Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/01 maq. 1-7
  • Kaofela a re Hlompheng Jehova le Mora oa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kaofela a re Hlompheng Jehova le Mora oa Hae
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlompha Jehova—Hobane’ng Hona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Fana ka Tlhompho ho Bao e ba Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Hlompha Batho ba Mefuta Eohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bontša ba Bang Tlhompho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 3/01 maq. 1-7

Kaofela a re Hlompheng Jehova le Mora oa Hae

Kamoo Bohle ba Tlang ho ba Teng Sehopotsong ka la 8 April ba ka Ruang Molemo ka Botlalo Kateng

1 Ke bo-mang kajeno ba fuoang tlhompho e khethehileng? Bao lefatše le nkang mosebetsi oa bona e le o phahameng haholo. Leha ho le joalo, mabakeng a mangata liketso tsa bona li lebaloa kapele. Empa ho thoe’ng ka liketso tseo ha e le hantle li ruisang moloko oohle oa batho molemo? Tse khōlōhali tsa tsena re tla li nahanisisa ka hloko ha re keteka Lijo tsa Shoalane tsa Morena, ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 8 April, 2001.

2 Ke mang ea tšoanelang ho fuoa tlhompho e phahameng ka ho fetisisa? Bibele ea araba: “Jehova, . . . ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle.” (Tšen. 4:11) Joaloka ’Mōpi, Jehova ke Morena ’Musi oa bokahohle. Hore ebe o tšoaneloa ke ho hlomphuoa ho ke ke ha khaotsa le ka mohla!—1 Tim. 1:17.

3 Jesu Kreste, Mora oa Molimo, o ile a etsa liketso tsa bohlokoa tse tlang ho tlisetsa moloko oa batho mahlohonolo a ke keng a fela. O ile a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng. (Joh. 5:19) Kutlo ea hae e phethahetseng le tšebeletso ea hae e tšepahalang li ile tsa etsa hore ebe o “tšoaneleha ho amohela bonatla le maruo le bohlale le matla le tlhompho le khanya le poko.” (Tšen. 5:12) Ntate oa hae o ile a mo hlompha ka ho ’meha teroneng e le Morena. (Pes. 2:6-8) Ha e le rōna, re tla ba le monyetla oa ho hlompha Ntate le Mora ha re keteka Lijo tsa Shoalane tsa Morena ka la 8 April, 2001.

4 Ka masoabi, ke ba seng bakae historing ea batho ba fileng Jehova le Mora oa hae tlhompho e ba loketseng. Ka linako tse ling, esita le batho ba boholo-holo ba Molimo, Baiseraele, ba ile ba etsetsa Jehova tšebeletso e fokolang. Hona e ne e le ho hloka tlhompho ka ho feletseng. (Mal. 1:6) Tlhompho e loketseng e hloka kutlo e tšepahalang e thehiloeng leratong le kananelong bakeng sa sohle seo Jehova le Mora oa hae ba re etselitseng sona. Ho fana ka tlhompho le tlōtlo e joalo ho bolela hore re bontša tšabo le tlhompho ea bomolimo, re amohela Jehova le Jesu litseleng tsohle tsa rōna. Phutheho ea Bokreste e ikemiselitse ho ruta le ho thusa ba bang hore ba etse se tšoanang.

5 Ketsahalo e Khethehileng ea ho Bontša Tlhompho: Ho keteka Sehopotso ke seboka sa bohlokoahali sa batho ba Jehova selemo le selemo. E mong le e mong ea lakatsang ho sebeletsa le ho hlompha Jehova o lokela ho ba teng. (Luka 22:19) Re lebeletse hore ho phaella ho Lipaki tse mafolofolo tse limilione tse 6, batho ba thahasellang ba tla eketsa lenane la ba tla ba teng hore le fete limilione tse 14. Ke monyetla o motle hakaakang oa ho hlompha Ntate oa rōna oa leholimo! Le hoja ho ketekoa hona ho lebisitsoe ho Jesu, tlhompho le tlotla tse bontšoang bakeng sa seo a se finyeletseng li tlotlisa Ntate, ea mo rometseng.—Joh. 5:23.

6 Re ka etsa eng ho tšehetsa ketsahalo ee e khethehileng? Re ka thusa ba bacha ba thahasellang hore ba rue molemo ka botlalo. Ba khothalletse hore ba be teng, ’me moo ho hlokahalang, ba thuse ka mosa hore ba khone ho ea fihla moo. Hlalosa morero oa puo eo. Ba tsebise ba bang. Seo ba se bonang le ho se utloa se ka ba susumelletsa ho batla ho ikopanya le rōna ho hlompheng Jehova.

7 U se ke ua halala tšusumetso ea lenaneo leo. Seithuti se seng sa univesithi se ile sa arabela tjena: “Ke bile Selallong makhetlo a mangata kerekeng ea ka, empa sena se fapane haholo. Ke bona hore sena se joalokaha Bibele e bolela, ’me ke nahana hore le na le ’nete.” O ile a qala ho ba teng libokeng kamehla ’me o ile a kolobetsoa kapele.

8 Thusang ba Bacha ’Neteng Hore ba Tsoele Pele: Elang hloko ba bacha ba tlang Sehopotsong ’me le ba etele kapele ho ea hlahloba lintho tse hlasimollang tseo ba ithutileng tsona le ho li hlokomela. Ba hlokomeliseng ka liboka tse ling, moo ba ka eketsang tsebo ea bona ea Bibele. Ho hlahloba khaolo ea 17 ea buka ea Tsebo, “Fumana Tšireletseho Har’a Batho ba Molimo,” ho tla ba bontša litokisetso tse ngata tsa moea tse fanoang ke phutheho, tseo ba ka li fumanang habonolo. Lokisetsang hore ba bone video ea Our Whole Association of Brothers e le hore ba ka iponela bonngoe, thabo le cheseho ea batho ba Jehova ka mahlo a bona!

9 Ke habohlokoa hore ba thahasellang ba ithute hore na bona ka bobona ba ka bontša tlhompho le tlōtlo ho Jehova joang. Hlalosang hore thapelo e tlohang botebong ba pelo e thabisa Jehova le hore ke mohloli o sa khaotseng oa khatholoho ea moea. (1 Joh. 5:14) Ka ho sebelisa thuto ea 8 ho ea ho 12 bukaneng ea Seo a se Hlokang, hlalosang mofuta oa boitšoaro o hlomphang Jehova. Ka ho tšohla se boletsoeng bukaneng ea Lipaki Tsa Jehova, leqepheng la 30-1, khothatsang ba bacha ho nahana ka monyetla oa ho hlompha Jehova ka hore ka bobona ba kopanele mosebetsing oa ho bolela.

10 Ho ananela sehlabelo sa Jesu le tokelo ea rōna ea ho sebeletsa joaloka barutuoa ba hae ke ho hlompha Ntate ’me ho tlisetsa ba bang mahlohonolo. Jesu o ile a tšepisa: “Haeba mang kapa mang a lakatsa ho ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”—Joh. 12:26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela