Ho Bokana Hammoho Bakeng sa ho Tlotlisa Jehova
1. Sehlooho sa kopano ke sefe, hona ke hobane’ng ha Jehova a tšoaneloa ke hore re mo rorise?
1 Jehova o matla ’ohle, o bohlale bo ke keng ba batlisisoa, toka ea hae e phethahetse ’me ke mothofatso oa lerato. Kahobane ke ’Mōpi, Monehi-bophelo le ’Musi oa Bokahohle, ke eena feela ea tšoaneloang ke hore re mo rapele. (Pes. 36:9; Tšen. 4:11; 15:3, 4) Kopano ea Machaba le ea Setereke ea “Tlotlisang Molimo” e tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho mo tlotlisa e le Molimo a le mong feela oa ’nete.—Pes. 86:8-10.
2, 3. Tokisetso e ntle e tla re nolofalletsa joang ho rua molemo o feletseng?
2 Ho Hlokahala Tokisetso e Ntle: E le hore re ka rua molemo ka ho feletseng moketeng oa moea oo Jehova a re lokiselitseng oona, ho hlokahala tokisetso e ntle. (Baef. 5:15, 16) Na u se u entse tokisetso ea marobalo, ea lipalangoang le ea ho ba sieo mosebetsing kapa sekolong? U se ke ua etsa lintho tsena tsa bohlokoa motsotsong oa ho qetela. Haeba u lieha ho kōpa nako ea ho ba sieo mosebetsing, u ka ’na ua fosoa ke karolo e itseng ea ketsahalo ena e thabisang. Kaofela ha rōna re lokela ho ba teng lenaneong le leng le le leng ho tloha ha kopano e qala. Ho thoe’ng haeba mohiri oa hao a tsilatsila ho u lokolla mosebetsing? Mohlomong ho mo hlalosetsa hore thupelo eo re e fumanang likopanong tsa rōna e re thusa hore re be basebetsi ba tšepahalang le ba mafolofolo ho ka etsa hore a u lokolle mosebetsing. Na phuthehong ea heno ho na le ba bang ba hlokang thuso e le hore ba ka ba teng kopanong? Baholo le ba bang ka har’a phutheho ba lokela ho hlokomela litlhoko tse khethehileng tsa ba hōlileng le ba kulang.
3 Ikemisetse ho fihla ka nako kopanong letsatsi ka leng. Seo se tla u nolofalletsa hore u be u lutse fatše pele ho binoa pina e qalang ’me ho u thuse ho ba le boikutlo ba kelello bo nepahetseng e le hore u ka amohela boitsebiso bo fanoang. Menyako e tla buloa ka 6:30 hoseng ha letsatsi le leng le le leng. Ka kōpo u se ke ua beha litulo bakeng sa batho bao e seng litho tsa lelapa la hao kapa bao u sa tsamaeeng le bona.
4. Ke hobane’ng ha ho kōpuoa hore bohle re itlele le lijo tsa motšehare kopanong?
4 Ho kōpuoa hore bohle ba itlele le lijo tsa motšehare kopanong ho e-na le ho ea li reka ka ntle nakong ea khefu ea motšehare. Ha le sebetsa tumellanong le tokisetso ena ho tla ba le khotso le nako e eketsehileng ea ho tloaelana le balumeli-’moho. (Pes. 133:1-3) Ka kōpo hopolang hore lijana tsa khalase le lino-tahi ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.
5. Re ka qala ho lokisa lipelo tsa rōna joang bakeng sa kopano?
5 Mamela ’me U Ithute: Ka tieo Esdrase o ile a lokisa pelo ea hae e le hore e amohele lentsoe la Molimo. (Esdr. 7:10) O ile a sekamisetsa pelo ea hae lithutong tsa Jehova. (Liprov. 2:2) Re ka qala ho lokisa lipelo tsa rōna bakeng sa kopano le pele re tloha lapeng ka ho thuisa ka sehlooho sa kopano le ho buisana ka sona le malapa a rōna.
6. Re ka thusoa ke eng ho tsepamisa mohopolo lenaneong? (Bona lebokose.)
6 Ka holong e khōlō, re ka sitisoa ke lintho tse ngata tseo re li bonang le tseo re li utloang. Litšitiso tse joalo li ka re sitisa ho mamela sebui ka hloko. Ha seo se etsahala, re lahleheloa ke boitsebiso ba bohlokoa. Litlhahiso tse fanoeng lebokoseng le sehloohong sena li ka re thusa ho ntlafatsa tsela eo re tsepamisang mohopolo ka eona.
7, 8. Re ka nahanela ba bang joang, hona linako tsa ho qalisa le ho phetha mananeo a kopano ke life? (Bona lebokose.)
7 Nahanela ba Bang: Lik’hamera le li-camcorder li ka ’na tsa sebelisoa nakong ea lenaneo, empa ho qoba ho sitisa ba bang, li sebelise u le moo u lutseng teng. Lifono tsa cellular le li-pager li lokela ho tingoa hore li se ke tsa sitisa ba bang. Ha ho motho ea lokelang ho hokella thepa ea hae tsamaisong ea kopano ea motlakase kapa ea molumo.
8 Ka sebele re lebeletse ho bokana hammoho bakeng sa ho rorisa Jehova! E se eka re ka ikemisetsa ho mo tlotlisa ka ho ba teng lenaneong le leng le le leng, ka ho mamela ka hloko le ka ho sebelisa seo re ithutang sona.—Deut. 31:12.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Ho Mamela Likopanong
▪ Nahanisisa ka lihlooho tsa lipuo
▪ Phetla mangolo
▪ Ngola lintlha tse khutšoanyane
▪ Qoolla lintlha tseo u tla li sebelisa
▪ Ikhopotse seo u ithutileng sona
[Lebokose le leqepheng la 4]
Linako Tsa Mananeo Kopano ea machaba:
Labone 1:20 thapama – 4:50 thapama
Labohlano 9:00 hoseng – 3:55 thapama
Moqebelo 9:00 hoseng – 3:40 thapama
Sontaha 9:00 hoseng – 3:45 thapama
Kopano ea setereke:
Labohlano le Moqebelo 9:00 hoseng – 4:10 thapama
Sontaha 9:00 hoseng – 3:15 thapama