Re Tla Boela re Ithuta Buka Tlhōrō ea Tšenolo
1 Leqephe la sekoahelo bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo le qotsa Tšenolo 1:3 (NW): “Ho thaba ea balang le ba utloang mantsoe a boprofeta bona.” Ka sebele thabo ea batho ba Jehova kajeno e ekelitsoe haholo ke phethahatso ea kajeno ea boprofeta bo bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Kutloisiso ea rōna ea kajeno ea liketsahalo tsa “letsatsi la Morena,” e hlalositsoe ho Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! (Tšen. 1:10) Ka ho ithuta eona, re fumane temohisiso ka liketsahalo tse hlokomelehang tsa lefatše, haholo-holo tse amang ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata le ho habeletsa ha lichaba ho ea Armageddone haesita le litšebelisano tsa Jehova le batho ba hae.
2 Ho ba bangata ba rōna, ho ithuta buka ena hase hore ho tla nchafatsa likelello tsa rōna feela ka lintlha tseo re buisaneng ka tsona nakong e fetileng empa hape ho tla chorisa pono ea rōna ea moea ka liphetoho tsa hona joale tse lebisang letsatsing la Jehova la tlhōlo holim’a lira tsohle tsa hae. Ba likete ba ikopantseng le rōna lilemong tse peli kapa tse tharo tse fetileng ka sebele ba tla rua molemo ka ho tšohloa hona ha buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ka lekhetlo la boraro Thutong ea Buka ea Phutheho.
3 Tiisa hore u lokisetsa hantle, u ba teng, ’me u kopanela ka tsela e nang le morero beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho tloha ka la 3 October, 1994. U tla putsoa ka ho enneng ’me u hlohonolofatsoe ha u lemoha ka ho hlakileng haholoanyane se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše tse senoloang ke boprofeta bo tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo. Ka sebele, ho hlokahala hore re hlahlobe ka ho teba boitsebiso bo joalo, kaha hona joale bo nakong ho feta leha e le neng pele. E se eka re ka nyakallela thabo eo ho tšepisitsoeng hore e tla ba teng ha re bala, re utloa, ’me re thuisa ka boprofeta bona bo hlollang ka mehla ea rōna!