Re Bolella ba Bang ka Tšepo ea Rōna ea ’Muso
1 Matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko, batho ba bangata lefatšeng ha ba na tšepo. (Baef. 2:12) Ba bang ka booatla ba tšepile maruo, babusi ba batho, saense ea kajeno le lintho tse ling tse joalo. Re thaba hakaakang hore ebe re na le tšepo ea sebele ka bokamoso, tšepo eo e leng ‘ankora bakeng sa moea, eo e leng ea ’nete le e tiileng’!—Baheb. 6:19.
2 Tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, lefatše le tla fetoloa paradeise. Baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla tsosoa. (Lik. 24:15) Bofutsana, leeme, ho kula, botsofali le lefu li ke ke tsa hlola li e-ba teng. (Pes. 9:18; Mat. 12:20, 21; Tšen. 21:3, 4) Tsena ke tse ling tsa litšepiso tsa Jehova tse tla phethahala haufinyane. Ke karolo efe ea tšepo ea rōna eo ka ho khetheha u lebeletseng ho e bona e etsahala?
3 Bolela Litaba Tse Molemo: Ha rea lokela ho lula ka tšepo ea ’Muso eo re nang le eona re sa e bolelle ba bang. Ho rata Molimo le moahelani ho re susumelletsa ho etsisa Jesu le ho ‘bolella mafutsana litaba tse molemo, . . . ho bolella baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile.’ (Luka 4:18) Moapostola Pauluse o ile a bolela litaba tse molemo ’marakeng le kae kapa kae moo batho ba neng ba fumanoa teng. O ne a tšoarehile ka matla haholo ka tšebeletso. (Lik. 18:5) Ho etsisa mohlala oa hae oa ho kopanela ka mafolofolo tšebeletsong ho tla etsa hore “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” a se ke a fifatsa tšepo ea rōna ea Bokreste.—Mar. 4:19.
4 Tšepo ea rōna ea ’Muso ha e fifale ha re kopana le batho ba se nang thahasello, ba sa natseng molaetsa oa ’Muso, kapa ba re hanyetsang pepenene. Re ‘tšoere ka tieo boipolelo ba phatlalatsa ba tšepo ea rōna re sa thekesele.’ (Baheb. 10:23) Ha re “lihlong ka litaba tse molemo.” (Bar. 1:16) Mohlomong ho kholiseha ha rōna ho totobetseng le ho mamella ha rōna, qetellong ho tla susumelletsa ba bang ho mamela.
5 Le hoja ho loketse hore re bue ka maemo a ntseng a mpefala a lefatše a phethahatsang boprofeta ba Bibele, ha re baboleli ba buang feela ka molaetsa oa tlokotsi. Ho e-na le hoo, tšebeletsong ea rōna re bua haholo-holo ka tšepo ea rōna ea ’Muso—e leng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. E se eka re ka bolela litaba tsena tse molemo re e-na le tumelo e matla le cheseho “e le hore [re] be le kholiseho e feletseng ea tšepo ho fihlela bofelong.”—Baheb. 6:11.