Moea oa Boithaopo o Tlisa Mahlohonolo
1. Davida le Nehemia ba ile ba bontša moea oa boithaopo joang?
1 Ha Goliathe a ne a nyelisa makhotla a Iseraele, lesole lefe kapa lefe le ka be le ile la ithaopela ho mo loantša. Empa ke molisana ea sa koetlisetsoang ntoa ea ileng a ithaopa. (1 Sam. 17:32) Ha Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba khutlela Jerusalema empa ba hlōleha ho tsosa marako a eona, ke moqhatsetsi oa morena oa Persia ea ileng a ithaopela ho tlohela boemo ba hae bo hlomphehang ka tlung ea borena ’me a ea Jerusalema ho ea hlophisa mosebetsi. (Neh. 2:5) Jehova o ile a hlohonolofatsa banna bana ka bobeli, e leng Davida le Nehemia, ka lebaka la moea oo ba ileng ba o bontša.—1 Sam. 17:45, 50; Neh. 6:15, 16.
2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho bontša moea oa boithaopo?
2 Kajeno, moea oa boithaopo oa haella lefatšeng. ‘Matsatsing ana a ho qetela,’ batho ba phathahane haholo bophelong, ’me ba bangata ke “baithati.” (2 Tim. 3:1, 2) Ho bonolo hore motho a amehe haholo ka lintho tseo a li thahasellang ebe o hlokomoloha menyetla ea ho ithaopela ho thusa ba bang ha ho hlokahala. Leha ho le joalo, re le Bakreste, re lakatsa ho etsisa Jesu, ea ileng a ithaopela ho thusa ba bang. (Joh. 5:5-9; 13:12-15; 1 Pet. 2:21) Re ka bontša moea oa boithaopo joang, hona re tla fumana mahlohonolo afe?
3. Moea oa boithaopo o tlatsetsa joang libokeng tsa phutheho?
3 Ho Thusa Barab’abo Rōna: Re ka fa ba bang ‘mpho ea moea’ ka ho ithaopela ho araba lipuong tseo bamameli ba kopanelang ho tsona. (Bar. 1:11) Ho fana ka likarabo ho tlotla Jehova, ho etsa hore ’nete e tebe haholoanyane likelellong le lipelong tsa rōna, ’me ho etsa hore re thabele liboka haholoanyane. (Pes. 26:12) Hape re ka ithaopela ho fana ka puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ha ho hlokahala moithaopi. Sena se tla re thusa ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta.
4. Re ka bontša ka litsela life tse ling hore re na le moea oa boithaopo?
4 Barab’abo rōna ba ka bontša moea oa boithaopo ka ho hahamalla ho phetha boikarabelo ka phuthehong. (Esa. 32:2; 1 Tim. 3:1) Bohle ba ka thusa ho etsa hore likopano tse khōlō le tse nyenyane li atlehe ka hore ba ithaopele ho sebetsa mafapheng a sa tšoaneng. Ha re ithaopela ho sebetsa le molebeli ea tsamaeang tšebeletsong kapa ho mo lokisetsa lijo, phello e ba “ho khothatsana.” (Bar. 1:12) Ha re ithaopela ho thusa likhutsana, bahlolohali, ba kulang le ba fokolang, bo-’mè ba nang le bana ba banyenyane le ba bang ka phuthehong, rea thaba ebile Jehova oa re amohela.—Liprov. 19:17; Lik. 20:35.
5. Ke lintho life tse amanang le Liholo Tsa ’Muso tse hlokang baithaopi ba ikemiselitseng?
5 Tsela e ’ngoe eo re ka nehelanang ka nako ea rōna ka eona ke ka ho thusa ho hloekisa le ho lokisa Holo ea ’Muso. Ho phaella moo, kaha batho ba bangata ba kena ’neteng, ho na le tlhokahalo e ntseng e eketseha ea Liholo Tsa ’Muso le ea baithaopi ba ka li hahang. Banyalani ba bang ba ile ba ithaopela ho thusa Komiti ea Kaho ea Libaka ea sebakeng sa habo bona le hoja ba ne ba sa tsebe mosebetsi oa ho haha. Ha nako e ntse e feta, banyalani bana ba ile ba koetlisoa ’me hona joale ba thusa mosebetsing oa ho beha setene. Mosali o itse: “Ho sebetsa ’moho le ba bang ho entse hore re be le metsoalle e haufi-ufi. Ha letsatsi le likela, re khathetse empa re khatholohile moeeng.”
6. Ke hobane’ng ha tšebeletso ea tšimo e le mosebetsi oa bohlokoahali oo re ka ithaopelang oona?
6 Ka ho Bolela: Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re ka ithaopelang ho o etsa kajeno ke oa ho bolela ka ’Muso. Ha batho ba ntse ba thusoa ho utloisisa le ho sebelisa keletso ea Bibele, ba ba le morero bophelong le matla a ho hlōla mekhoa e kotsi. Ba ithuta ka tšepo e hlasimollang ea bokamoso e fanoang ke Bibele. Ha re ruta batho Bibele, re ithaopela ho etsa mosebetsi o nang le melemo ea ka ho sa feleng. (Joh. 17:3; 1 Tim. 4:16) Mohlomong maemo a rōna a ka re lumella ho kopanela haholoanyane mosebetsing ona ka ho nka bopula-maliboho bo thusang kapa ba kamehla, ka ho fallela moo tlhokahalo e leng khōloanyane kapa ka ho ithuta puo e ’ngoe.
7. Ke hobane’ng ha ho ithaopa e le habohlokoa ka ho khetheha kajeno?
7 Morena Davida o ile a profeta hore ha Mesia a qala ho busa, batho ba Molimo ba ne ba tla “itlhahisa ka ho rata.” (Pes. 110:3, NW, ftn.) Kaha Jehova o potlakisa kotulo ea ho qetela ea moea, ho na le mosebetsi o mongata oo re ka ithaopelang oona. (Esa. 60:22) Na u itse: “Ke ’na enoa! Roma ’na”? (Esa. 6:8) Ka sebele, ha re bontša moea oa boithaopo, re thabisa Jehova ’me re kotula meputso e enneng.