Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 12/1 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha ho Botsoa Potso Eo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ho Botsoa Potso Eo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Tla Re’ng ho Motho ea sa Lumeleng Hore Molimo o Teng?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Mapatso Moahong
    Tsoha!—1988
  • Na U Lokela ho ba Setho sa Kereke?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ke Hobane’ng ha Kereke e Lahleheloa ke Tšusumetso?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 12/1 leq. 3

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA RE HLOKA MOLIMO?

Ke Hobane’ng ha ho Botsoa Potso Eo?

“Na u nahana hore ha u hloke Molimo? Batho ba limilione ba nahana joalo.” Ana ke mantsoe a neng a sa tsoa ngoloa botong e bapatsang ’me papatso eo e ne e lefeletsoe ke batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Ho hlakile hore ba nahana hore ha ba hloke Molimo.

Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba ipolelang hore ba lumela ho Molimo ba phela joalokaha eka ha a eo. Ha mobishopo ea ka sehloohong oa K’hatholike, Salvatore Fisichella, a bua ka litho tsa kereke ea hae, o ile a re: “E ka ’na eaba ha batho ba re sheba, ba nka hore ha re Bakreste hobane tsela eo re phelang ka eona e tšoana le ea batho ba sa lumeleng.”

Batho ba bang ba phathahane haholo hoo ba sa itšoenyeng ka Molimo. Ba nka hore o hōle haholo hoo a ke keng a re thusa ka letho ebile ha a atamelehe. Ha ho mohla batho bao ba nahanang ka Molimo ’me le haeba ba nahana ka eena, ke feela ha ba e-na le mathata—ba mo nka joalokaha eka ke mohlanka ea lokelang ho tlōla matjato ha ba mo bitsa.

Batho ba bang ba nka hore lithuto tsa bolumeli ha li ba tsoele molemo o mokaalo ’me seo se etsa hore ba hlōlehe ho li latela. Ha re bua ka mohlala o le mong feela, karolo ea 76 lekholong ea Mak’hatholike a Jeremane e lumela hore monna le mosali ba ka lula hammoho pele ba nyalana—e leng se khahlanong le se rutoang ke kereke ea bona le Bibele. (1 Bakorinthe 6:18; Baheberu 13:4) Ke ’nete hore hase Mak’hatholike feela a hlokomelang hore ha a phele ho latela se rutoang bolumeling ba ’ona. Baruti ba likereke tse ngata ba ile ba ngongoreha ka ho re balateli ba bona ba itšoara joaloka “batho ba sa lumeleng ho Molimo.”

Mehlala ena e etsa hore re ipotse: Na kannete re hloka Molimo? Taba ena ha e qale ho hlaha. E ile ea hlaha ka lekhetlo la pele maqepheng a qalang a Bibele. E le hore re fumane karabo ea potso eo, a re ke re hlahlobe lintlha tse ’maloa tse hlahang bukeng ea Bibele ea Genese.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela