Latela Mohlala oa Jesu
1. Jesu o ile a beha mohlala ofe?
1 Ha re etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa, re lokela ho hopola hore mohlala oa rōna o ka susumetsa ba re shebeletseng haholo. Jesu o ne a ruta ka lipolelo le ka liketso. Ba neng ba mo shebella ba ne ba ka bona cheseho ea hae, lerato la hae bathong, takatso ea hae e tsepameng ho halaletseng lebitso la Ntate oa hae le boikemisetso ba hae ba ho phetha thato ea Ntate oa hae.—1 Pet. 2:21.
2. Ke ka litsela life mohlala oa rōna o ka amang ba sebetsang le rōna tšebeletsong?
2 Ha re le Tšebeletsong ka Ntlo le Ntlo: Joaloka Jesu, mohlala oa rōna o susumetsa ba sebetsang le rōna. Bahoeletsi ba bacha le ba se nang boiphihlelo ba re bonang re chesehela tšebeletso, ba tla nahana ka boleng ba tsela eo ba kopanelang ka eona mosebetsing oa boboleli. Ha ba bona hore re thabile le hore re thahasella batho ba bang e le kannete, ba tla hopola bohlokoa ba ho bontša litšobotsi tseo tšebeletsong. Ha ba bona hore re khothaletse ho sebelisa Mangolo, ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele, ba tla susumelletseha hore ba re etsise.
3. Mohlala oa rōna o ka ruta liithuti tsa Bibele joang, hona li ka ithuta eng?
3 Ha re Khanna Lithuto Tsa Bibele: Lithuto tsa rōna tsa Bibele li tla hle li shebe boitšoaro ba rōna. Ka mohlala, le ha re ka li hlalosetsa bohlokoa ba ho lokisetsa thuto, ho bala mangolo, le ho tšoaea lintlha tsa sehlooho, li tla bona ha re sa lokisetsa. (Bar. 2:21) Ha re boloka nako eo re lumellaneng ka eona ea thuto, li ke ke tsa lumella mesebetsi e meng hore e kena-kenane le thuto ea tsona ea Bibele. Ntle ho pelaelo li tla hlokomela le boitelo ba rōna tšebeletsong hammoho le tumelo ea rōna e tiileng. Ha ho makatse ha hangata liithuti tsa batho ba tsamaeang haufi-ufi mohlaleng oa Jesu e e-ba baboleli ba evangeli ba chesehang le ba behang litholoana.
4. Ha re le libokeng tsa phutheho, mohlala oa rōna o ruta eng?
4 Ha re le Libokeng Tsa Phutheho: Litho tsohle tsa phutheho ea Bokreste li na le karolo eo li ka e etsang ea ho ruta ka mohlala oa tsona libokeng tsa phutheho. Batho ba thahasellang ba qalang ho tla libokeng ba rua molemo ka mohlala o motle oo ba o bonang phuthehong. Ba tla hlokomela mofuthu oa mokhatlo oa bara ba motho, bonngoe ba Bokreste, moaparo o hlomphehang le boitlhopho. (Pes. 133:1) Hape ba tla hlokomela mohlala oa rōna oa ho ba teng ka botšepehi libokeng tsa phutheho le hore re bolela tumelo ea rōna phatlalatsa ha re le libokeng. Moeti e mong ea neng a tlile libokeng tsa rōna o ile a hlokomela kamoo ngoananyana e mong a neng a fumana litemana kapele kateng Bibeleng ea hae le kamoo a neng a latela ka hloko ha li baloa. Mohlala oa hae o ile oa susumetsa moeti enoa hore a kōpe thuto ea Bibele.
5. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho halala molemo oa mohlala oa rōna?
5 Mangolo a re khothalletsa hore re etsisane mehlaleng e metle. (Bafil. 3:17; Baheb. 13:7) Kahoo, re lokela ho hopola hore haeba re latela mohlala oa Jesu haufi, ba bang ba tla bona ’me ho ka ba susumetsa ka tsela e ntle. Ha re hlokomela sena, a re nkeng ka botebo mantsoe a 1 Timothea 4:16, a reng: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.”