Video e Totobatsang Phetoho ea Bohlokoa Mokhoeng oa Phekolo
Litsebi tsa molao le tsa lefapha la bophelo bo botle li ela litokelo tsa bakuli hloko haholoanyane esita le lintho tseo ba li amohelang le tseo ba ke keng ba li amohela. Sena se entse hore ho be le mekhoa e mecha ea ho phekola e ka ruisang Lipaki Tsa Jehova molemo. (Lik. 15:28, 29) Video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights e tšohla taba ena. E shebelle ebe joale u ikhopotsa seo u ithutileng sona.—Tlhokomeliso: Video ena e na le liketsahalo tse khutšoanyane tsa ho buuoa, kahoo batsoali ba lokela ho ba hlokolosi ha ba shebella video ena le bana ba banyenyane.
(1) Ke hobane’ng ha basebeletsi ba bang ba lefapha la bophelo ba se ba belaella ho tšela mali? (2) Fana ka mehlala e meraro ea liopereishene tse rarahaneng tse ka etsoang ho sa tšeloe mali. (3) Ke lingaka tse kae tse phekolang mafu a tloaelehileng le tse buoang batho lefatšeng lohle tse bontšitseng hore li ikemiselitse ho phekola bakuli li sa ba tšele mali? Ke hobane’ng ha li ikemiselitse ho etsa joalo? (4) Morao-rao tjee liphuputso tse entsoeng lipetlele li senotse eng ka ho sebelisa mali? (5) Ke likotsi life tse ka bakoang ke ho tšela mali? (6) Litsebi tse ngata li fihletse qeto efe ka melemo ea ho phekoloa ka mekhoa e meng ho fapana le ho tšela mali? (7) Ke eng e bakang khaello ea mali? ’Mele o ka tsoela pele ho sebetsa ho ea bohōleng bofe esita le ha motho a haelloa ke mali? Ho ka etsoa’ng ho thiba khaello eo? (8) Ho ka etsoa’ng hore ’mele oa mokuli o hlahise lisele tse khubelu ka bongata? (9) Ho sebelisoa mekhoa efe e le hore mokuli a se ke a lahleheloa ke mali a mangata ha a buuoa? (10) Na mekhoa e meng ea ho phekola mokuli a sa tšeloe mali ea atleha baneng ba banyenyane kapa ho batho ba maemong a tšohanyetso ba kulelang lefu? (11) O mong oa melao-motheo e ka sehloohong ea ho fana ka phekolo e molemo ke ofe? (12) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba khethe esale pele hore na ba batla ho phekoloa ka tsela efe ba sa tšeloe mali? Re ka etsa see joang?
Hore na motho o tla amohela mekhoa e meng ea phekolo e bontšitsoeng videong eo kapa che ke taba eo a lokelang ho iketsetsa qeto ho eona ho latela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele. Na u se u entse qeto ea hore na ke mekhoa efe ea ho phekoloa u sa tšeloe mali eo uena le bana ba hao le tla e amohela? Litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki le tsona li lokela ho tsebisoa ka botlalo liqeto tseo u li entseng le mabaka ao u li entseng ka ’ona.—Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa June 15, 2004 le oa October 15, 2000.