Tlaleho eo e Seng ea Bibele e Bua ka Sechaba sa Iseraele
MUSIAMONG oa Cairo, Egepeta, ho na le lejoe la morema-phofu leo ho lona ho ngotsoeng tlaleho e hopotsang ka lintoa tseo Faro Merneptah a ileng a li hlōla. Ho ea ka khakanyo ea litsebi, mora enoa oa bo13 oa Ramses II o ile a busa pakeng tsa selemo sa 1212 le sa 1202 B.C.E.—ho ella bofelong ba nako ea Baahloli ba Iseraele ea boholo-holo. Mela e ’meli ea ho qetela ea lejoe leo la tlaleho la Merneptah e baleha tjena: “Kanana e tlatlapuoe ka hohle-hohle. Ashkelone e nkiloe, Gezere e hapiloe, [’me] Yano‘am e timelitsoe ka ho feletseng. Iseraele e setse e le lesupi, leloko la eona ha le sa le eo.”
Lentsoe lee “Iseraele” le bolela’ng tabeng ee? Ho ea ka mokhoa oa ho ngola ka litšoantšo, ho ne ho eketsoa litlhaku tse itseng mongolong e le ho bontša hore na mantsoe ao a bolela eng. Buka e bitsoang The Rise of Ancient Israel ea hlalosa: “Litšoantšo tse amahanngoang le mantsoe a mararo ho ana a mane a fanoeng—e leng Ashkelone, Gezere le Yanoam—ke setšoantšo se re bolellang hore mabitso ao ke a metse. . . . Leha ho le joalo, setšoantšo se amahanngoang le Iseraele sona ke sa sechaba.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Mantsoe aa a bontša eng? Hershel Shanks, eo e leng mohlophisi le mongoli, o araba tjena: “Lejoe lena le ngotsoeng tlaleho la Merneptah le bontša hore ka 1212 B.C.E. sechaba sa Iseraele se ne se le teng le hore faro oa Egepeta o ne a sa tsebe feela hore se teng, empa o ile a utloa ho loketse hore a ithorise ka hore o se hlōtse ntoeng.” William G. Dever, eo e leng moprofesa oa ho epolla lintho tsa khale Linaheng Tse Nang le Mekhoa ea Bochabela, oa hlalosa: “Lejoe le ngotsoeng tlaleho la Merneptah le re bolella ka ho hlaka hore: Ehlile Kanana ho ne ho e-na le sechaba se ipitsang ‘Iseraele,’ kahoo Baegepeta ba ne ba se bitsa ‘Iseraele’—’me ho hlakile hore Baegepeta ba ne ba sa sekamela ho netefatseng seo Bibele e se bolelang, ’me ba ne ba ke ke ba iqapela sechaba se tobileng le se ikhethang joaloka sa ‘Iseraele’ molemong oa ho phatlalatsa merero ea bona ea leshano.”
Ka Bibeleng, lentsoe lena Iseraele ho buuoa ka lona ka lekhetlo la pele e le lebitso le ileng la rehoa mopatriareka Jakobo. Litloholo tsa bara ba 12 ba Jakobo li ile tsa tsejoa e le “bara ba Iseraele.” (Genese 32:22–28, 32; 35:9, 10) Lilemo hamorao, moprofeta Moshe hammoho le Faro oa Egepeta ba ile ba sebelisa lentsoe leo “Iseraele” ha ba bua ka litloholo tsena tsa Jakobo. (Exoda 5:1, 2) Lejoe lena le ngotsoeng tlaleho la Merneptah ke tlaleho ea khale ka ho fetisisa e tsejoang eo e seng ea Bibele e buang ka sechaba se bitsoang Iseraele.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Lejoe le ngotsoeng tlaleho la Merneptah
Ho kopanngoa ha matšoao a ho qetela a mararo (ho tloha ka ho le letona ho ea ka ho le letšehali) ke thupa ea litsumi le monna le mosali ba lutseng fatše, tse bontšang hore Iseraele ke sechaba sa basele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Egyptian National Museum, Cairo, Egypt/Giraudon/The Bridgeman Art Library