Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Apr. 15
“Lilemong tsa morao tjena batho ba bangata ba hlokometse hore litekanyetso tsa moea lia senyeha. Na u hlokometse see? [Emela karabo. Ebe u bala Pesaleme ea 119:105.] Litekanyetso tsa moea li ka thusa batho ho qoba likotsi tse ngata bophelong. Makasine ena e bontša hore na litekanyetso tsa moea li ka fumanoa hokae.”
Molula-Qhooa May 1
“Ho na le lipotso tse ling tseo batho ba ke keng ba khona ho li araba. Hlokomela mohlala ona. [Bala Jobo 21:7.] Na ho na le potso eo u kileng ua batla ho e botsa Molimo? [Emela karabo.] Makasine ena e hlalosa kamoo batho likarolong tsohle tsa lefatše ba fumaneng likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse tharo tsa bohlokoahali bophelong.”
Tsoha! May 8
“Bongata ba rōna re tseba motho ea itseng ea nang le lefu la tsoekere. Na u tseba lefu lee hantle? [Mo bontše leqephe le ka ntle la makasine, ebe u emela karabo.] Makasine ena e hlahloba lisosa tsa lefu la tsoekere le kamoo le ka phekoloang kateng. E boetse e tšohla tšepiso ea Bibele ea phekolo ea ka ho sa feleng ea mafu ’ohle.” Phetha ka ho bala Esaia 33:24.
Nehelano e ’ngoe: “Lefatšeng la kajeno le potlakileng, ba bangata baa ipotsa hore na bana ba hōla kapele haholo. Na ua ameha ka see? [Emela karabo. Ebe u bala Moeklesia 3:1, 4.] Nako ea bongoana ha ea lokela ho ba ea ho jara mathata a batho ba baholo. Tsoha! ena e tšohla kamoo batsoali ba ka sireletsang bana ba bona ha ba sa le banyenyane.”