Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/04 leq. 6
  • Tlhahlobo ea Letsatsi la Kopano e Khethehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Letsatsi la Kopano e Khethehileng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhahlobo ea Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tokisetso e Ncha ea ho Hlahloba Mananeo a Kopano
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano e Khethehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tlhahlobo Ea Letsatsi La Kopano E Khethehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 8/04 leq. 6

Tlhahlobo ea Letsatsi la Kopano e Khethehileng

Boitsebiso bona bo tla sebelisoa e le selelekela le tlhahlobo ea lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng ea selemo sa tšebeletso sa 2005. Sehlooho se reng “Tokisetso e Ncha ea ho Hlahloba Mananeo a Kopano,” se hlahang leqepheng la 4 la kenyelletso ena, se hlalosa tsela eo tlhahlobo ena e lokelang ho tšoaroa ka eona. Nakong ea tlhahlobo, arola nako hantle e le hore lipotso tsohle li ka botsoa. Tlhahlobo e lokela ho bontša kamoo re ka sebelisang boitsebiso bo fanoeng.

LENANEO LA HOSENG

1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re mamele Jehova ho feta leha e le neng pele? Ho mamela ho bolela’ng? (“Lebaka la ho Mamela Lentsoe la Jehova”)

2. Ke joang malapa a ka lulang a e-na le lenaneo le molemo la lintho tsa moea? (“Malapa a Mamelang Lentsoe la Molimo Ntle ho Tšitiso”)

3. Ke joang ba potolohong ba sebelisitseng hamolemo menyetla ea ho paka ka mokhoa o sa reroang? (“Ho Etsa Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo”)

4. Re ka ithuta lithuto life mohlaleng o lemosang o fumanoang ho Baheberu khaolo ea 3 le 4? Jehova o bua le rōna joang kajeno? (“Ho Mamela ha Molimo a Bua Hoa re Sireletsa”)

5. U ruile molemo joang puong ea kolobetso? (“Boinehelo le Kolobetso”)

LENANEO LA THAPAMA

6. Ke eng seo re se hlokomelang ka Jesu ha e sa le mocha, ’me bacha ba potolohong ba etsisa mohlala oa hae joang? (“Kamoo ho Mamela Lentsoe la Molimo ka Hloko ho Matlafatsang Bacha ba Rōna”)

7. Batsoali ba ka qala ho koetlisetsa bana le bacha litseleng tsa Jehova joang? (“Bana ba Mamelang Molimo ’me ba Ithuta ho Hong”)

8. Ke likarolong life tse khethehileng tseo ho tsona ho hlokahalang hore re mamele Jehova, Mora oa hae, le “lekhoba le tšepahalang le le masene”? (Mat. 24:45) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re etse joalo? (“Ela Hloko Litaelo Tsa Molimo Kamehla”)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela