Bophelo bo Kotsing!
1 Bibele e hlakisa thato ea Jehova ea “hore mefuta eohle ea batho e pholohe.” Leha ho le joalo, e sa boetse e le ’nete hore litebello tsa bophelo tsa ba libilione lefatšeng li itšetlehile ka boikutlo ba bona ka Jehova Molimo le ’Muso oa hae ka Jesu Kreste. Boikutlo bo nepahetseng bo ka thehoa feela “tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Le hoja re hlokomela hore haufinyane lefatše le tla hloekisoa bokhopo bohle e le ho hlekela lefatše le lecha la Molimo la ho loka tsela, re boetse re romiloe ho phethahatsa mosebetsi oa bohlokoa o pholosang bophelo.—Mat. 24:14; 28:19, 20; Baroma 10:13-15.
2 Ke Hobane’ng ha ho Potlakile Hakaale? Jesu o ile a lemosa ka “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše.” (Mat. 24:21) Matšoenyeho ao a tla fihla tlhōrōng ka Armagedone. (Tšen. 16:16) Matšoele-tšoele a batho ba tobaneng le ho timetsoa haeba ba hlōleha ho arabela litabeng tse molemo a akarelletsa beng ka rōna ba sa lumelang, baahelani, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona le bao re ba tloaetseng. Empa re amehile ka ho finyella “mefuta eohle ea batho” re etsisa Molimo, ea bonahalitseng lerato la hae bakeng sa lefatše lohle la moloko oa batho ka ho fana ka Mora oa hae, Jesu Kreste, e le thekollo bakeng sa bohle. (Joh. 3:16) Re tlameha ho ikemisetsa ka cheseho ho memela bohle hore ba balehele setšabelong sa Molimo. Ka ho phetha mosebetsi oa ho bolela ka botlalo, re ka qoba molato oa mali.—Ezek. 33:1-7; 1 Bakor. 9:16.
3 Sepheo sa Rōna ke Sefe? Bohlokoa ba mosebetsi oa ho bolela bo hatisoa ho pholletsa le Lentsoe la Molimo. Joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela, “lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella” hore re phele tumellanong le litsela tsa Molimo. (2 Bakor. 5:14) Ho phaella moo, hangata Molula-Qhooa o hatisa boikarabelo ba rōna ba ho bolela. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e fana ka tataiso e sa khaotse ka hore na re ka etsa joang hore mosebetsi oa ho bolela o phethoe. Baholo ba hlophisa mosebetsi ’me ba re khothalletsa ho kopanela ho oona. Bahoeletsi-’moho ba re memela ho kopanela le bona tšebeletsong. Re utloa ho hongata ka ho lokisetsa linehelano tsa rōna, ho fana ka limakasine le libuka tse ling, ho etsa maeto a ho boela, ho khanna lithuto tsa Bibele le ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho fana ka bopaki. Sena sohle se re thusa ho finyella sepheo sa ho pholosa bophelo.—1 Bakor. 9:22, 23; Baef. 1:13.