Ena ke Nako ea ho Bolela!
1. Ke hobane’ng ha nako ee e le ea ho bolela?
1 “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise.” Mangeloi a tataisa mosebetsi oa hore molaetsa ona o phatlalatsoe “ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” Hobane’ng? “Hobane hora ea ho ahlola ha [Molimo] e fihlile.” Kajeno, re phela ‘horeng eo ea ho ahlola,’ e tla fihla sehlohlolong ha ho timetsoa tsamaiso ea hona joale ea lintho. Ke habohlokoa hore batho ba “rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.” Kajeno ha ho mosebetsi o mong o etsoang o ka bapisoang le mosebetsi oa bohlokoa le o potlakileng oa ho bolela “litaba tse molemo tse sa feleng.” E, ena ke nako ea ho bolela!—Tšen. 14:6, 7.
2. Bahlanka ba Jehova ba bontša joang hore baa hlokomela hore nako eo re phelang ho eona e potlakile?
2 Lilemong tse leshome tse fetileng, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba qeta lihora tse limilione tse likete tse 12 mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. Ba bangata ba entse liphetoho bophelong ba bona e le hore ba ka qeta nako e ngatanyana kotulong ea moea. (Mat. 9:37, 38) Ka mohlala, selemong se fetileng bahoeletsi ba fetang karolelano ea 850 000 e ne e le bo-pula-maliboho khoeli le khoeli. Sena se hloka hore bo-pula-maliboho ba kamehla ba qete karolelano ea lihora tse 70 mosebetsing oa boboleli khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ho lebeletsoe hore bo-pula-maliboho ba thusang ba etse lihora tse 50.
3. Hangata ho hlokahala hore bahoeletsi ba etse liphetoho life e le hore ba ka bula maliboho?
3 Se Hlokahalang Hore re Bule Maliboho: Kaha bo-pula-maliboho baa hlokomela hore “nako e setseng e fokotsehile,” ba leka ka matla ho phela bophelo bo itekanetseng. (1 Bakor. 7:29, 31) Ba batla litsela tsa ho fokotsa litšenyehelo e le hore ba ka qeta nako e nyenyane ba etsa mosebetsi oa boipheliso. Ka mohlala, ba bang ba falletse matlong a manyenyane. Ba bang ba tlohetse lintho tse bonahalang tseo e seng tsa bohlokoa tseo ba neng ba e-na le tsona. (Mat. 6:19-21) Hangata, ho hlokahala le hore ba fokotse lintho tseo ba li hahamallang. Ba etsa sena sohle ka sepheo sa hore ba qete nako e ngatanyana ba le tšebeletsong. (Baef. 5:15, 16) Ka phehello, moea oa boitelo le ho itšetleha ka Jehova ka ho mo rapela, bahoeletsi ba bangata ba khonne ho ba le kemiso e sebetsang e ba nolofalletsang ho bula maliboho.
4. Ke mehato efe e sebetsang e ka u thusang ho sebeletsa hore u finyelle pakane ea ho bula maliboho?
4 Na u ka bula maliboho? Ke hobane’ng ha u sa botse bo-pula-maliboho ba phomellang hore na ba khona joang? Sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo ’me u latsoe thabo ea bona. Bala lihlooho tse hlahileng ka har’a lingoliloeng tsa rōna tse buang ka bopula-maliboho. Ipehele lipakane tseo u ka li finyellang le tse ka u hlomellang hore u bule maliboho. Haeba hona joale ho na le lintho tse u sitisang ho bula maliboho, li bolelle Jehova ka thapelo, ’me u kōpe hore a u thuse ho li hlōla.—Liprov. 16:3.
5. Bopula-maliboho bo re thusa joang ho ntlafatsa tsebo ea rōna tšebeletsong?
5 Melemo le Thabo: Bopula-maliboho bo chorisa tsebo ea rōna ea ho sebelisa Lentsoe la Molimo, ’me sena se tlisa thabo e eketsehileng. Morali e mong oabo rōna e mocha lilemong oa pula-maliboho o itse: “Ho khona ho tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo ke tlhohonolofatso ea sebele. Ha u bula maliboho, u sebelisa Bibele haholo. Joale ha ke e-ea ka ntlo le ntlo ke khona ho nahana ka mangolo a loketseng mong’a ntlo ka mong.”—2 Tim. 2:15.
6. Bopula-maliboho bo fana ka koetliso efe?
6 Bopula-maliboho bo boetse bo re ruta mahlale a mangata a bohlokoa a ka ntlafatsang bophelo ba rōna. Bo ka thusa bacha hore ba ithute ho hlophisa nako ka bohlale, ho baballa chelete le ho sebelisana hantle le batho. Bopula-maliboho bo thusa ba bangata ho talima bophelo ka tsela ea moea haholoanyane. (Baef. 4:13) Ho feta moo, hangata bo-pula-maliboho ba ba le monyetla oa ho bona kamoo Jehova a ba thusang kateng.—Lik. 11:21; Bafil. 4:11-13.
7. Bopula-maliboho bo re thusa joang ho atamela ho Jehova?
7 Mohlomong o mong oa melemo e meholo ka ho fetisisa ea bopula-maliboho ke hore bo re thusa ho atamela ho Jehova. Sena se ka re matlafatsa ha re le litekong. Morali e mong oabo rōna ea ileng a mamella bothata bo boholo o ile a re: “Kamano e haufi eo ke nang le eona le Jehova ka lebaka la ho bula maliboho e ile ea nthusa ho mamella mathata ’ohle.” A phaella ka ho re: “Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka qeta bophelo ba ka ke sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Sena se ’nolofalelitse ho itela ka litsela tse ngata tseo ke neng ke sa nahane hore nka li khona.” (Lik. 20:35) E se eka le rōna ka ho tšoanang re ka latsoa melemo e enneng ha re ntse re ikitlaetsa mosebetsing ona oa bohlokoahali oa boboleli.—Liprov. 10:22.