Tlhahlobo ea Kopano ea Potoloho
Boitsebiso bona bo tla sebelisoa e le selelekela le tlhahlobo ea lenaneo la kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso sa 2005. Sehlooho se reng “Tokisetso e Ncha ea ho Hlahloba Mananeo a Kopano,” se hlahang leqepheng la 4 la kenyelletso ena, se hlalosa tsela eo tlhahlobo ena e lokelang ho tšoaroa ka eona. Nakong ea tlhahlobo, arola nako hantle e le hore lipotso tsohle li ka botsoa. Tlhahlobo e lokela ho bontša kamoo re ka sebelisang boitsebiso bo fanoeng.
LENANEO LA HOSENG LETSATSING LA PELE
1. Ke eng se tla re thusa ho ba le bohlale ba bomolimo?
2. Ba potolohong ba entse boiteko bofe ho finyella batho ba bangata ka litaba tse molemo?
LENANEO LA THAPAMA LETSATSING LA PELE
3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba lule ba hloekile kelellong? See se hloka hore re etse eng?
4. Re ka bontša joang hore re na le khotso le barab’abo rōna?
5. Ho ba le kahlolo e molemo ke eng, ’me re ka ho bontša joang tseleng eo re sebelisang nako ea rōna ka eona?
6. Re ithuta eng mohlaleng oa Saule le Noe? Re ka bontša ka litsela life hore re “itokiselitse ho mamela”? (Jak. 3:17)
7. Bakreste ba ka itebela joang khahlanong le ho phela bophelo bo habeli?
8. Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang ka ho bua ka bohlale ba Molimo?
LENANEO LA HOSENG LETSATSING LA BOBELI
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba seli ha re khetha mesebetsi eo re e phehellang, ’me ke eng se tla re thusa ho etsa joalo?
10. Ba potolohong ba etsa boiteko bofe ba ho ba teng libokeng kamehla, ’me ba ruile molemo joang ka ho etsa joalo?
11. Lihlooho tsa malapa li ka haha malapa a tsona joang?
12. Ke litlhoko life tsa potoloho tseo re ileng ra tsebisoa ka tsona?
LENANEO LA THAPAMA LETSATSING LA BOBELI
13. Joalokaha ho boletsoe puong ea phatlalatsa, bohlale bo tsoang holimo bo ’nile ba hlahisa mesebetsi efe e lokileng?
14. Ke hobane’ng ha e le booatla ho itšepa kapa ho tšepa ba sa tataisoeng ke bohlale ba bomolimo? Re lokela ho itebela likarolong life?
15. Bohlale ba bomolimo bo re sireletsa marabeng afe?
16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re sebelise keletso e fanoeng lenaneong la kopano ea potoloho?