“A re Phahamiseng Lebitso la Hae Hammoho”
1 Mopesaleme o ile a bina, a re: “Tlotlisang Jehova hammoho le ’na, a re phahamiseng lebitso la hae hammoho.” (Pes. 34:3) Kopano ea rōna ea Setereke ea “Tsamaeang le Molimo” e atamelang e tla re fa monyetla oa ho phahamisa lebitso la Jehova re e-na le bara le barali babo rōna ba tsoang liphuthehong tse ngata. Na u se u iketselitse litokisetso tsa marobalo, lipalangoang le ho ikōpa mosebetsing oa boipheliso? Re tla be re le bohlale haeba re ka etsa lintho tsena nako esale teng.—Liprov. 21:5.
2 Ho Fihla Sebakeng sa Kopano: Ho na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho li hlokomela ha re e-ea kopanong. Ho tloha nako esale teng ho tla re thusa haeba ho ka etsahala hore re liehisoe ke lintho tse sa lebelloang ’me ho tla re thusa hore re lule fatše ka nako e le hore re ka kopanela ka pelo eohle pineng le thapelong e qalang. (Pes. 69:30) Metsotso e seng mekae pele lenaneo le qala, molula-setulo o tla lula sethaleng ha ho ntse ho letsoa ’mino oa ’Muso oa selelekela. Kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše ka nako eo e le hore lenaneo le ka qala ka mokhoa o hlomphehang.—1 Bakor. 14:33, 40.
3 Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore ‘litaba tsohle tsa rōna li etsahale ka lerato.’ (1 Bakor. 16:14) Ha menyako e buloa, re tla nahanela ba bang ka hore re se ke ra matha, ra sututsa ba bang ka morero oa ho fihla pele ho bona litulong tseo re li ratang. U ka beha litulo feela bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloing kapa bao u lulang le bona lapeng.—1 Bakor. 13:5; Bafil. 2:4.
4 Ka kōpo itlele le lijo ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano u il’o reka lijo nakong ea khefu. Sena se tla fa bohle monyetla oa ho thabela botsoalle bo hahang le ho ba teng hang ha lenaneo la thapama le qala. Haeba ho hlokahala, ho ka sebelisoa cooler e nyenyane e ka khonang ho fella ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō tsa lijo li lokela ho behoa moo ho laetsoeng ke bahlokomeli. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.
5 E le ho u thusa ho etsa litokisetso ka kōpo hlokomela linako tsena tsa lenaneo: Labohlano le Moqebelo: 9:00 hoseng–4:10 thapama; Sontaha 9:00 hoseng–3:15 thapama.
6 Re Letetsoe ke Mokete oa Lijo Tsa Moea: Morena Josafate ke e mong ea ileng a “[lokisa] pelo ea [hae] hore e batle Molimo oa ’nete.” (2 Likron. 19:3) Re ka lokisa lipelo tsa rōna joang pele ho kopano? Lihlooho tse leqepheng la ho qetela la Tsoha! ea Senyesemane ea May 22 le ea June 8 li fana ka kakaretso ea mokete oa lijo tsa moea tse tla fanoa. Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho nahana ka lihlooho tseo, u hlaolele thahasello bakeng sa seo Jehova a re boloketseng sona? Ho lokisa lipelo tsa rōna ho boetse ho akarelletsa ho kōpa Jehova ho re thusa ho utloisisa thupelo eo re tla e fumana ’me re e sebelise.—Pes. 25:4, 5.
7 Kaofela re labalabela ho ithuta ho eketsehileng Lentsoeng la Molimo, kaha rea hlokomela hore ka lona re ka bolokeha. (1 Pet. 2:2) Kahoo, a re beng teng Kopanong ea Setereke ea “Tsamaeang le Molimo” ’me re ‘phahamiseng lebitso la Jehova hammoho.’—Pes. 34:3.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Re tla ba le monyetla ofe oa ho phahamisa lebitso la Molimo hammoho, ’me re ka etsa’ng hona joale ho itokisa?
2. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho lokisetsa ho fihla sebakeng sa kopano nako esale teng?
3. Re ka nahanela ba bang joang ha re batla litulo?
4, 5. (a) Litokisetso tsa khefu ke life, hona molemo oa tsona ke ofe? (b) Ke hobane’ng ha ho le molemo ho tseba linako tsa lenaneo?
6. Re ka lokisa lipelo tsa rōna joang bakeng sa thupelo eo re tla e fumana?
7. Re labalabela ho etsa eng, hona hobane’ng?
[Lebokose le leqepheng la 3]
Litsela Tsa ho Phahamisa Lebitso la Molimo
◼ Ho lokisetsa esale pele
◼ Bontša lerato ho ba bang
◼ Lokisa pelo ea hao