Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?
Tabeng ea eng? Ho tlatsa karete ea DPA (durable power of attorney) e lokiselitsoeng Lipaki tse kolobelitsoeng. Kaha ‘ha u tsebe hore na bophelo ba hao bo tla ba joang hosasane,’ ho potlakile hore u etse qeto esale pele ’me u ngole hore na u tla amohela phekolo efe boemong ba tšohanyetso. (Jak. 4:14; Lik. 15:28, 29) E le ho u thusa, ho lokiselitsoe video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights. E shebelle, ebe ka mor’a ho etsa thapelo u hlahloba seo u ithutileng sona ka thuso ea lipotso tse tlaase mona.—Hlokomela: Kaha videong ena ho na le moo e bontšang ka bokhutšoanyane ha batho ba buuoa, batsoali ba lokela ho sebelisa temoho ha ba shebella video ena le bana ba banyenyane.
(1) Ke hobane’ng ha basebeletsi ba bang ba lefapha la bophelo ba se ba belaella ho tšela mali? (2) Fana ka mehlala e meraro ea liopereishene tse rarahaneng tse entsoeng ho sa tšeloe mali. (3) Ke lingaka tse kae tse phekolang mafu a tloaelehileng le tse buoang batho lefatšeng lohle tse bontšitseng hore li ikemiselitse ho phekola bakuli li sa ba tšele mali? Ke hobane’ng ha li ikemiselitse ho etsa joalo? (4) Morao-rao tjee liphuputso tse entsoeng lipetlele li senotse eng ka ho sebelisa mali? (5) Ke likotsi life tse ka bakoang ke ho tšela mali? (6) Litsebi tse ngata li fihletse qeto efe ka melemo ea ho phekoloa ka mekhoa e meng ho fapana le ho tšela mali? (7) Ke eng e bakang khaello ea mali? ’Mele o ka tsoela pele ho sebetsa ho ea bohōleng bofe esita le ha motho a haelloa ke mali? Ho ka etsoa’ng ho thusa mokuli ea haelloang ke mali? (8) Ho ka etsoa’ng hore ’mele oa mokuli o hlahise lisele tse khubelu ka bongata? (9) Ho sebelisoa mekhoa efe e le hore mokuli a se ke a lahleheloa ke mali a mangata ha a buuoa? (10) Na mekhoa e meng ea ho phekola mokuli a sa tšeloe mali ea atleha baneng ba banyenyane kapa ho batho bao bophelo ba bona bo leng kotsing? (11) O mong oa melao-motheo e ka sehloohong ea ho fana ka phekolo e molemo ke ofe? (12) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba khethe esale pele hore na ba batla ho phekoloa ka tsela efe ba sa tšeloe mali? Re ka etsa see joang?
Hore na motho o tla amohela mekhoa e meng ea phekolo e bontšitsoeng videong ena kapa che ke taba eo a lokelang ho iketsetsa qeto ho eona ho latela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele. Na u se u entse qeto ea hore na ke mekhoa efe ea ho phekoloa u sa tšeloe mali eo uena le bana ba hao le tla e amohela? Bakeng sa lintlha tse feletseng bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa June 15, 2004, le oa October 15, 2000, le kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2007 eo sehlooho sa eona se reng “Pono ea ka ke Efe ka Likaroloana Tsa Mali le Mekhoa ea Bongaka eo ho Eona ho Sebelisoang Mali a Ka?” Batho bao u ba khethileng hore ba u buelle le litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki ba lokela ho fuoa boitsebiso bo feletseng mabapi le liqeto tsa hao.