Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/00 leq. 6
  • Khatello ea Lithaka le Tokelo ea Hao ea ho Bolela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khatello ea Lithaka le Tokelo ea Hao ea ho Bolela
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello ea Lithaka—Na e Hlile e Matla Hakaalo?
    Tsoha!—2002
  • Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka
    Tsoha!—2014
  • Nka Sebetsana Joang le Khatello ea Lithaka?
    Tsoha!—2003
  • Bacha—Hlōlang Khatello ea Lithaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 12/00 leq. 6

Khatello ea Lithaka le Tokelo ea Hao ea ho Bolela

1 Khatello ea lithaka ke tšusumetso e matla—e ka ba e ntle kapa e mpe. Bahlanka ba Jehova ’moho le rōna ba ba le tšusumetso e ntle e re susumelletsang mesebetsing e metle ea Bokreste. (Baheb. 10:24) Leha ho le joalo, litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona, baahelani kapa ba bang bao re ba tloaetseng ba ka re hatella hore re latele tsela e khahlanong le melao-motheo ea Bokreste. Ba ka ’na ba bua “hampe ka boitšoaro ba [rōna] bo molemo mabapi le Kreste.” (1 Pet. 3:16) Re ka boloka boikemisetso ba rōna joang hore re lule re ntse re bolela ho sa tsotellehe khatello e fosahetseng ea lithaka eo re ka ’nang ra kopana le eona?

2 Litho Tsa Lelapa: Ka linako tse ling, monna le ntate eo e seng e mong oa Lipaki tsa Jehova a ka ’na a se ke a rata ha mosali oa hae le bana ba kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa. Ho bile le boemo bo joalo lelapeng le leng Mexico. Mosali oa monna e mong le bana ba supileng ba ile ba kena ’neteng. Qalong, monna eo o ne a hanyetsa hobane a sa rate ha lelapa la hae le bolela ’me le fana ka lingoliloeng tsa Bibele ka ntlo le ntlo. O ile a ba le maikutlo a hore sena se ba theola seriti. Leha ho le joalo, mosali oa hae le bana ba ile ba ema ba tiile qetong ea bona ea ho sebeletsa Jehova le ho kopanela kamehla tšebeletsong. Ka mor’a nako, monna eo o ile a qala ho bona bohlokoa ba ho amohela tokisetso ea Molimo bakeng sa mosebetsi oa ho bolela, ’me le eena a inehela ho Jehova. Ho mo nkile lilemo tse 15 pele a amohela ’nete, empa na a ka be a entse joalo hoja lelapa la hae la se ke la tiisetsa tokelong ea lona ea ho bolela?—Luka 1:74; 1 Bakor. 7:16.

3 Basebetsi-’moho: Boiteko ba ho pakela basebetsi-’moho bo ka ’na ba se ke ba ananeloa ke ba bang. Morali e mong oabo rōna o ile a pheta hore ha ho ne ho buuoa ka bofelo ba lefatše ka ofising, o ile a songoa hobane a ile a etsa tlhahiso ea hore ho baloe Matheu khaolo ea 24. Leha ho le joalo, matsatsi a seng makae hamorao, e mong oa basebetsi-’moho le eena o ile a mo bolella hore o balile khaolo eo ’me e mo khahlile. O ile a fuoa buka, ’me ho ile ha etsoa tokisetso ea thuto ea Bibele le eena le monna oa hae. Thuto ea pele e ile ea tšoarella ho fihlela ka hora ea bobeli hoseng. Ka mor’a thuto ea boraro, ba ile ba qala ho ea libokeng, ’me kapele ka mor’a moo ba ile ba tlohela ho tsuba ’me ba qala ho kopanela tšebeletsong. Na see se ka be se etsahetse hoja morali’abo rōna a sa ka a etsa boiteko ba ho kopanela tšepo ea hae le ba bang?

4 Bao U Kenang Sekolo le Bona: Ho tloaelehile hore bacha ba Lipaki ba be le khatello ea lithaka sekolong le hore ba tšabe hore bacha ba bang ba tla ba khella fatše ha ba kopanela mosebetsing oa ho bolela. Mocha e mong oa Mokreste United States o ile a re: “Ke ne ke tšaba ho pakela bacha ba bang hobane ke ne ke tšaba ho phoqoa.” Kahoo o ne a qoba menyetla ea ho pakela lithaka tsa hae sekolong le tšimong. U ka hlaolela matla a ho tobana le khatello ea lithaka joang? Tšepa Jehova, ’me u batle ho amoheloa ke eena. (Liprov. 29:25) E-ba motlotlo ka tsebo ea hao ea ho sebelisa Lentsoe la Molimo tšebeletsong ea hao. (2 Tim. 2:15) Mocha ea sa tsoa qotsoa o ile a qala ho rapela Jehova, a mo kōpa hore a mo thuse hore a hlaolele takatso ea ho bua le bao a kenang sekolo le bona. O ile a qala ho paka ka tsela e sa reroang sekolong, a ba le liphello tse ntle, ’me ka mor’a nakoana o ne a se a bua le e mong le e mong eo a mo tsebang. O ile a qeta ka ho re: “Bana bao ba hloka le ho batla tšepo ea ka moso, ’me Jehova oa re sebelisa hore re ba thuse.”

5 Baahelani: Re ka ’na ra ba le baahelani kapa batho bao re ba tloaetseng ba bontšang ho khopeha ho itseng ka rōna ka seo re leng sona le seo re se lumelang. Haeba u tšaba seo ba se nahanang, ipotse: ‘Na ba tseba ’nete e isang bophelong bo sa feleng? Nka etsa’ng hore ke finyelle lipelo tsa bona?’ Molebeli e mong oa potoloho o ile a hlokomela hore liphello tse ntle li finyelloa ka ho pakela baahelani hanyane ka hanyane. Kōpa Jehova ka tieo hore a u fe matla le bohlale bo hlokahalang hore u tsoele pele ho batla batho ba lipelo li tšepahalang.—Bafil. 4:13.

6 Ho inehela ha rōna khatellong e fosahetseng ea lithaka ho ka ’na ha thabisa bahanyetsi, empa na ho etsa joalo ho tla ba molemong oa bona—kapa oa rōna? Jesu o ile a hanyetsoa ke batho ba ha habo. O bile a mamella lipolelo tse hlabang tse tsoang ho banab’abo. Empa o ne a tseba hore a ka ba thusa hafeela a lula a tšepahala tseleng eo Molimo a mo behetseng eona. Kahoo, Jesu o ile a ‘mamella puo e joalo e hanyetsang ea baetsalibe khahlanong le lithahasello tsa bona.’ (Baheb. 12:2, 3) Re tlameha ho etsa se tšoanang. Ikemisetse ho sebelisa tokelo ea hao ea ho bolela molaetsa oa ’Muso ka botlalo. Ka ho etsa joalo, “u tla ipholosa hammoho le ba u mamelang.”—1 Tim. 4:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela