Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/00 maq. 3-4
  • April—Nako ea ho Chesehela Mesebetsi e Metle!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • April—Nako ea ho Chesehela Mesebetsi e Metle!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re ka Etsa Hore April 2000 e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Chesehela se Molemo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Na April e Tla ba Khoeli e Khethehileng ho Uena?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Likhopotso Tsa Sehopotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 4/00 maq. 3-4

April—Nako ea ho Chesehela Mesebetsi e Metle!

1 Ha leholiotsoana le atamela sebaka se nang le baahi ba bangata, tlhokahalo ea ho lemosa batho ka kotsi e tlang e ba e potlakileng. Ha leholiotsoana le ntse le atamela, ho tlameha ho fanoe ka litemoso tse tiileng haholoanyane. Hobane’ng? Hobane bophelo bo kotsing! E ka ’na eaba batho ba bang ha baa utloa litemoso tsa pele. Ba bang e ka ’na eaba ba utloile empa ba hlokomoloha ho nka bohato. Ke ’nete le ka temoso ea bomolimo eo re romiloeng hore re e phatlalatse pele “moea oa sefefo” oa khalefo e lokileng ea Molimo o fefola meneketsela eohle ea lefatše lena le khopo. (Liprov. 10:25, NW) Bophelo bo sa feleng ba batho ba limilione-milione bo kotsing! Temoso e tlameha ho phatlalatsoa. Re tlameha ho ‘chesehela mesebetsi e metle.’—Tite 2:11-14.

2 Ka mashome a lilemo, batho ba Jehova ba ’nile ba susumelletseha ho etsa hore nako ea Sehopotso e be ea ho cheseha ka ho khethehileng tšebeletsong. Ka 1939, Informant, e tlileng pele ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, e ile ea fana ka khothatso ena: “Kaha hoetla lea atamela, le boemo bo botle ba leholimo, re lokela ho lebella hore lihora tsa bahoeletsi [ba phutheho] li imene habeli tšimong, ’me nako ea bo-pula-maliboho e eketsehe haholo. April ke khoeli e nang le Lisontaha tse hlano. E boetse e na le Meqebelo e mehlano. Etsa hore Moqebelo o mong le o mong le Sontaha se seng le se seng ka April . . . e be nako ea ho paka ho khethehileng.” Eo e ne e le pakane e phephetsang eo barab’abo rōna ba ileng ba e beheloa lilemong tse 60 tse fetileng! Selemong sena, joaloka 1939 feela, khoeli ea April e na le mafelo-beke a tletseng a mahlano. U entse litokisetso life khoeling ee? U tšoaile eng almanakeng ea hao ea April 2000? Itokisetse ho kopanela hantle mesebetsing e metle le batho bohle ba Jehova khoeling ena e khethehileng ea tšebeletso e eketsehileng ea moea.

3 Seo re Tšepang Hore re Tla se Finyella: Letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa selemong sena sa 2000 le oela khoeling ena. Ke la 19 April, mokete oa ho ikhopotsa lefu la Jesu. A re etseng boiteko bo khethehileng ba hore re memele batho ba bangata Sehopotsong ka hohle kamoo ho ka khonehang. Joalokaha ho ile ha etsoa tlhahiso khoeling e fetileng, etsa lethathamo la bohle ba ka ’nang ba e-ba teng Sehopotsong ’me u bone hore ha ho na ea tlōlisoang mahlo holimo. Ba mengoang ba lokela ho akarelletsa bahoeletsi leha e le bafe ba sa kopaneleng tšebeletsong, liithuti tsa Bibele, bao re etsang maeto a ho boela ho bona, ba kileng ba ithuta, basebetsi-’moho, bao u kenang sekolo le bona, baahelani, beng ka uena le ba bang bao u ba tloaetseng. Na ba ratang ho ba teng ba na le lipalangoang? Haeba ba se na tsona, na ka lerato u ka thusa? Bosiung ba Sehopotso, kaofela ha rōna re tla ba le tokelo ea ho etsa hore ba tlang ho ba teng ba ikutloe ba amohelehile. Ka mor’a Sehopotso, re ka latella ba thahasellang hore re ba thuse moeeng ka ho eketsehileng.

4 Ho ‘chesehela mesebetsi e metle’ matsatsing a pele ho Sehopotso le a ka morao ho sona ke tsela e molemo ea ho bontša Jehova hore re hlile re ananela sohle seo a re etselitseng sona. Ba bangata ho rōna re tla khona ho eketsa boiteko ba rōna tšebeletsong ea ho bolela evangeli. Haeba u pula-maliboho ea thusang, u tla rata ho etsa sohle se matleng a hao hore u qete lihora tse 50 kapa ho feta tšebeletsong. (Mat. 5:37) Khomarela kemiso eo u iketselitseng eona ha khoeli e qala. (Moek. 3:1; 1 Bakor. 14:40) E se eka kaofela ha rōna re ka etsa seo re ka se khonang hore re tšehetse bo-pula-maliboho bohle, ka ho ba khothatsa le ka ho sebetsa le bona tšimong. (Bapisa le 2 Marena 10:15, 16.) Haeba re jala ka cheseho ka April, re ka lebella thabo e khōlō le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. (Mal. 3:10) Mohlomong sena se tla betla khoro e le hore u tsoele pele u le pula-maliboho ea thusang kapa hore u be pula-maliboho oa kamehla. E se eka matla a moea ao re a fumanang ka April a ka fetela le likhoeling tse latelang ha re tsoela pele ho ba bahoeletsi ba ’Muso ba kamehla.

5 Ha ho pelaelo hore batho ba Jehova ba likete khoeling ena ba tla qala lithuto tse eketsehileng tsa mahae tsa Bibele. Na u ka rata ho qala e ’ngoe? Rapella thuto ka ho toba, ’me u sebetse tumellanong le lithapelo tsa hao. U ka kholiseha hore Jehova o tla ananela likōpo tsa hao tse etsoang ka boikokobetso ha u kōpa thuso ea ho fumana motho ea tšepahalang eo u ka mo rutang.—1 Joh. 3:22.

6 Katamelo e lekiloeng tšimong e ’nileng ea sebelisoa ka katleho ho qala meqoqo ke ena. U qala ka ho botsa: “Na u nahana hore pefo eohle e likolong tsa sechaba e bakoa ke mesebetsi ea bademona kapa e hlaha ka lebaka la ho haella ha koetliso ea batsoali?” Emela karabelo. Haeba motho a re ke “mesebetsi ea bademona,” bala Tšenolo 12:9, 12, ’me u totobatse karolo eo Diabolose a e phethang ho hlohlelletseng moferefere lefatšeng. Ebe joale u phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 4, ebe u botsa motho eo hore na o kile a ipotsa hore na Diabolose o tsoa hokae. Tsoela pele ho bala le ho tšohla lirapa tse peli tse qalang. Haeba motho a khetha “ho haella ha koetliso ea batsoali” e le lona lebaka la pefo likolong, bala 2 Timothea 3:1-3 ’me u totobatse litšobotsi tseo ka ho hlakileng li tlatsetsang bothateng bona. Ebe joale u phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 8, u bale serapa sa 5 ’me u tsoele pele ka puisano. Haeba u ka beha nako ea ho khutlela, e ka ’na eaba u mothating oa ho ba le thuto ea Bibele ea kamehla le motho eo. Ketelong e latelang, mo botse hore na o tseba motho e mong ea ka ’nang a thahasella ho utloa seo a ithutang sona.

7 Tsela e ’ngoe ea ‘ho chesehela mesebetsi e metle’ ka April ke ka ho kopanela mekhoeng e sa tšoaneng ea ho bolela. Na u kile ua nahana ka ho paka serapeng sa lipalesa kapa moo ho pakoang likoloi? Seemelong sa libese kapa seteisheneng sa terene? Kapa na u ka rata ho leka ho paka ka thelefono, seterateng kapa tšimong ea khoebo? Ke hobane’ng ha u sa etse hore menahano eo e be ntho ea sebele khoeling ee? Jehova o tla u thusa hore u be le sebete se hlokahalang. (Lik. 4:31; 1 Bathes. 2:2b) Mohlomong le ka behelana nako ea ho sebetsa le pula-maliboho kapa mohoeletsi ea nang le phihlelo litšobotsing tsena tsa tšebeletso.

8 E mong le e mong ea lakatsang ho eketsa seabo sa hae mosebetsing oa ho paka o tla rata ho kopanela bopaking bo sa reroang. Hangata se hlokahalang feela ke ho kenya motho moqoqong o botsoalle. Phahamisa taba feela e thahaselloang ke bohle, mohlomong u sebelisa katamelo e totobalitsoeng serapeng sa 6. Loanela ho sebelisa esita le likarolo tse nyenyane tsa nako hamolemo tseo mohlomong li neng li tla lahleha. Nōka e tlatsoa ke linōkana. Ke hobane’ng ha u sa sebelise leha e le eona metsotso e mehlano, metsotso e leshome, kapa kotara ea hora u paka ka tsela e sa reroang?

9 Nako ea ho Nahanisisa: Nahana ka lintlha tse matla tse ileng tsa boleloa tšoantšisong ea selemo se fetileng ea Kopano ea Setereke ea “Lentsoe la Molimo la Boprofeta.” Tšoantšiso e neng e e-na le sehlooho se reng Ho Ananela Lefa la Rōna la Moea e ile ea etsa hore re nahane ka hloko ka phapang e neng e le teng lipakeng tsa Jakobo le Esau. Esau o ile a bolela hore o ne a thahasella lintho tsa moea joaloka Jakobo, empa mesebetsi ea Esau ha ea ka ea bontša seo. (Gen. 25:29-34) Ke temoso e matla hakaakang ho rōna! Joaloka Jakobo, a re itokisetseng ho loanela, esita le ho sehlela ho fumana tlhohonolofatso ea Jehova. (Gen. 32:24-29) Ke hobane’ng ha re sa sebelise April le likhoeli tsohle tse latelang ho nchafatsa cheseho ea rōna, le ka mohla re sa nke lefa la rōna la moea le babatsehang habobebe?

10 “Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa.” (Sof. 1:14) Litaba tse molemo tsa ’Muso li tlameha ho boleloa hohle. Bophelo bo kotsing! E se eka khoeli ena e ka ipaka e hlohonolofalitsoe ka ho khethehileng ho batho bohle ba Jehova ha re bontša re kopane hore re ‘chesehela mesebetsi e metle.’

[Lebokose le leqepheng la 4]

Likhopotso Tsa Sehopotso

Selemong sena mokete oa Sehopotso o tla ba ka Laboraro, la la 19 April. Baholo ba lokela ho hlokomela lintlha tse latelang:

◼ Ha le hlophisa nako ea seboka, tiisang hore litšoantšetso li se ke tsa fetisoa pele letsatsi le likela.

◼ E mong le e mong, ho akarelletsa le sebui, o lokela ho tsebisoa nako e nepahetseng hammoho le sebaka seo mokete o tla tšoareloa ho sona.

◼ Mofuta o loketseng oa bohobe le veine o lokela ho fumanoa le ho lokisoa.—Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1985, leqepheng la 17.

◼ Lipoleiti, likhalase, tafole e loketseng le lesela le e koahelang li lokela ho tlisoa holong le ho tekoa ka tsela e loketseng esale pele.

◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka seo ho tla tšoareloa seboka sena ho sona li lokela ho hloekisoa hantle esale pele.

◼ Bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso ba lokela ho khethoa le ho fuoa litaelo esale pele mabapi le mesebetsi ea bona le mokhoa o nepahetseng o tla lateloa.

◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa hore batlotsuoa leha e le bafe ba kulang le ba sa khoneng ho ba teng ba isetsoe litšoantšetso.

◼ Haeba ho entsoe tokisetso ea hore Holo ea ’Muso e sebelisoe ke liphutheho tse fetang e le ’ngoe, ho lokela ho be le tšebelisano-’moho e ntle mahareng a liphutheho e le hore ho ka qojoa tšubuhlellano e sa hlokahaleng phasejeng e kenang ka holong, litselaneng tsa maoto tse ka thoko ho ’mila le moo ho pakoang likoloi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela