Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/03 leq. 12
  • “Sebeletsang Jehova ka Thabo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Sebeletsang Jehova ka Thabo”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Eketsa Thabo ea Hao Boboleling
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Batho ba Thabileng—Ka Lebaka Lefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 10/03 leq. 12

“Sebeletsang Jehova ka Thabo”

1. Ke eng seo e ka bang mohloli oa thabo e khōlō ho bahlanka ba Jehova?

1 Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Kamehla thabang Moreneng. Ke tla boela ke re, Le thabe!” (Bafil. 4:4) Tokelo ea ho bolela litaba tse molemo le ho thusa batho ba kang linku ho rapela Jehova ke mohloli oa thabo e khōlō. (Luka 10:17; Lik. 15:3; 1 Bathes. 2:19) Leha ho le joalo, haeba ka linako tse ling re felloa ke thabo tšebeletsong ea rōna, re ka etsa joang?

2. Ho lula re hopola mohloli oa mosebetsi oa rōna ho tla tlatsetsa joang thabong ea rōna?

2 Mosebetsi o Laetsoeng ke Molimo: Hopolang hore mosebetsi oa rōna oa boboleli o tsoa ho Jehova. E, re na le tokelo e kaakang ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo” ha re phatlalatsa molaetsa oa ’Muso le ha re etsa barutuoa! (1 Bakor. 3:9) Kreste Jesu o na le rōna mosebetsing ona oo ho seng mohla o tla phetoa. (Mat. 28:18-20) Mangeloi le ’ona a kopanela ka mafolofolo ’me a sebetsa le rōna kotulong e khōlō ea moea e etsoang hona joale. (Lik. 8:26; Tšen. 14:6) Mangolo hammoho le liphihlelo tsa batho ba Molimo, li fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o tšehetsa mosebetsi ona. Ka lebaka leo, ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re tsoela pele “joaloka ba romiloeng ba tsoa ho Molimo, ponong ea Molimo, hammoho le Kreste.” (2 Bakor. 2:17) Ke lebaka le matla hakaakang la ho thaba!

3. Thapelo e phetha karolo efe tabeng ea ho lula re thabile tšebeletsong ea Molimo?

3 Thapelo ke ea bohlokoa hore re lule re thabile tšebeletsong ea Molimo. (Bagal. 5:22) Kaha re ka etsa mosebetsi oa Molimo ka matla a hae feela, re lokela ho mo kōpa ka tieo bakeng sa moea oa hae, oo a fanang ka oona ka seatla se bulehileng ho ba o kōpang. (Luka 11:13; 2 Bakor. 4:1, 7; Baef. 6:18-20) Ho rapella tšebeletso ea rōna ho tla re thusa ho lula re e-na le pono e nepahetseng ha re sa amoheloe hantle. Ho tla etsa hore re tsoele pele ho bolela ka sebete le ka thabo.—Lik. 4:29-31; 5:40-42; 13:50-52.

4. Ho lokisetsa hantle ho eketsa thabo ea rōna joang tšebeletsong, ’me tse ling tsa litsela tse molemo tsa ho lokisetsa ke life?

4 Lokisetsa Hantle: Tsela e molemo ea ho eketsa thabo ea rōna ha re kopanela tšebeletsong ke ho lokisetsa hantle. (1 Pet. 3:15) Ha ho hlokahale hore ho lokisetsa ho joalo ho nke nako e ngata. Ho nka metsotso e seng mekae feela ho hlahloba nehelano e fanoeng bakeng sa limakasine tsa morao-rao kapa e tšoanelang lingoliloeng tseo u rerang ho li tsamaisa. Bakeng sa kenyelletso e loketseng, u ka hlahloba buka ea Ho Bea Mabaka kapa litokollo tse fetileng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bahoeletsi ba bang ba ’Muso ba bona ho le molemo ho ngola nehelano e khutšoanyane pampitšaneng. Nako le nako, ba sheba pampitšana ena ho ikhopotsa lintlha. Sena se ba thusa hore ba se ke ba tšoha ’me se ba fa kholiseho ea ho bolela ka sebete.

5. Thabo e ruisa rōna le ba bang molemo joang?

5 Thabo e ruisa molemo ka litsela tse ngata. Thabo e etsa hore molaetsa oa rōna o ipiletse haholoanyane. Thabo e re fa matla a ho mamella. (Neh. 8:10; Baheb. 12:2) Ka holim’a tsohle, thabo ea rōna e tlotlisa Jehova. Ka lebaka leo, a re ‘sebeletseng Jehova ka thabo.’—Pes. 100:2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela