Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano e Khethehileng
Haeba re bona kapa re utloa pontšo e lemosang empa re sa etse letho, ho ka fella ka tlokotsi. Ke habohlokoa le ho feta hore re nke bohato ka tataiso ea moea eo Jehova a fanang ka eona. Sena se tla totobatsoa lenaneong la letsatsi la kopano e khethehileng ea selemo sa tšebeletso se tlang. Sehlooho sa eona se re “Le Ele Hloko Kamoo le Mamelang Kateng.”—Luka 8:18.
Puong ea sona ea pele, sebui sa moeti se tla tšohla kamoo keletso e likhaolong tse qalang tsa lengolo la Pauluse le bululetsoeng le eang ho Baheberu e sebetsang ho rōna kajeno. Puong ea sona e koalang, ea sehlooho se reng “Ela Hloko Litaelo Tsa Molimo Kamehla,” se tla thusa bohle ho inonya hore na kannete ba mamela Jehova, Mora oa hae, le “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Mat. 24:45.
Ho tla ba le lipuo tse ’maloa lenaneong tseo ka ho khetheha li tlang ho ruisa malapa molemo. Puo ea sehlooho se reng “Malapa a Mamelang Lentsoe la Molimo Ntle ho Tšitiso” e tla re thusa hore re se lumelle lintho tsa lefatše ho etsa hore re khoehlise moeeng. Ho tla buisanoa le ba entseng liphetoho e le hore ba ka etelletsa lintho tsa moea pele. Puong ea sehlooho se reng “Kamoo ho Mamela Lentsoe la Molimo ka Hloko ho Matlafatsang Bacha ba Rōna” ho tla buisanoa le bacha ba ileng ba emela ’nete sekolong, lithakeng tsa bona, kapa tšebeletsong. Puo e reng “Bana ba Mamelang Molimo ’me ba Ithuta ho Hong” e tla re thusa hore re se nyatse matla a bana a ho ithuta. Ha ho buisanoa le bana le batsoali ba bona, re tla thusoa ho bona molemo o bang teng ha bana ba koetlisoa ka litsela tsa Jehova ho tloha boseeng.
Ha Satane a ntse a ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,’ Jehova o bontša bahlanka ba hae ba tšepahalang tsela eo ba lokelang ho tsamaea ho eona. (Tšen. 12:9; Esa. 30:21) Ho mamela keletso ea hae ka hloko le ho e sebelisa bophelong ba rōna hoa re hlalefisa, ho re tlisetsa thabo, ’me ho lebisa bophelong bo sa feleng.—Liprov. 8:32-35.