Video e Totobatsang Phetoho ea Bohlokoa Phekolong ea Meriana
Litsebi tsa molao le tsa tlhokomelo ea bophelo li ntse li lebisa tlhokomelo e eketsehileng melao-motheong e amohelehang le litokelong tsa bakuli. Sena se khothallelitse hore ho fumanoe liphekolo le mekhoa e mecha eo Lipaki Tsa Jehova li ka ruang molemo ho eona. (Lik. 15:28, 29) Video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights e lebisa tlhokomelo tabeng eo. E shebelle, ebe u hlahloba seo u ithutileng sona.—Hlokomela: Kaha ho na le moo video ena e bontšang ha batho ba buuoa, batsoali ba lokela ho sebelisa kahlolo e molemo ha ba shebella video ena le bana.
(1) Ke hobane’ng ha basebeletsi ba phekolo ea meriana ba hlahloba bocha tšebeliso ea tšelo ea mali? (2) Fana ka mehlala e meraro ea tšebetso e rarahaneng ea ho buoa kantle ho tšelo ea mali. (3) Ke lingaka tse kae lefatšeng ka bophara tse bontšitseng hore li ikemiselitse ho phekola bakuli li sa ba tšele mali? Ke hobane’ng ha li ikemiselitse ho etsa seo? (4) Liphuputso tsa morao tjee lipetlele li senotse eng ka ho sebelisoa ha mali? (5) Litšelo tsa mali li na le likotsi life? (6) Litsebi tse ngata li fihletse qeto efe ka melemo ea ho sebelisa litsela tse ling tse sa hlokeng hore motho a tšeloe mali? (7) Khaello ea mali e bakoa ke’ng? Batho ba ka phela ho isa bohōleng bofe ka khaello ea mali? Ho ka etsoa’ng haeba motho a e-na le eona? (8) Ho ka etsoa’ng ho thusa ’mele oa mokuli hore o hlahise lisele tse khubelu? (9) Ho sebelisoa mekhoa efe ho fokotsa tahlehelo ea mali ha motho a buuoa? (10) Na ho ka sebelisoa mekhoa e meng ea phekolo e sa amaneng le mali ho bana ba banyenyane le maemong a tšohanyetso a sokelang bophelo? (11) O mong oa melao-motheo e ka sehloohong phekolong e amohelehang ea meriana ke ofe? (12) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba khethe esale pele phekolo e sa hlokeng hore ba tšeloe mali? Re ka etsa see joang?
Ho amohela liphekolo tse ling tse bontšitsoeng videong ena ke taba eo motho a lokelang ho iketsetsa qeto ho eona tumellanong le letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele. Na u se u entse qeto ea hore ke mefuta efe ea phekolo e sa hlokeng hore motho a tšeloe mali eo u ikemiselitseng ho e amohela bakeng sa hao le bana ba hao? Litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki le tsona li lokela ho tseba liqeto tsa hao ka botlalo le mabaka a tsona.—Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tokollong ea Molula-Qhooa ea June 15 le ea October 15, 2000.