“Nka Fumana Nako Hokae?”
1 Ena ke tletlebo eo bongata ba rōna re nang le eona, kaha bophelo ba rōna bo maphatha-phathe. Ho ’nile ha thoe nako ke letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa le le fetang kapele. Ka hona, re ka fumana nako hokae bakeng sa lintho tseo ka sebele e leng tsa bohlokoa, tse kang ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo?—Bafil. 1:10.
2 Senotlolo hase ho leka ho fumana nako e eketsehileng, empa ke ho etsa qeto ea seo re batlang ho se etsa ka nako eo re nang le eona. Kaofela ha rōna re na le lihora tse 168 ka beke, ho tsona tse 100 e ka ’na ea e-ba tsa ho robala le ho sebetsa. Ka hona, re ka sebelisa lihora tse setseng joang hamolemohali? Baefese 5:15-17 e re khothalletsa ho tsamaea ‘eseng joaloka batho ba seng bohlale empa joaloka ba bohlale, re ithekela nako e loketseng . . . , ’me re lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.’ Sena se bontša hore hoa hlokahala hore re sebelise ka botlalo monyetla o mong le o mong bakeng sa ho etsa lintho tseo Jehova a reng ke tsa bohlokoa.
3 Jesu o ile a tšoantša mehla ea rōna le ea Noe. (Luka 17:26, 27) Batho ba mehleng eo ba ne ba tšoarehile mesebetsing ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, Noe o ile a fumana nako ea ho haha areka e khōlōhali le ea ho bolela. (Baheb. 11:7; 2 Pet. 2:5) O ile a e fumana joang? Ka ho etelletsa thato ea Molimo pele le ho mo mamela ka hore ‘a fele a etse lintho joalo.’—Gen. 6:22.
4 Ke’ng se Lokelang ho Tla Pele? Jesu o itse: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Mat. 4:4) Beke e ’ngoe le e ’ngoe re amohela “tekanyo . . . ea lijo [tsa moea] ka nako e tšoanetseng.” (Luka 12:42) Sena se hloka kemiso ea kamehla ea thuto ea botho le ho bala bakeng sa ho ba le kutloisiso e feletseng e le hore re ka rua molemo e le kannete. Kaha re ananela lijo tsa moea, ha re li nke e le lijo tse lokisoang ka potlako, tse lokelang ho jeoa ka potlako joalokaha motho a ka ja lijo tsa nama a potlakile. Ho e-na le hoo, kananelo e loketseng e re susumelletsa ho nka nako re ithuta le ho thabela lintho tsa moea.
5 Ho ja lijo tsa moea ho ka re isa bophelong bo sa feleng. (Joh. 17:3) E lokela ho ba ntho ea sehlooho kemisong ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Na re ka ba le nako ea ho bula monyetla oa ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho lokisetsa liboka tsa Bokreste? E, re ka ho etsa. Joale, re tla fumana “moputso o moholo” o tlisoang ke ho tseba thato ea Molimo le ho e etsa.—Pes. 19:7-11.