24. O ile a leka ho ea ho soare sa hae ka moea o bonolo le ho mo ngolla mangolo ao ka ’ona a neng a kōpa tšoarelo ea hore ebe o ile a mo khopisa. Joseph o ile a kōpa mosali oa hae hore a tšoarele khaitseli’e. Ka mor’a nako, William o ile a bona hore kannete Julie le Joseph ba ne ba batla ho etsa khotso, eaba oa nolofala. William le mosali oa hae ba ile ba kopana le Julie le Joseph; kaofela ha bona ba ile ba kōpa tšoarelo, ba kopana ka matsoho, ’me ba tsosa setsoalle sa bona.
Haeba u labalabela ho rarolla khohlano le motho ea itseng, ka mamello u sebelise lithuto tsa Bibele ebe u loanela ho etsa khotso le motho eo. Jehova o tla u thusa. Seo Molimo a ileng a se bua ho Iseraele ea boholo-holo se tla etsahala ho uena: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka.”—Esaia 48:18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E nkiloe ho The Murrow Boys—Pioneers on the Front Lines of Broadcast Journalism, ea Stanley Cloud le Lynne Olson.
b Mabitso a mang a fetotsoe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho kōpa tšoarelo ho atisa ho tsosolosa likamano tsa khotso